Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 12/8 maq. 24-25
  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Keresemese ea Thibeloa
  • Tšimoloho ea Keresemese
  • “Thetso ea Lefeela”
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lebaka Leo ka Lona Keresemese e sa Lokelang Bakreste
    Tsoha!—1991
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 12/8 maq. 24-25

Pono ea Bibele

Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese

BATHO ba limilione lefatšeng ka bophara ba se ba ntse ba itokisetsa ho thabela nako ea Keresemese ea 2002. Mohlomong u har’a bona. Ka lehlakoreng le leng, e ka ’na eaba ha ua tloaela ho kopanela litšobotsing tsa bolumeli tsa mokete ona o ratoang. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, mohlomong u ke ke ua khona ho phema tšusumetso ea Keresemese. E tletse hohle khoebong le boithabisong, esita le linaheng tseo e seng tsa Bokreste.

Ke eng seo u se tsebang ka Keresemese? Na mokete oa tsoalo ea Kreste o tšehetsoa ke Bibele? Tšimoloho ea mokete oo o ratoang o tšoaroang kamehla ka la 25 December ke efe?

Keresemese ea Thibeloa

Ha u ka batlisisa taba ena ka nakoana, u tla fumana hore Keresemese ha e simolohe Bokresteng ba ’nete. Litsebi tse ngata tsa Bibele tse leng malumeling a fapa-fapaneng li lumela taba eo. U hopotse seo, ha hoa lokela ho u makatsa hore ebe ka 1647, Paramente ea Cromwell, Engelane, e ile ea laela hore Keresemese e lokela ho ba letsatsi la pontšo ea pako ’me ka 1652 ea e thibela ka ho feletseng. Paramente e ne e kopana ka morero selemo le selemo ka la 25 December ho tloha ka 1644 ho fihlela ka 1656. Ho latela setsebi sa histori Penne L. Restad, “basebeletsi ba neng ba ruta ka tsoalo ea Kreste ba ne ba ipeha kotsing ea ho hlahleloa chankaneng. Bahlokomeli ba kereke ea Chache ba ne ba tjamelana le litefiso ka lebaka la ho khabisa likereke tsa bona ka Keresemese. Ka molao, mabenkele a ne a lula a butsoe ka Keresemese joalokaha eka e ne e le letsatsi le tloaelehileng la khoebo.” Ke hobane’ng ha ho ile ha nkoa mehato e matla hakaalo? Bo-raliphetoho ba Maphurithane ba ne ba lumela hore kereke e ne e sa tšoanela ho iqapela lineano tse sa hlaheng ka Mangolong. Ba ne ba bolela ka cheseho le ho aba lingoliloeng tse neng li nyatsa mekete ea Keresemese.

Ho ne ho bonahala maikutlo a tšoanang le ao Amerika Leboea. Pakeng tsa selemo sa 1659 le 1681, Keresemese e ne e thibetsoe Massachusetts Bay Colony.a Ho latela molao o neng o hlomamisitsoe ka nako eo, Keresemese e ne e sa lokela ho ketekoa ka sebōpeho leha e le sefe kapa mokhoa leha e le ofe. Batlōli ba molao oo ba ne ba lefisoa. Hase Maphurithane a New England feela ao ho keteka Keresemese ho neng ho sa a jese litheohelang empa le lihlopheng tse ling tse neng li le likoloneng tse bohareng ho ne ho tšoana. Maquaker a Pennsylvania a ne a tšoana le Maphurithane ka ho ema a tiile ponong ea ’ona ka mokete ona. Mohloli o mong o re “nakoana ka mor’a hore Maamerika a fumane boipuso, Elizabeth Drinker, eo ka boeena e neng e le Lequaker, o ile a arola baahi ba Philadelphia likarolo tse tharo. Ho ne ho e-na le Maquaker, a neng ‘a sa e [Keresemese] nke e le ea bohlokoa ho feta matsatsi a mang,’ ho ne ho boetse ho e-na le a ketekang Keresemese ka mabaka a bolumeli ’me a mang ’ohle ’ona ‘a ne a e jella meferefereng le botahoeng.’”

