Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 8/8 maq. 10-15
  • Ntho eo Sefefo Leha e le Sefe se ke Keng sa e Hohola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho eo Sefefo Leha e le Sefe se ke Keng sa e Hohola
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baithaopi Jeremane
  • Austria—Ho Arabela ka Potlako Koluoeng
  • Isidore e Otla Mexico
  • Leholiotsoana le Otla Korea
  • Ho Hōla Hammoho Leratong
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Tšebeletso ea ho Thusa Nakong ea Likoluoa
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Liketso tsa Jehova tse Pholosang Hona Joale
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lintho Tseo Leholiotsoana Andrew le sa Kang la li Felisa
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 8/8 maq. 10-15

Ntho eo Sefefo Leha e le Sefe se ke Keng sa e Hohola

KA BANGOLI BA TSOHA! JEREMANE, AUSTRIA, MEXICO LE KOREA

SELEMONG sa 2002, linaheng tse ngata ho ile ha e-ba le liketsahalo tsa likoluoa tse bakoang ke boemo ba leholimo. Europe e ile ea angoa ke letoto la meroallo e kotsi. Libakeng tse ling tsa lefatše, Mexico e ile ea hlaseloa ke leholiotsoana le senyang, ’me Korea ea hlaseloa ke sefefo se matla. Le hoja liketsahalo tsena e bile tse bohloko, li matlafalitse litlamo tsa lerato tse teng pakeng tsa Bakreste ba ’nete.

Ka mor’a meroallo e ileng ea e-ba teng Europe ka 2002, Helmut Schmidt, tōna-khōlō ea mehleng ea Jeremane Bophirimela, o ile a botsoa hore na mahlatsipa koluoeng eo a hloka thuso ea mofuta ofe. O ile a arabela: “Batho ba hloka lijo le matlo, ba hloka ho fuoa chelete e itseng le ho fuoa tlhokomelo moeeng.” Lipaki Tsa Jehova li ile tsa phetha karolo ea bohlokoa ho faneng ka thuso ea sebele le ea moea mahlatsipeng a koluoa eo. Nka ka mohlala thuso eo li ileng tsa fana ka eona Jeremane, Austria, Mexico le Korea.

Baithaopi Jeremane

Hang ha ho tsebahala ka koluoa ea moroallo e neng e sokela, Lipaki tse ngata Tsa Jehova Jeremane li ile tsa kenella boitekong bo neng bo etsoa ke sechaba ho thibela metsi a moroallo. Kathleen ea lilemo li 19, ea lulang Dresden o re: “Ho ne ho se kamoo nka lulang feela ke shebeletse. Hang ha ke utloa hore ho na le batho ba kotsing ea ho lahleheloa ke sohle seo ba nang le sona, ke ile ka tlameha ho ea thusa.”

Lipaki tsa Jeremane li ile tsa qala ho itlhophisa e le hore li ka fana ka thuso ka potlako le ka tsela e atlehang. Joaloka Bakreste, ka ho khetheha li ile tsa ikutloa li tlameha ho thusa bara le barali babo tsona ba moea. Li ile tsa boela tsa bontša lerato ho baahelani ba tsona. (Mareka 12:31) Ka hona, baithaopi ba fetang 2 000 ba ile ba aroloa lihlopha tsa batho ba 8 ho ea ho ba 12, sehlopha ka seng se abeloa mosebetsi o khethehileng sebakeng sa koluoa. Ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova Selters, Jeremane, mehala e 13 e ile ea behelloa ka thoko bakeng sa ho araba mehala e likete ea batho ba botsang ka koluoa eo le ba fanang ka thuso.

Ronnie le Dina ke basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova, ba qetang nako ea bona ba thusa metsoalle le baahelani ho ithuta linnete tsa Bibele. Ha ba utloa hore metsi a moroallo aa atamela, ba ile ba qala ka ho ea motseng oa Dresden ho ea thusa boitekong bo neng bo etsoa ka lehlapha-hlapha ho boloka mehaho ea teng ea khale. Hang ha moroallo o kokobela, Ronnie le Dina ba ile ba ikopanya le Lipaki tse ling ho hloekisa Holo ea ’Muso ea Freital, e neng e ile ea tlala metsi a litšila. Joale sehlopha seo se ile sa qala ho thusa baahelani ba sona. Mong’a reschorente e shebaneng le holo o ile a imoloha haholo ha Lipaki li hloekisa phaposi ea hae e ka tlaase le mokato o qalang, li ntša qubu ea mahoholi le seretse.

