“Seoa se Bolaeang ka ho Fetisisa Historing ea Batho”
KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA
“Ha ho ntoa lefatšeng e bolaeang joaloka seoa sa AIDS.”—U.S. SECRETARY OF STATE, COLIN POWELL.
TLALEHO ea pele ea molao e buang ka AIDS (acquired immunodeficiency syndrome) e ile ea etsoa ka June 1981. Peter Piot, mookameli ea ka sehloohong oa Lenaneo le Kopanetsoeng la Machaba a Kopaneng le mabapi le HIV/AIDS (UNAIDS) o re: “Ho rōna ba neng ba sebetsana le Aids mehleng eo, ha ho ea neng a nahana hore e tla ba seoa se seholo hakana.” Ka lilemo tsena tse 20, e fetohile seoa se seholohali ho feta leha e le sefe se kileng sa e-ba teng, ’me ho bonahala e tla ’ne e ate ho ea pele.
Ho hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse 36 ba na le tšoaetso ea HIV (human immunodeficiency virus), ’me ba bang ba limilione tse 22 ba se ba bolailoe ke AIDS.a Selemong sa 2000, lefatšeng ka bophara batho ba limilione tse tharo ba bolailoe ke AIDS, e leng lenane le phahameng ka ho fetisisa ka selemo haesale seoa sena se qala. Sena se etsahala leha ho sebelisoa meriana e thibelang vaerase ena, haholo-holo linaheng tse ruileng.
AIDS e Futuhela Afrika
Khubu ea seoa sena ke linaha tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara, tseo ho hakanngoang hore li na le batho ba limilione tse 25,3 ba tšoaelitsoeng. Sebakeng sena feela, ka 2000 ho shoele batho ba limilione tse 2,4 ka lebaka la AIDS, e leng karolo ea 80 lekholong ea ba bolaoang ke eona lefatšeng ka bophara. Sebakeng sena, AIDS ke sesosa se ka sehloohong sa lefu.b
Afrika Boroa e na le palo e phahameng ka ho fetisisa ho feta naha leha e le efe lefatšeng ea batho ba tšoaelitsoeng, batho ba hakanyetsoang ho ba limilione tse 4,7. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ho hlaha bana ba 5 000 ba nang le tšoaetso ea HIV. Puong ea hae Sebokeng sa Machaba sa bo13 sa AIDS, se neng se tšoaretsoe Durban ka July 2000, mopresidente oa mehleng oa Afrika Boroa, Nelson Mandela, o itse: “Re ile ra haroha matsoalo ha re utloa hore mona Afrika Boroa feela, mocha a le mong ho ba babeli, ke hore halofo ea bacha ba rōna, o tla bolaoa ke AIDS. Se tšosang le ho feta ke hore tšoaetso ena eo lipalo-palo li buang ka eona, hammoho le tsela eo e sotlang batho ka eona . . . e ka be e qobiloe ebile e ntse e ka qojoa.”
Ho Ata ha Lebuba la AIDS Linaheng Tse Ling
Lenane la ba tšoaetsoang le boetse le eketseha ka potlako Europe Bochabela, Asia le Caribbean. Qetellong ea 1999, palo ea ba tšoaelitsoeng Europe Bochabela e ne e le 420 000. Qetellong ea 2000, ho hakanyelitsoe hore bonyane palo eo e eketsehile ho fihlela ho 700 000.
Phuputso e entsoeng metseng e tšeletseng e meholo ea Amerika e senotse hore karolo ea 12,3 lekholong ea banna ba sa leng bacha ba basodoma ba na le tšoaetso ea HIV. Leha ho le joalo, ke karolo ea 29 lekholong feela e neng e tseba hore e na le tšoaetso ea HIV. Setsebi se sebetsanang le maloetse sechabeng, se neng se eteletse phuputso eo pele se itse: “Re ile ra nyahama haholo ha re fumana hore ke banna ba fokolang haholo ba tsebang hore ba na le tšoaetso ea HIV. Sena se bolela hore batho ba sa tsoa tšoaetsoa ba jala vaerase ena ba sa tsebe.”
Sebokeng se seng sa litsebi tsa AIDS Switzerland ka May 2001, lefu lena le ile la phatlalatsoa e le “seoa se bolaeang ka ho fetisisa historing ea batho.” Joalokaha ho boletsoe, lebuba lena la AIDS le haketse haholo linaheng tsa Afrika tse ka boroa ho Sahara. Sehlooho se latelang se tšohla lebaka la sena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipalo tse sebelisitsoeng mona ke khakanyo e phatlalalitsoeng ke UNAIDS.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Se tšosang le ho feta ke hore tšoaetso ena . . . le tsela eo e sotlang batho ka eona . . . e ka be e qobiloe ebile e ntse e ka qojoa.”—NELSON MANDELA
[Setšoantšo se leqepheng la 2, 3]
Batho ba bangata ba nang le tšoaetso ea HIV ha ba tsebe
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
UN/DPI Photo 198594C/Greg Kinch