Phephetso ea ho Phekoloa
“Ha ho lefu la tsoekere le seng lebe. Mefuta eohle ea lona e kotsi.”—Anne Daly, American Diabetes Association.
“HO FUMANOE ho sa tloaelehang haholo maling a hao ha a hlahlojoa. U hloka tlhokomelo e potlakileng ea bongaka.” Mantsoe ao a ngaka a ile a harola Deborah letsoalo. O re: “Bosiung boo, haesale ke nahana hore e tlameha ebe ke phoso e entsoeng ke ba laboratori. Ke ile ka ipolella hore taba ea hore kea kula ha e eo.”
Joaloka batho ba bangata, Deborah o ne a nahana hore o phetse hantle ’meleng, kahoo o ile a hlokomoloha matšoao a sa khaotseng ho mo tšoenya. O ne a nka hore o nyoroa khafetsa ka lebaka la lipilisi tseo a neng a li noa tsa antihistamine. A nahana hore o tena a ntša metsi a sa khaotse ka lebaka la ho noa metsi a mangata. ’Me ka mokhathala teng—ke ’mè ofe ea sebetsang ea sa khathaleng?
Empa joale ha a hlahlojoa mali, ho ile ha tiisoa hore bothata ke lefu la tsoekere. Ho bile thata ho Deborah hore a amohele seo se fumanoeng. O re: “Ha ho motho eo ke ileng ka mo bolella ka boloetse ba ka. Bosiu, ha lelapa le robetse, ke ne ke ee ke shebe ka ntle lefifing ebe kea lla.” Joaloka Deborah, ba bang ha ba tseba hore ba na le lefu la tsoekere ba ferekana maikutlo, ho akarelletsa le ho tepella maikutlo esita le ho ba bohale. Karen o re: “Ho bile le nako eo ka eona ke neng ke lula ke lla ke sa lumele hore ke ’nete.”
Ana ke maikutlo a tlhaho ho seo ho bonahalang eka ke ho oeloa ke bomalimabe. Leha ho le joalo, ba nang le lefu la tsoekere ba ka le amohela ha ba tšehetsoa. Karen o re: “Mooki oa ka o ile a nthusa hore ke amohele boemo. O ile a ntiisetsa hore ho lokile hore ke lle. Ho imoloha hona maikutlong ho ile ha nthusa hore ke amohele boemo.”
Lebaka Leo le Leng Kotsi ka Lona
Lefu la tsoekere le ’nile la bitsoa “tšitiso ea mohloli oa bophelo,” le hona e le ka lebaka le utloahalang. Ha ’mele o sitoa ho chesa tsoekere e maling, lintho tse ling tsa bohlokoa li khaotsa ho sebetsa, ka linako tse ling liphello e be tse behang bophelo kotsing. Dr. Harvey Katzeff o re: “Batho ha ba bolaoe ke lefu la tsoekere ka ho toba, ba bolaoa ke mathata a bakoang ke lona. Re etsa mosebetsi o tsoileng matsoho tabeng ea ho thibela mathata a bakoang ke lona, empa ha re khone ho a phekola ha a se a le teng.”a
Na ho na le tšepo bakeng sa ba nang le lefu la tsoekere? E—haeba ba lemoha ho teba ha lefu lena ’me ba latela lenaneo la phekolo.b
Lijo le Boikoetliso
Le hoja Mofuta oa 1 oa lefu la tsoekere o ke ke oa thibeloa, bo-rasaense ba ithuta likotsi tse ka bakoang ke liphatsa tsa lefutso le ho leka ho fumana litsela tsa ho le thibela hore le se hlasele tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. (Bona lebokose le reng “Mosebetsi oa Tsoekere e Maling,” leqepheng la 8.) Buka ea Diabetes—Caring for Your Emotions as Well as Your Health e re: “Boemo bo tšepisa haholo mofuteng oa 2 oa lefu la tsoekere. Ba bangata ba neng ba ka ’na ba e-ba le lefu lena ka lebaka la lefutso ba qoba ho ba le matšoao leha e le afe ka ho ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng le ka ho ikoetlisa kamehla, ka tsela eo, ba lule ba phela hantle ’meleng le ho laola boima ba bona ba ’mele.”c