Siegfried le Hannelore ba lula Colmnitz, motse o lik’hilomithara li ka bang 40 ka boroa-bophirimela ho Dresden. Molatsoana oo ka tloaelo o phallang har’a motse o ile oa fetoha nōka e jang litlhokoa, ea koahela ntlo le jarete ea bona. Hang ha metsi a kokobela, baahelani ba ile ba hlolloa ha ba bona Lipaki tse ka bang 30, e se baahi ba moo, li fihla li tl’o thusa ho hloekisa ntlo ea Siegfried le Hannelore. Ka mor’a moo sehlopha seo se ile sa qala ho hloekisa majarete a baahelani. Baahi ba ’maloa ba motse ba ile ba botsa hore na ba susumelitsoe ke eng ho nka leeto la lik’hilomithara tse 100 ho tla thusa batho bao ba e-song ho ka ba kopana le bona. Kahoo Lipaki li ile tsa khona ho fana ka khothatso ea moea ho mahlatsipa a Colmnitz.

Metse ea toropo ea Wittenberg le eona e ile angoa ke meroallo. Banyalani ba bang bao e leng Lipaki, ba bitsoang Frank le Elfriede, ba ile ba sebetsa le baahelani ba bona matsatsi a ’maloa pele ho moroallo oo, ba tšela lehlabathe ka mekotleng le ho e paka mabōpong a nōka ho a tiisa. Hang ha moroallo o kokobela, Frank le Elfriede ba ile ba etela ba amehileng, ba ba isetsa lijo le matšeliso. Frank oa hopola: “Mofumahali e mong eo re ileng ra mo etela o ne a sitoa ho lumela hore rōna, re sa mo tsebe, re mo tliselitse lijo re sa batle hore a li lefelle. O ile a re bolella hore ha ho le ea mong ea tsoang kerekeng ea habo ea kileng a tla mo hloela. Le mokhatlo o neng o mo tliselitse lijo o ne o ile oa mo lefisa lekhetlo ka leng ha o li tlisa. Batho ba ne ba makaletse ho bona Lipaki Tsa Jehova li ba tliselitse lijo tse chesang ho e-na le libuka tsa Bibele.”

Austria—Ho Arabela ka Potlako Koluoeng

Metsi a meroallo a ile a baka tšenyo e khōlō le Austria ea boahelani. Ho ile ha thehoa likomiti tse tharo hore li hlokomele mosebetsi oa liphallelo. Ntho e ka sehloohong e ne e le ho lokisoa ha Liholo Tsa ’Muso tse tharo tse neng li senyehile hampe. Hape, malapa a ka bang 100 a Lipaki a ne a angoe ke meroallo, ’me matlo a 50 a ne a tletse metsi. Ba bang ba ile ba lahleheloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ba sala ka tseo ba li apereng feela. Ofisi ea lekala Austria e ile ea tsebisa liphutheho tsa moo ka boemo boo, ’me ho ile ha thehoa letlōle la liphallelo. Ka September, ho ne ho se ho nehelanoe ka chelete e fetang R275 000.

’Mè e mong o ile a ngola: “Mora oa ka ea lilemo li robeli o baballa haholo ’me o ne a se a bolokile hoo e ka bang $14 [R115]. Leha ho le joalo, ha a utloa hore ba bang ba bara babo rōna ba lahlehetsoe ke lintho tsa bona kaofela, o ile a ikemisetsa ho nehelana ka sohle seo a se bolokileng letlōleng leo la likoluoa.”

Tlas’a tataiso ea Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka (RBC), tseo ka tloaelo li hlokomelang ho hahuoa ha Liholo Tsa ’Muso Tsa Lipaki Tsa Jehova, ho ile ha hlophisoa lihlopha hore li thuse ho tsosolosa matlo a sentsoeng ke meroallo. Moshebelli e mong o ile a re: “Likoranta li lokela ho tlaleha seo le se finyellang mona.” Ba bang ba bile ba fetola le maikutlo a bona ka Lipaki Tsa Jehova. Motsoali e mong oa Paki o re: “Ho fihlela hona joale, bana ba ka bao e seng Lipaki, hangata ba ne ba hana ho ’mamela ha ke leka ho arolelana le bona tumelo ea ka. Empa hona joale, ka lekhetlo la pele, baa mamela!”

Ho boetse ha etsoa boiteko ba ho thusa ba bangata bao e seng Lipaki. Ka mohlala, mosali e mong o ile a ameha ka ho teba ha Paki e ’ngoe e tla ha hae ka 7:30 hoseng ’me e mo botsa hore na o hloka thuso. Mosali eo o ile a tlameha ho ntšoa sebakeng seo, kaha metsi a ne a se a qala ho kena ka ha hae. Leha ho le joalo, ha a khutla o ile a fumana lengolo le tsoang ho Lipaki keiting ea jarete ea hae. Le ne le baleha tjena: “Haeba u hloka thuso, re tsebise hang-hang.” Lipaki li ile tsa mo thusa ho tlosa seretse le mahoholi ntlong ea hae le thepeng ea hae.

Sehlopha sa Lipaki tse 100 se ile sa ea lekeisheneng la Au ho ea thusa Lipaki tsa moo le baahelani ba tsona. Baeta-pele ba lihlopha tsena ba ne ba ea ka ntlo le ntlo ba botsa baahi hore na ba hloka thuso. Batho ba ne ba makaletse ho bona Lipaki li tlile li hlometse ka thepa ea ho ntša metsi, e kang lipompo, mafielo le likharafu. Mosebetsi oo ka tloaelo o neng o tla nka beng ba matlo beke hore ba o phethe o ile oa qetoa ka nako ea lihora tse seng kae feela. Batho ba ne ba shebeletse ba sekile meokho.

Ho ne ho ameha Lipaki tsa moo tse ka bang 400 mosebetsing ona oa liphallelo—hangata li sebetsa bosiu le motšehare. Ho ba shebelletseng, e ne e le bopaki bo ikhethang ba matla a Bokreste ba ’nete.

Isidore e Otla Mexico

Isidore e hlahile e le sefefo sa tropike ka leboea ho Venezuela. Ka la 22 September, 2002, Isidore e ile ea otla Hloahloa ea Yucatán ea Mexico, e se e le leholiotsoana le mokhahlelong oa boraro ka matla ho e mehlano. E e-na le meea e puputlang ka lebelo la lik’hilomithara tse 190 ka hora le lipula tse matla, e ile ea baka tšenyo e ’ngoe e tšabehang ka ho fetisisa paleng ea Yucatán le Campeche, e leng litereke tsa Mexico, hammoho le tšenyo e itseng seterekeng sa Quintana Roo. Yucatán feela, matlo a ka bang 95 000 a ile a senyeha hampe, ha ameha batho ba ka bang 500 000.

Mosebetsi oa liphallelo o entsoeng ke Lipaki Tsa Jehova o ile oa atleha Yucatán hoo sehlooho sa koranta e ’ngoe ka leboea ho Mexico se ileng sa re: “Lipaki Tsa Jehova li ba Pholositse.” Ho ile ha thehoa komiti ea liphallelo pele sefefo seo se fihla. Ho ile ha etsoa litokisetso tsa maemo a tšohanyetso e le hore ho ka amoheloa Lipaki tsa moo tse makholo a ’maloa. Liphutheho tse haufi li ile tsa fana ka lichelete ka potlako. Batho ba pholohileng, ho akarelletsa le ba bangata bao e seng Lipaki, ba ile ba abeloa liaparo, meriana le lijo tse ka holimo ho lithane tse 22. Baholo ba sebaka seo ba ile ba abeloa hore ba etele mahlatsipa ao a Isidore le ho a khothatsa.

Ka mor’a hore sefefo seo se fihle, ho ile ha thehoa likomiti tsa liphallelo ho thusa ho ea batla Lipaki tse nyametseng. Tse ngata li ile tsa fumanoa sekhoeng le libakeng tse ling ka mor’a matsatsi a ka bang mararo, li se na lijo kapa metsi a nooang. Libakeng tse ling metsi a ne a phahame hoo a neng a koahetse lipalo tsa motlakase! Ke kahoo ho ileng ha batloa liketsoana tse nang le lienjene ’me tsa sebelisetsoa ho batla mahlatsipa, ho a fepa le ho a isa libakeng tse sireletsehileng.

Ba boholong sebakeng seo ba ile ba alimana ka liketsoana le thepa e ’ngoe ho Lipaki, tse neng li ithaopela ho ea thusa libakeng tseo e neng e le batho ba fokolang ba nang le sebete sa ho ea ho tsona. Ka lekhetlo la pele, ofisiri e ’ngoe ea sesole e ile ea hana ho lumella Lipaki ho nka leeto le kotsi hakaalo la ho ho ea batla batho. Leha ho le joalo, ha e bona sebete sa tsona, e ile ea re: “Ke kholisehile hore le ne le tla ea le ka liroala-nkhoana, haeba ho hlokahala, ho ea pholosa batho ba habo lōna. Likoloi tsa rōna li teng hore li nke batho ba habo lōna li ba ise moo le batlang.”

