Kamoo Bibele e ka Thusang Batho ba Tšoeroeng ke Lefu la Tsoekere
HO ITHIBA le ho ba le pono e nepahetseng ke habohlokoa ka ho khetheha bophelong le boiketlong ba batho ba nang le lefu la tsoekere. Empa ba nang le lefu la tsoekere ba lokela ho lula ba tšehetsoa e le hore ba hlaolele litšoaneleho tseo. Ka hona, litho tsa lelapa le metsoalle ba ke ke ba rata ho leka motho ea nang le lefu la tsoekere hore a je lijo tse sa nepahalang, mohlomong ba re, ‘Ha e le hanngoe feela li ke ke tsa u ntša kotsi.’ Harry, ea nang le lefu la pelo le la tsoekere la Mofuta oa 2 o re: “Mosali oa ka o ntšehetsa haholo. Ha a boloke lijo tseo ke sa lokelang ho li ja. Empa ba bang ha ba utloisise, ’me ha ba tsebe hore na seo se bohloko hakae ka linako tse ling.”
Haeba u kopana kamehla le motho ea tšoeroeng ke lefu la tsoekere, hopola melao-motheo ena e ’meli ea bohlokoa e fumanoang ka Bibeleng: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong,” le o reng “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona.”—1 Bakorinthe 10:24; 13:4, 5.
Bohle ba amehileng ka bophelo ba bona—ebang ba na le lefu la tsoekere kapa ha ba na lona—ba lokela ho ithiba tabeng ea lijo. Bibele ea thusa ntlheng ena kaha e bontša hore e mong le e mong oa rōna o lokela ho hlaolela ho ithiba. Na u entse qeto ea ho hlaolela ho ba le tšoaneleho ee bophelong ba hao? (Bagalata 5:22, 23) Ho ka fumanoa thuso e eketsehileng mehlaleng ea Bibele, e kang moapostola oa Mokreste Pauluse. Motho e mong ea nang le lefu la tsoekere o re: “O ne a e-na le moutloa o sa feleng nameng, leha ho le joalo o ne a ntse a sebeletsa Molimo ka botšepehi le hona ka botlalo. Le ’na nka etsa se tšoanang!”
E, Pauluse o ile a amohela seo a neng a ke ke a se fetola ’me a thabela katleho e khōlō e le moromuoa. (2 Bakorinthe 12:7-9) Dustin, ea lilemo li 18, o hlahile e le sefofu ’me o ile a tšoaroa ke lefu la tsoekere ha a le lilemo li 12. Oa ngola: “Kea tseba hore ha ho motho lefatšeng lena eo ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea hae e tsamaeang bolacha feela. Ke lebeletse lefatše le lecha la Molimo moo nke keng ka ba le lefu la tsoekere. Ho ’na, ena ke ntho ea nakoana feela. E ka ’na ea nka nako e telele ho feta sefuba kapa ntaramane, empa e tla qetella e felile.”
Ha Dustin a bua joalo, o ne a hopotse tšepo e thehiloeng Bibeleng ea bophelo bo botle ’meleng lefatšeng la paradeise tlas’a ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 21:3, 4) Lentsoe la Molimo le tšepisa hore tlas’a puso e joalo ea Molimo “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24; Matheu 6:9, 10) Na u ka rata ho tseba ho eketsehileng ka tšepiso ee e thehiloeng Bibeleng? Iteanye le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke habohlokoa ho ithiba le ho ba le pono e nepahetseng