Ha Journal of the American Medical Association e hatisa bohlokoa ba ho ikoetlisa, e ile ea fana ka tlaleho phuputsong e entsoeng e amang basali ba bangata. Phuputso eo e ile ea fumana hore “ho ikoetlisa ho itseng ka nako e khutšoanyane ho eketsa matla a tšebetso ea insulin e monyang tsoekere e maling [liseleng tsa ’mele] lihora tse fetang 24.” Ka hona, tlaleho eo e qetella ka hore “ho tsamaea le ho sebetsa ka matla li amahanngoa le lintho tsa bohlokoa tse fokotsang kotsi ea hore basali ba be le lefu la tsoekere la mofuta oa 2.” Bafuputsi ba khothalletsa hore bonyane motho a ikoetlise ka ho itekanela metsotso e ka bang 30 boholo ba matsatsi haeba e se ’ohle bekeng. Sena se ka akarelletsa ho ikoetlisa ho bonolo ho kang ho tsamaea, e leng ntho eo American Diabetes Association Complete Guide to Diabetes e reng ke “mokhoa o motle ka ho fetisisa, o seng kotsi le oo bonyane o sa bitseng chelete e ngata.”
Leha ho le joalo, batho ba nang le lefu la tsoekere ba lokela ho fumana keletso ea ngaka bakeng sa boikoetliso bo ba loketseng. Lebaka le leng ke hore lefu la tsoekere le ka senya mesifa le methapo ea kutlo, ka hona la ama tsamaiso ea mali le mekhoa ea kutlo. Kahoo, mongoapo o monyenyane leotong o ka ’na oa se ke oa hlokomeleha, oa fumana tšoaetso ’me oa fetoha seso—e leng boemo bo kotsi bo ka etsang hore motho a qetelle a ponngoe leoto haeba a sa phekoloe ka potlako.d
Leha ho le joalo, lenaneo la ho ikoetlisa le ka thusa motho ho laola lefu la tsoekere. ADA Complete Guide e re: “Ha bafuputsi ba ithuta ka ho eketsehileng ka melemo ea ho ikoetlisa kamehla, ba fumana bopaki bo eketsehileng ba melemo ea hona.”
Ho Phekola ka Insulin
Ho phaella lijong tse nepahetseng le lenaneong la ho ikoetlisa, ba bangata ba nang le lefu la tsoekere ba boetse ba tlameha ho hlahloba hore na tsoekere e kae maling hammoho le ho ikenta ka insulin ka makhetlo a ’maloa ka letsatsi. Ka lebaka la bophelo bo ntlafetseng ke ho ja lijo tse nepahetseng le ho ikoetlisa kamehla, ba bang ba nang le Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere ba khonne ho tlohela ho sebelisa phekolo ea insulin, bonyane ka nakoana.e Karen, ea nang le lefu la tsoekere la Mofuta oa 1, o fumane hore ho ikoetlisa ho thusa insulin eo a ikentang ka eona hore e sebetse hantle. Ka lebaka leo, o khonne ho fokotsa insulin eo a e hlokang letsatsi le letsatsi ka karolo ea 20 lekholong.
Leha ho le joalo, haeba insulin ea hlokahala, ha ho na lebaka la hore mokuli a ikutloe a nyahame. Mary Ann, mooki ea nang le mangolo ea hlokomelang bakuli ba lefu la tsoekere ba ’maloa, o re: “Ho tlameha ho sebelisa insulin ha ho bolele hore u hlōlehile. Ho sa tsotellehe hore na u na le lefu la tsoekere la mofuta ofe, haeba ka hloko u laola tsoekere e maling a hao, u tla fokotsa mathata a mang a bophelo hamorao.” Ha e le hantle, phuputso e ’ngoe ea morao tjena e senotse hore batho ba nang le Mofuta oa 1 ba ileng ba itšoara ka thata ho laola tsoekere e maling “ba fokolitse haholo monyetla oa hore ba be le bothata ba mahlo, liphio le methapo bo bakoang ke lefu lena la tsoekere.” Ka mohlala, monyetla oa hore motho a be le lefu la mahlo le ka mo foufatsang o ile oa fokotsoa ka karolo ea 76 lekholong! Ba nang le Mofuta oa 2 ba laolang ka thata boemo ba tsoekere maling ba thabela melemo e tšoanang.
Ho etsa hore ho ikenta ka insulin ho se ke ha e-ba bohloko haholo, liente tse tloaelehileng le tse nang le sebōpeho sa pene—e leng lisebelisoa tse tloaelehileng haholo—li na le nale e tšesanyane haholo ho fokotsa bohloko ba ha ente e kena. Mary Ann o re: “Hangata ho ikenta lekhetlo la pele ke hona ho bohloko. Ka mor’a moo, bakuli ba bangata ba re ha ba sa utloa letho.” Mefuta e meng ea liente e akarelletsa liente tse ipenyang ka botsona ho kenya nale letlalong motho a sa utloe bohloko, liente tse se nang nale tse tsaratsang insulin ka matla a maholo hore e kene letlalong le ente e kenyang moriana butle maling, e behoang kae-kae ’meleng matsatsi a mabeli kapa a mararo. Mochine o boholo ba tosi, o pompang insulin, o atile haholo lilemong tsa morao tjena. Mochine ona oa elektronike o ntša insulin butle ho latela eo ’mele o e hlokang letsatsi le leng le le leng, e leng ho etsang hore ’mele o fumane insulin e lekaneng habobebe.
U ’Ne U Ithute
Leha tsohle li se li hlalositsoe, ha ho phekolo eo ho ka thoeng ke makhona-tsohle lefung la tsoekere. Tabeng ea hore na ke phekolo efe e ka khethoang, motho ka mong o lokela ho nahana ka lintho tse ’maloa pele a iketsetsa qeto. Mary Ann o re: “Le hoja e ka ’na eaba u tlas’a tlhokomelo ea ngaka, ke uena ea ikarabellang.” Ha e le hantle, koranta ea Diabetes Care e re: “Ho phekola lefu la tsoekere ntle ho lenaneo le phethahetseng la ho ruta batho ho itlhokomela ho ka nkoa e le tlhokomelo e tlaasana le e fosahetseng.”
Ha batho ba nang le lefu la tsoekere ba ithuta haholoanyane ka lefu lena, ba tla tseba ho baballa bophelo ba bona haholoanyane le ho eketsa menyetla ea ho phela haleletsana, ba phetse hantle. Leha ho le joalo, thuto e atlehang e hloka hore batho ba be le mamello. Buka ea Diabetes—Caring for Your Emotions as Well as Your Health ea hlalosa: “Haeba u leka ho ithuta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka nako e le ’ngoe, ho ka etsahala hore u ferekane ’me u se ke ua atleha ho sebelisa boitsebiso boo. Ntle ho moo, boholo ba boitsebiso bo molemo boo ho tla hlokahala hore u ithute bona ha bo fumanoe libukeng kapa lipampitšaneng. Bo amana le . . . tsela eo tsoekere ea hao maling e bang kateng maemong a sa tšoaneng. Sena se ka ithutoa ka mor’a nako e itseng, ka ho leka hona le hoane.”
Ka mohlala, ha u le hlokolosi u ka ithuta hore na ’mele oa hao o itšoara joang tlas’a khatello, e ka etsang hore boemo ba tsoekere maling bo phahame ka tšohanyetso. Ken o re: “Ke lilemo tse 50 ke phela ka lefu lena la tsoekere, ’me ke se ke tseba hore na ’mele oa ka o itšoara joang!” “Ho mamela” ’mele oa hae ho mo tsoetse molemo, hobane Ken o ntse a khona ho sebetsa nako e tletseng—le hoja a le ka holimo ho lilemo tse 70!
Bohlokoa ba ho Tšehetsoa ke Lelapa
Ntho e sa lokelang ho hlokomolohuoa ha ho phekoloa lefu la tsoekere ke tšehetso ea lelapa. Ha e le hantle, buka e ’ngoe e hlokometse hore “mohlomong boemo ba bophelo ba lelapa ha le le hammoho ke ntlha e le ’ngoe e khōlōhali e ikhethang” tabeng ea ho laola lefu la tsoekere baneng le bathong ba baholo.
Ho molemo ha litho tsa lelapa li ithuta ka lefu la tsoekere, ebile li chenchana ho ea le mokuli ngakeng. Tsebo e tla li thusa hore li mo tšehetse, li hlokomele matšoao a bohlokoa le ho tseba hore na li itšoare joang. Ted, eo mosali oa hae a nang le lefu la tsoekere la Mofuta oa 1 le mo tšoereng ho tloha ha a le lilemo li ’nè, o re: “Ke khona ho tseba ha tsoekere ea Barbara e theohile haholo. O tsamaea a thōla ka har’a moqoqo. O fufuleloa haholo ’me o halefa ntle ho lebaka. ’Me o lieha ho nka bohato tabeng e itseng.”
Ka ho tšoanang, ha Catherine, mosali oa Ken, a hlokomela hore Ken o pulufetse ’me oa fufuleloa le ha a bona phetoho tseleng eo a itšoarang ka eona, o mo botsa potso ea lipalo. Haeba karabelo ea Ken e bontša hore o ferekane, hona ho bolella Catherine hore ke nako ea hore lintho leha e le life tse hlokang ho etsetsoa qeto e be eena ea etsang qeto ho tsona hape a nke bohato ka potlako hore a lokise boemo boo. Ka bobeli Ken le Barbara ba ananela ka ho teba hore ebe ba na le balekane ba lenyalo ba nang le tsebo, bao ba ba ratang le ho ba tšepa ka ho feletseng.f
Litho tsa lelapa tse lerato li lokela ho leka ka matla ho fana ka tšehetso, ho ba mosa le ho ba le mamello—e leng litšoaneleho tse ka thusang motho ea kulang hore a sebetsane le mathata a bophelo esita le tse ka thusang hore bokuli ba hae bo ntlafale. Monna oa Karen o ile a mo tiisetsa hore oa mo rata, e leng ho ileng ha etsa phapang e khōlō. Karen oa pheta: “Nigel o ile a re ho ’na, ‘Batho ba hloka lijo le metsi hore ba ’ne ba phele, joale le uena, feela joalokaha u hloka lijo le metsi, u boetse u hloka insulin e se kae.’ Mantsoe ana a mosa, empa e le ’nete, e ne e le eona ntho eo ke e hlokang.”
Ba lelapa le metsoalle ba boetse ba tlameha ho utloisisa hore ha boemo ba tsoekere bo ntse bo feto-fetoha, lefu la tsoekere le ka ama ho fetoha ha maikutlo a hae. Mosali e mong o re: “Ha ke qala ke thōla haholo, ke e-ba le maikutlo a feto-fetohang, ke khena kapele le ho ferekana, kea tseba hore ke tepelletsoa ke lefu lena. Ebe ke utloa bohloko bo tšabehang hore ebe ke itšoara joaloka ngoana. Empa hoa thusa ho tseba hore ba bang ba utloisisa lebaka la hore ke itšoare tjena—e leng seo ke lekang ho se laola.”
Lefu la tsoekere le ka laoloa ka katleho, haholo-holo haeba metsoalle le ba lelapa ba sebelisana hantle le mokuli. Melao-motheo ea Bibele e ka boela ea thusa. Joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mathata ana a akarelletsa lefu la pelo, stroke, ho se sebetse hantle ha liphio, lefu le amang methapo e tsamaisang mali le ho senyeha ha methapo ea kutlo. Ha mali a sa fihle hantle maotong, sena se ka baka liso, tseo ha boemo bo mpefetse motho a ka tlamehang ho pongoa leoto. Lefu la tsoekere ke sona hape sesosa se ka sehloohong se bakelang batho ba baholo bofofu.