Ralebenkele e mong o ne a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha Lipaki tse ling li ne li reka metsi a mangata hakana a tšetsoeng ka libotlolong. Li ile tsa hlalosa hore li a batlela barab’abo tsona ba moea le ba bang ba a hlokang. Monna eo o ile a etsa qeto ea ho li fa metsi ’ohle a ka libotlolong ao a neng a e-na le ’ona—mahala. Letsatsing le latelang o ile a nehelana ka metsi a mang—a mangata. Lebenkeleng le leng, moreki e mong o ile a botsa Lipaki hore na ke hobane’ng ha li reka lijo tse ngata hakaalo. Ha a utloa hore li rekeloa mahlatsipa a meroallo, o ile a li fa monehelo oa ho reka tse eketsehileng.

Le hoja e ka ba malapa a ka bang 3 500 a Lipaki a ileng a lahleheloa ke lintho tse bonahalang ka lebaka la Isidore, ho fumanehile hore ha ho le ea mong oa Lipaki Tsa Jehova ea nyametseng kapa ea shoeleng. Empa kaha ho ne ho senyehile matlo a Lipaki a 331, lenaneo la ho a tsosolosa le ne le hlokahala. Lipaki tse nang le tsebo ea mohaho li ile tsa etela ntlo e ’ngoe le e ’ngoe le Holo ea ’Muso ho ea bona hore na tšenyo e bile e kae. Ho fihlela joale, ho se ho lokisitsoe matlo a ka bang 258 ’me a 172 a hahiloe ho nkela a helehileng sebaka. Hape, Liholo Tsa ’Muso tse 19 tse senyehileng li mocheng oa ho hahuoa bocha.

Moholo phuthehong e ’ngoe seterekeng sa Yucatán o ile a susumelletseha hore a re: “Ke balile lingoliloeng tsa rōna ka mosebetsi oa liphallelo o entsoeng linaheng tse ling. Leha ho le joalo, ho ba boemong boo ke taba e ’ngoe. Tumelo ea ka hammoho le ea bara ba bangata babo rōna e matlafalitsoe ke ho bona kameho ea mokhatlo oa Jehova le ea barab’abo rōna ba ratehang le ho potlaka ho bileng teng ho tla re thusa.”

Mosali e mong o itse: “Ke lakatsa eka kereke ea ka e ka be e fane ka thuso joalokaha lōna Lipaki le entse.” ’Me mosali e mong, ea ileng a pholosoa ke Lipaki, o itse: “Ka lebaka la Lipaki Tsa Jehova, ha rea shoa. Li bontšitse lerato la tsona, li beha bophelo ba tsona kotsing ho ea re pholosa ha ntlo ea rōna e ne e koahetsoe ke metsi.”

Leholiotsoana le Otla Korea

Ka la 31 August le la 1 September, 2002, Leholiotsoana Rusa le ile la ama karolo e khōlō ea Korea. Song-pil Cho, moholo e mong oa phutheho, o ile a re: “E ne eka motho o kene shaoareng. Pula e ne e e-na molebe, e sa khaotse.” Ka lihora tse ka tlaase ho tse 24, ho ne ho se ho nele pula ea limilimithara tse 870—e leng pula e neleng ka sekhahla ho feta pula leha e le efe e kileng ea na sebakeng seo.

Ho ea ka The Korea Herald, ho pholletsa le naha matlo a 28 100 le lihekthere tse 85 000 tsa masimo li ile tsa koaheloa ke metsi. Batho ba ka bang 70 000 ba ile ba qobelleha ho tsoa malapeng a bona. Leholiotsoana leo le ile la bolaea liphoofolo tse 301 000, la tebisa likepe tse 126 ’me la liha lipalo tsa motlakase tse makholo-kholo. Ho ile ha tlalehoa hore batho ba fetang 180 ba shoele kapa ba nyametse. Har’a bona ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse peli.