Henry Ward Beecher, ’moleli ea neng a tumme oa Moamerika ea hōliselitsoeng ka lelapeng la Macalvine a tloaelehileng o ne a sa tsebe hakaalo ka Keresemese ho fihlela a le lilemo li 30. Ka 1874, Beecher o ile a ngola: “Keresemese e ne e sa ame bophelo ba ka ka letho.”

Likereke tsa pele tsa Baptiste le Congregationale le tsona ha lia ka tsa fumana motheo oa Mangolo bakeng sa ho keteka tsoalo ea Kreste. Mohloli o mong o ngotse hore Kereke ea Baptist ea Newport [Rhode Island] e ne e sa keteke Keresemese ho fihlela ka la 25 December, 1772, ha e ne e e keteka ka lekhetlo la pele. E ne e le lilemo tse ka bang 130 ka mor’a ho thehoa ha kereke ea pele ea Baptist e New England.

Tšimoloho ea Keresemese

New Catholic Encyclopedia ea lumela: “Letsatsi la tsoalo ea Kreste ha le tsejoe. Likosepele ha li bontše letsatsi kapa eona khoeli . . . Ho latela tlhaloso e fanoeng ke H. Usener . . . eo hape e amoheloang ke litsebi tse ngata kajeno, tsoalo ea Kreste e ile ea khetheloa letsatsi la mariha mohla letsatsi le tsoang tlung (la 25 December almanakeng e tloaelehileng, la 6 January ho ea Baegepeta), hobane mohlang oo, ha letsatsi le qala ho khutlela karolong ea sepakapaka e ka leboea ho lefatše, barapeli ba inehetseng ba Mithra ba bahetene ba ne ba keteka dies natalis Solis Invicti (mohla tsoalo ea letsatsi le sa hlōloeng). Ka la 25 Dec., 274, Aurelian, o ne a phatlalalitse hore molimo oa letsatsi e ne e le mosireletsi ea ka sehloohong oa ’muso ’me a nehetse tempele ho eena Serapeng sa Mars. Keresemese e simolohile nakong ea ha borapeli ba letsatsi bo ne bo le matla ka ho khetheha Roma.”

Cyclopaedia ea M’Clintock le Strong e re: “Ho keteka Keresemese ha hoa laeloa ke Molimo ebile ha ho simolohe [Testamenteng e Ncha]. Letsatsi la tsoalo ea Kreste le ke ke la fumanoa [Testamenteng e Ncha], kapa hona ho fumanoa mohloling leha e le ofe o mong.”

“Thetso ea Lefeela”

Ka lebaka la se boletsoeng ka holimo, na Bakreste ba ’nete ba lokela ho kopanela lineanong tsa Keresemese? Na ho thabisa Molimo ho tsoaka borapeli ba hae ka litumelo le litloaelo tsa bolumeli tsa ba sa mo rapeleng? Moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso ho Bakolose 2:8, e reng: “Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka joaloka phofu ea hae ka filosofi le thetso ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste.”

Moapostola o ile a boela a ngola: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe? Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi? Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale [Satane]? Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang?”—2 Bakorinthe 6:14, 15.

Ka lebaka la bopaki bo teng bo ke keng ba latoloa, Lipaki Tsa Jehova li qoba ho kopanela meketeng ea Keresemese. Tumellanong le Mangolo, li ikitlaelletsa ho sebelisa ‘mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang ponong ea Molimo oa rōna,’ ka ho ipoloka li “se na letheba lefatšeng.”—Jakobo 1:27.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Massachusetts Bay Colony e qaliloeng ke Maphurithane a Engelane ka 1628, e ne e le sebaka sa bolulo se seholo le se atlehileng ka ho fetisisa mehleng ea pele-pele New England.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]

Paramente ea Engelane e ile ea thibela Keresemese ka 1652

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]

“Keresemese e ne e sa ame bophelo ba ka ka letho”—HENRY WARD BEECHER, MORUTI OA MOAMERIKA

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Barapeli ba inehetseng ba Mithras ba bahetene le ba molimo oa letsatsi (ea bontšitsoeng setšoantšong se betliloeng) ba ne ba keteka la 25 December

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela