Lefu la Tsoekere—“’Molai ea sa Hlokomeleheng”
HA Ken a ne a le lilemo li 21, o ile a qala ho ba le lenyora le makatsang, a noa metsi a sa kholoe. Hape o ne a lokela ho ntša metsi nako le nako—qetellong ea e-ba hoo e ka bang metsotso e meng le e meng e 20. Ka mor’a nakoana Ken o ile a qala ho utloa a imeloa ke maoto le matsoho. O ne a lula a khathetse joalo, ’me o ile a qala ho bonela leroothong.
Lintho li ile tsa fetoha ha Ken a tšoaetsoa ke vaerase. Ha a fihla ngakeng, Ken o ile a bolelloa hore ha aa tšoaroa ke ntaramane feela—o ne a boetse a e-na le lefu la tsoekere la Mofuta oa 1. Ho se sebetse hantle hona ha lik’hemik’hale ’meleng ho senya matla a ’mele a ho sebelisa limatlafatsi tse itseng, haholo-holo tsoekere e maling. Ken o ile a qeta libeke tse tšeletseng sepetlele pele tsoekere e maling e e-ba boemong bo loketseng.
Sena se etsahetse lilemong tse fetang 50 tse fetileng, ’me lilemong tseo phekolo e ’nile ea ntlafala haholo. Leha ho le joalo, Ken o ntse a e-na le lefu la tsoekere, ’me hase eena feela. Lefatšeng ka bophara, ho hakanngoa hore batho ba fetang limilione tse 140 ba na le lefu la tsoekere, ’me ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo, palo eo e ka ’na ea imena habeli ka selemo sa 2025. Ka ho utloahalang litsebi li tšoenyehile ka ho ata ha lefu lena la tsoekere. Dr. Robin S. Goland, e mong oa batsamaisi ba setsi se seng sa phekolo United States, o re: “Ha re hlahloba lenane la ba nang le lefu la tsoekere, joale rea bona hore sena e ka ’na eaba ke ho qaleha ha seoa.”
Nahana ka litlaleho tsena tse khutšoanyane tse tsoang lefatšeng lohle:
AUSTRALIA: Ho latela Australia’s International Diabetes Institute, “lefu la tsoekere ke le leng la mafu ao ho leng thata ka ho fetisisa ho a phekola lekholong lena la bo21 la lilemo.”
INDIA: Bonyane batho ba limilione tse 30 ba na le lefu la tsoekere. Ngaka e ’ngoe e re: “Hoo e ka bang lilemong tse 15 tse fetileng, e ne e le seoelo re ka bang le mokuli oa lefu la tsoekere ea ka tlaase ho lilemo tse 40. Kajeno mokuli a le mong ho ba babeli o lilemong tseo.”
SINGAPORE: Hoo e ka bang karolo ea boraro ea baahi ba pakeng tsa lilemo tse 30 le 69 ba na le lefu la tsoekere. Ho ’nile ha fumanoa bana ba bangata ba e-na le lona—ba bang ba le lilemo li leshome.
UNITED STATES: Hoo e ka bang batho ba limilione tse 16 ba na le lefu la tsoekere, ’me selemo se seng le se seng ho fumanoa bakuli ba bacha ba 800 000. Ba limilione ba na le lefu lena empa ha ba e-s’o tsebe.
Ho phekoloa ha lefu la tsoekere ho thatafatsoa ke taba ea hore motho a ka ba le lefu lena nako e telele pele le ka fumanoa. Makasine ea Asiaweek e re: “Kaha matšoao a qalang a lefu la tsoekere ha a mabe hakaalo, hangata ha le bonahale.” Kahoo, lefu la tsoekere le ’nile la bitsoa ’molai ea sa hlokomeleheng.
Ka lebaka la ho ata ha boloetse bona le ho teba ha bona, lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena:
● Lefu la tsoekere le bakoa ke eng?
● Ba nang le boloetse boo ba ka sebetsana le bona joang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4, 5]
Lebaka la Hore le Bitsoe Lefu la Tsoekere
Lentsoe lena “diabetes mellitus [lefu la tsoekere]” le tsoa lentsoeng la Segerike le bolelang ho “minyolosa” le la Selatine le bolelang “ho ba tsoekere joaloka mahe a linotši.” Mantsoe ana a hlalosa boloetse bona hantle, kaha metsi a tsoa ho motho ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere joalokaha eka a minyolosoa ho tloha molomong ho ea tselaneng ea mosese, a be a e’o tsoa ’meleng. Ho feta moo, mosese ona o tsoekere. Ha e le hantle, pele ho sibolloa mekhoa ea sejoale-joale e sebetsang ho bona hore na motho o na le lefu la tsoekere kapa che, ho ne ho tšeloa mosese oa mokuli haufi le seolo. Haeba bohloa bo ne bo o bokanela, sena se ne se bontša hore mosese oo o na le tsoekere.