b Tsoha! ha e buelle phekolo e itseng ka ho khetheha. Ba belaellang hore ba na le lefu la tsoekere ba lokela ho bona ngaka e nang le phihlelo ea ho thibela le ho laola lefu lena.
c Ho bonahala mafura a mangata haholo mpeng a beha motho kotsing ho feta mafura a mangata liqholong.
d Batho ba tsubang ba ipeha kotsing e khōloanyane kaha mokhoa oo oa bona o senya pelo le tsamaiso ea ho potoloha ha mali, ’me hoo ho sesefatsa methapo ea mali. Buka e ’ngoe e re karolo ea 95 lekholong ea batho ba pongoang litho ka lebaka la lefu la tsoekere e ama batho ba tsubang.
e Ba bang ba batho bana ba thusitsoe ke ho noa lipilisi. ’Me tsona li akarelletsa lithethefatsi tse susumelletsang manyeme hore a ntše insulin e eketsehileng, tse ling li fokotsa ho eketseha ha tsoekere maling, ha tse ling li etsa hore mokuli a se ke a hloka insulin e ngata. (Hase hangata lipilisi li fuoang batho ba nang le lefu la tsoekere la Mofuta oa 1.) Ha hajoale, insulin ha e nooe, hobane tšilo ea lijo e arohanya protheine ena pele e ka fihla maling. Ebang ke ho phekoloa ka insulin kapa ke ho noa lipilisi, ha ho e nkelang ho ikoetlisa le lijo tse nepahetseng sebaka.
f Lingaka li khothalletsa hore batho ba nang le lefu la tsoekere kamehla ba nke karete e ba tsebahatsang le ho roala sepetja kapa sefaha se bolelang hore ba na le lefu lena. Boemong ba kotsi, lintho tsena li ka pholosa bophelo. Ka mohlala, ha tsoekere e le tlaase, ho ka ’na ha nkoa feela hore ke boloetse bo bong kapa ke bothata bo bakiloeng ke ho noa lino tse tahang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Na ke Lefu la Bana?
Dr. Arthur Rubenstein, setsebi se ka sehloohong sa tšebetso ea litšoelesa le lihormone, e bile e le hlooho ea New York’s Mount Sinai School of Medicine, o re, lefu la tsoekere le “fetoha lefu la bana.” Lilemo tseo lefu la tsoekere le neng le qala ho tšoara batho ha ba le ho tsona lia theoha. Setsebi sa lefu la tsoekere Dr. Robin S. Goland, ha a bua ka Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere o re: “Lilemong tse fetileng tse leshome, re ne re ruta ba ithutelang bongaka hore u ne u ke ke ua fumana lefu lena ho batho ba ka tlas’a lilemo tse 40. Hona joale re le fumana le ho bana ba ka tlaase ho lilemo tse 10.”
Ke hobane’ng ha lefu la tsoekere le eketseha har’a bacha? Ka linako tse ling le bakoa ke lefutso. Empa botenya le tikoloho li ka ’na tsa tlatsetsa. Palo ea bana ba batenya ho tlōla tekano e imenne habeli lilemong tse 20 tse fetileng. See se bakoa ke eng? Dr. William Dietz oa U.S. Centers for Disease Control and Prevention, o re: “Ho ’nile ha e-ba le liphetoho tse itseng mekhoeng ea ho ja le mesebetsing e hlokang matla lilemong tse 20 tse fetileng. Ena e akarelletsa ho jella lireschorenteng hangata; ho se je lijo tsa hoseng khafetsa; ho noa lino-mapholi haholo le ho ja lijo tse phehoang ka potlako; ho fokotseha ha [thuto ea boikoetliso ba ’mele] likolong; le ho felisoa ha khefu e khutšoaane nakong ea lithuto sekolong.”
