Tlōlo ea Molao e Mabifi—Ke Hobane’ng ha e Hloa Mekoalaba?
FRANK le Gabriella ba ne ba itsamaela ba iketlile lebōpong la leoatle Oregon, U.S.A., lihoreng tsa hoseng, ba shebeletse ha letsatsi le chaba. Ba ne ba se na le leselinyana la hore na ho tla tloha ho etsahala’ng. Metsotsoana e seng mekae hamorao, ba ne ba shoele, ba thuntsoe lihloohong. Na e ne e le boiphetetso? Kapa mōna? E ne e se e ’ngoe ea tsona. Rasethunya eo, e leng motho eo ba sa mo tsebeng, o ne a phethahatsa toro—o ne a batla ho utloa hore na ho bolaea motho ho joang.
“Ka Sontaha sa la 28 April, 1996 Martin Bryant o ile a hapa tlhokomelo ea lefatše la Bophirimela ka ho ba le nako e monate ka ho fetisisa bophelong ba hae. Ka ho thunya motho e mong le e mong eo a kopanang le eena ha a ntse a solla Port Arthur, Tasmania, o ile a finyella monyaka o hlollang le ho ba matla.” (A Study of Our Decline, ea Philip Atkinson) O ile a boela a bolaea batho ba 35!
Motho e mong ea lilemo li 65 ea tlohetseng mosebetsi Canada o ne a tsoile hoseng ho hong ka baesekele. Ha a ntse a soaela, o ile a chaisoa ke mokhanni e mong ea ileng a mo siea moo a nahana hore o shoele. Baesekele ea hae e ile ea hulanngoa limithara tse 700 ho theosa le tsela eo. Ka lekhetlo la pele, ho ne ho nahanoa hore ke kotsi eo motho a mo chaisitseng a ba a baleha, empa phuputso e tsoelang pele e bontšitse hore o chaisitsoe ke mokhanni oa koloi e utsoitsoeng, ea neng a tsoile ho ea ithabisa ka ho khanna ka bohlasoa. Kamoo ho bonahalang kateng, ho chaisa motho oa baesekele e ne e le karolo ea “monyaka.”
Mofuta o Fapaneng oa Tlōlo ea Molao
Tlōlo ea molao e ’nile ea e-ba teng ka makholo a lilemo, empa mefuta e boletsoeng ka holimo e etsa hore batho ba botse: “Hobane’ng? Ho tla joang hore motho a nahane ka ho etsa ntho e joalo?” Le hoja litlōlo tsa molao tse tloaelehileng, tse kang bosholu kapa ho qhekella, li ka ’na tsa se ke tsa hapa tlhokomelo ea batho, ho na le mofuta o ntseng o eketseha oa liketso tse hapang tlhokomelo ea bo-ralitaba ’me o etsa hore ba re, ‘Ke ntho e se nang kelello! Ho etsahala’ng ka lefatše lee?’
Mefuta ena ea tlōlo ea molao e fapane. Hangata ea sisimosa ’me e sehlōhō. Joaloka mehlaleng e ka holimo, hangata e etsoa ho batho ba se nang molato ba sa tsebeng bahlohlelletsi bao. Ho phaella moo, hangata ha ho bonahale eka ho na le morero o totobetseng litlōlong tsena tsa molao tse mabifi. Letoto la liketso tsena tse se nang kelello le tsoela pele le sa khaotse.
Ka April 1999 Colorado, U.S.A., barutoana ba babeli ba ile ba bolaea barutoana ba 12 le tichere pele ba ipolaea ka ho ithunya sekolong. Ho ile ha shoa monna e mong California ka 1982 ka mor’a hore a reke moriana k’haontareng oo motho e mong a neng a o tšetse strychnine. Ka 1993 bashanyana ba babeli ba lilemo li leshome ba ile ba qekisa James Bulger ea lilemo li peli hore a tsoe setsing sa mabenkele Bootle, Merseyside, Engelane, moo ’mè oa hae a neng a le ka selakheng. Ba ile ba mo isa seporong sa terene ’me ba mo khakhatha ka molamu ho fihlela a e-shoa.
Liketso tse ling li ka nkoa e le bokhukhuni, tse kang tsa ho tšela chefo seporong se tsamaeang ka tlas’a lefatše Tokyo ka 1995. Batho ba Japane ba ne ba tšohile ha khase e chefo e ne e ntšoa ke litho tsa sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi tseleng e ka tlas’a lefatše Tokyo, e bolaea batho ba 12 ’me e ntša ba likete likotsi. Ke ba fokolang ba ka lebalang thipitlo ea mehaho ea World Trade Center ea New York, le ho hlaseloa ha Pentagon, Washington, D.C., e ileng ea bolaea batho ba ka bang 3 000, le ho qhoma ha bomo selemong se fetileng Bali, Indonesia, e fetileng ka bophelo ba batho ba kang 200.
Ho hlakile hore litlōlo tse joalo tsa molao li atile haholo. Bothata ke hore ke lefatšeng ka bophara, ’me e ama lichaba tse ngata le lihlopha tsa batho.
Mabakeng a mang ho joalokaha eka bahlohlelletsi bao ba ne ba hlōlisana, ba leka ho bona hore na ke mang ea ka fetang ba bang ka ho etsa tlōlo ea molao e tšosang ka ho fetisisa. Ho feta moo, tlōlo ea molao e bakoang ke lehloeo e ntse e e-ba e tloaelehileng haholoanyane. Litlōlo tsena li etsoa ka sehlōhō ho batho bao “phoso” ea bona feela e leng ho ba ba morabe osele, bolumeli kapa ba sehlopha sa morabe osele—joalokaha ho bile joalo ka 1994 ha Matutsi a ka bang 800 000 a ne a bolaoa Rwanda.
Sena sohle se entse hore ba bangata ba ipotse: ‘Ho etsahala’ng? Na ho ne ho le tjee pele? E ka ba ke mang ea ikarabellang bakeng sa litlōlo tse tšabehang hakaalo tsa molao? Ke tšepo efe e teng bakeng sa ho fokotsa kapa ho tlosa litlōlo tse sehlōhō joalo tsa molao?’ Lihlooho tse latelang li tla arabela lipotso tsena le tse ling.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]
Litlōlo tsa molao tse mabifi hangata li etsoa ho sa khethoe batho ebile ho se morero o totobetseng oo li etsoang ka oona