Lefu la tsoekere le ke ke la phekoleha. Ka hona, ke bohlale ho latela keletso ea mocha e mong ea tšoeroeng ke lefu lena, ea reng: “Qoba ho ja lijo tse se nang molemo oa letho ’me u lule u koenne.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Mosebetsi oa Tsoekere e Maling
Tsoekere e maling e fana ka matla liseleng tse libilione tsa ’mele. Leha ho le joalo, e le hore e kene liseleng, e hloka “senotlolo se e bulelang”—e leng insulin, k’hemik’hale e qhatsoang ke manyeme. Mothong ea nang le lefu la tsoekere la Mofuta oa 1, ho hang ’mele ha o hlahise insulin. Ho ea nang le Mofuta oa 2, ’mele o hlahisa insulin empa hangata hase e lekaneng.g Ho feta moo, lisele li hana ho lumella insulin hore e kene—e leng boemo boo ho thoeng ke ho thibeloa ha insulin ho sebetsa. Mefuteng eo ea lefu la tsoekere ka bobeli, phello ea tšoana: lisele tse sa fumaneng tsoekere e hlokahalang, le boemo bo kotsi ba tsoekere maling.
Mofuteng oa 1 oa lefu la tsoekere, tsamaiso ea motho ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlasela lisele tsa beta tse hlahisang insulin manyemeng. Kahoo, Mofuta oa 1 oa lefu la tsoekere ke lefu le etsang hore ’mele o iphetohele ’me ka linako tse ling o bitsoa lefu la tsoekere le hlaselang ka mokhoa o sa tobang. Lintho tse ka etsang hore ’mele o itlhasele li akarelletsa livaerase, lik’hemik’hale tse chefo le lithethefatsi tse itseng. Lefutso le lona le ka tlatselletsa kaha hangata lefu la tsoekere la Mofuta oa 1 lea neheletsanoa, ’me le atile haholo Makhooeng.
Mofuteng oa 2 oa lefu la tsoekere, lefutso le matla ho feta empa le tšoara haholo bao e seng Makhooa. Maaborigine a Australia le Matsoalloa a Amerika a Maindia ke ’ona a amehang haholo, ’me Maindia ana ke ’ona a nang le palo e phahameng ka ho fetisisa ea batho ba nang le Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere lefatšeng. Bafuputsi ba sa ntse ba ithuta hore na ho na le kamano efe pakeng tsa lefutso le botenya bo fetang tekano, le kamoo mafura a mangata ho tlōla a bonahalang a sitisa insulin kateng hore e se ke ea sebetsa ho batho ba ka ’nang ba tšoaroa ke lefu lena ka lebaka la lefutso.h Ho fapana le Mofuta oa 1, Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere o hlaha haholo bathong ba lilemo tse ka holim’a 40.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
g Hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea batho ba nang le lefu la tsoekere ba na le Mofuta oa 2. Pele, mofuta ona ho ne ho thoe ke “o sa itšetlehang ka insulin” kapa lefu la tsoekere le “qalang ho batho ba baholo.” Leha ho le joalo, litlhaloso tsena ha lia nepahala, kaha ba etsang karolo ea 40 lekholong ho ba nang le Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere ba hloka insulin. Ho feta moo, palo e tšosang ea bana—ba bang ba e-s’o fihle le lilemong tsa bocha—e fumanoa e e-na le Mofuta oa 2 oa lefu la tsoekere.
h Ka kakaretso motho o nkoa a le motenya ho feta tekano ha boima ba hae ba ’mele bo feta boo a lokelang ho ba le bona ka karolo ea 20 lekholong.
[Setšoantšo]
Limolek’hule tsa tsoekere e maling
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy: Pacific Northwest National Laboratory
[Lebokose le leqepheng la 9]
Mosebetsi oa Manyeme
A le boholo ba banana, manyeme a fumaneha ka mor’a moholu hanyenyane. Ho latela buka ea The Unofficial Guide to Living With Diabetes, “manyeme a motho ea phelang hantle a leka-lekanya lintho ka linako tsohle ’me e le ka tsela e makhethe, a khona ho boloka boemo ba tsoekere bo lekane, bo sa feto-fetohe maling ka ho qhatsa insulin e lekaneng ha boemo ba tsoekere maling bo phahama kapa bo theoha letsatsi lohle.” Manyeme a na le lisele tsa beta tseo e leng tsona mohloli oa hormone ea Insulin.
Ha lisele tsa beta li hlōleha ho hlahisa Insulin e lekaneng, tsoekere ea phaellana maling, e bakele motho lefu la hyperglycemia. Phapang ea lona—e leng ha tsoekere e haella ’meleng—e bitsoa hypoglycemia. Sebete se thusa manyeme ho laola tsoekere e maling ka hore se boloke tsoekere eo ’mele o sa e sebeliseng. Ha sebete se fumana taelo e tsoang ho manyeme, se lokolla tsoekere eo hore ’mele o e sebelise.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mosebetsi oa Tsoekere
Ho na le maikutlo a fosahetseng a tloaelehileng a hore ho ja tsoekere e ngata ho bakela motho lefu la tsoekere. Bopaki bo fanoang ke lingaka bo bontša hore ho ba motenya—ho sa tsotellehe hore na motho o ja tsoekere kapa che—ho eketsa monyetla oa hore motho ea ka ’nang a futsa lefu la tsoekere a hle a be le lona. Leha ho le joalo, ho ja tsoekere e ngata ho kotsi, kaha ha e-na limatlafatsi tse kaalo ’me e etsa hore motho a none ho feta tekano.
Maikutlo a mang a fosahetseng ke a hore batho ba nang le lefu la tsoekere ba na le takatso e sa tloaelehang ea ho ja lintho tse tsoekere. Empa bonneteng, ba ntse ba e-na le takatso ea lintho tse tsoekere joaloka mang le mang. Ha lefu la tsoekere le sa laoloe, le ka etsa hore motho a lape—empa eseng hakaalo-kaalo ho lapela lintho tse tsoekere. Batho ba nang le lefu la tsoekere ba ka ja lintho tse tsoekere, empa ba lokela ho li kenyelletsa lenaneong la bona la lijo e le ho laola hore na ba ja e kae.
Lipatlisiso tsa morao tjena li bontšitse hore lijo tse nang le tsoekere e ngata ea tlhaho e tsoang litholoaneng le merohong, li ka thibela insulin ho sebetsa, li ka ba tsa tšoarisa liphoofolo lefu la tsoekere, ho sa tsotellehe hore na boima ba tsona ba ’mele bo bokae.
[Litšoantšo Tse Qanollang/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
Ho Hlalosa Lefu la Tsoekere ka Tsela e Bonolo
MANYEME
Motho ea Phetseng Hantle
Ka mor’a lijo, ha manyeme a utloa hore ho na le tsoekere e eketsehileng maling, a qhatsa insulin e lekaneng
Limolek’hule tsa insulin li khomarela lisele tsa mesifa le lisele tse ling tse amohelang insulin. Tsona li bula masobana ho lumella limolek’hule tsa tsoekere hore likene liseleng tsa mesifa
Lisele tsa mesifa li monya tsoekere ’me li e chese. Ka hona, boemo ba tsoekere maling bo boela setloaeling
Mofuta oa 1 oa Lefu la Tsoekere
Lisele tsa beta tse hlahisang insulin manyemeng li hlaseloa ke tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Ka lebaka leo, ’mele ha o hlahise insulin
Ka ntle le hore limolek’hule tsa tsoekere li thusoe ke insulin, li ke ke tsa khona ho kena liseleng tsa mesifa
Mofuta oa 2 oa Lefu la Tsoekere
Hangata manyeme a hlahisa insulin e fokolang
Haeba lisele tseo li sa arabele hantle ho insulin, masobana a hlokahalang ha a bulehe hore lisele li monye tsoekere e tsoang maling
Tsoekere e phaellana maling, e senye tšebetso ea bohlokoa le ho senya mabota a methapo
[Setšoantšo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
SELE
Sele e amohelang
Lesobana
Insulin
Khubung
Tsoekere
[Setšoantšo]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MOTHAPO OA MALI
Lisele tsa mali tse khubelu
Tsoekere
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Man: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lijo tse nepahetseng ke tsa bohlokoa bakeng sa ba nang le lefu la tsoekere
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Batho ba nang le lefu la tsoekere ba ka thabela bophelo bo tloaelehileng