Joaloka Europe le Mexico, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa arabela ka potlako. Menehelo e tsoang ho Lipaki e ile ea kena e tsoa hohle ka har’a naha. E ne e akarelletsa liaparo, likobo le lintho tse ling tse hlokahalang. Ho ntse ho le joalo, litho tse ling tsa liphutheho li ne li lula libakeng tseo ho ke keng ha fihloa ho tsona. Litsela li ne li senyehile, ’me marokho a hohotsoe. Ho ne ho se na motlakase kapa tsona litšebeletso tsa lifono. Kahoo ho ile ha hlophisoa lihlopha hore li nke leeto le boima la ho ea fana ka thuso e hlokahalang. Song-pil Cho, ea ileng a sebetsa le se seng sa lihlopha tsa liphallelo, ha a hlalosa sebaka se seng seo ba ileng ba ea thusa ho sona, o re: “Marokho a supileng le karolo e khōlō ea tsela li ne li hohotsoe. Ha re qetella re fihlile toropong eo, ho ne ho tletse matlo a senyehileng hohle. Ho ne ho tletse liphoofolo tse shoeleng hohle ’me ho e-na le monko o bohloko. Empa re ile ra thaba hakaakang ha re kopana le bara le barali babo rōna ba tšeletseng ba Bakreste! Ba ne ba lahlehetsoe ke lintho tsa bona tse bonahalang, empa kaofela ha bona ba ne ba phela hantle ’me ba sireletsehile.”

Ha e le hantle, Lipaki Tsa Jehova li ne li itokiselitse hantle bakeng sa koluoa ena. Kaha meroallo e tloaelehile linakong tsa lipula, RBC ea bona sebakeng sa Seoul e ne e se e ntse e qalile ho hlophisa liphallelo tsa koluoa ea nakong e tlang. Ho qala ka 1997, e ile ea tšehetsa lenaneo la selemo le selemo la koetliso e le hore baithaopi ba ka lula e le mala a laotsoe ha ho hlaha maemo a tšohanyetso.

Ka la 2 September, basebetsi ba liphallelo ba RBC ba ile ba fihla motseng oa Kangnŭng o lebōpong le ka bochabela ’me ba hloma ntlo-khōlō Holong ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo. Lintho tse tlang pele e ne e le life? Ho isa metsi a hloekileng ho batho ba pholohileng. Ha ho e-ba le meroallo e matla, hangata lipompo tsa metsi lia senyeha; metsi a meroallo a silafetse haholo. RBC e ile ea lokisetsa hore literaka tsa litanka tse khōlō tse tletseng metsi li romeloe libakeng tse amehileng.

Ka mor’a hore metsi a meroallo a fokotsehe, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e koahetsoe ke seretse se nkhang hampe. Leha ho le joalo, ho ne ho se ho qapiloe mokhoa o atlehang oa ho hloekisa. Kaha hoo e ka bang matlo ’ohle sebakeng seo a entsoe ka samente, a ne a ka hloekisoa ka ho tlosa pampiri ea maboteng le ho tlosa linoleum fatše, ebe ho hlatsuoa hohle ka lethopo le ntšang metsi ka sefutho.

Moroallo o etsa hore lisebelisoa tsa motlakase li se ke tsa sebetsa. Leha ho le joalo, haeba ka mor’a matsatsi a seng makae, lisebelisoa tse kang lihatsetsi le litanka tsa metsi a chesang li qhaqhoa ke setsebi sa motlakase ’me li hloekisoa hantle, li omisoa, eba li kopanngoa hape, maemong a mangata li tla tsoela pele li sebetsa. RBC e itlhophiselitse ho etsa mosebetsi oo. Litanka tse ntseng li sebetsa hantle li sebelisetsoa ho omisa matlo. Mokhoa oo o nka libeke tse pakeng tsa tse peli le tse tharo.

Liaparo le likobo tse sentsoeng ke meroallo le tsona li lokela ho hlatsuoa hantle ka mor’a matsatsi a seng makae e le hore li tle li ’ne li sebelisoe. Baithaopi ba tsoang phuthehong e ’ngoe ea moo ea Lipaki Tsa Jehova ba ile ba thusa ho bokella thepa ea bara babo bona ba Bakreste e silafetseng. Ho ne ho le thata ho hlatsoa seretse se neng se kenelletse liphahlong tsena—’me li ne li lokela ho hlatsuoa ka matsoho metsing a molatsoana a batang poo! Ka mor’a hore motlalehi e mong oa koranta a tsebe ka mosebetsi ona oa lerato, ho ile ha hlaha setšoantšo se seholo sa Lipaki koranteng ea sebaka seo li etsa mosebetsi ona.

Europe, Amerika Leboea le Asia, meroallo e senyang e ile ea hohola matlo, thepa le batho ba se nang palo le ba se nang molato. Le hoja li le bohloko, liketsahalo tse joalo li tloaelehile ‘matsatsing ana a ho qetela,’ a tšoauoang ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1) Likoluoa tse joalo li ka boetse tsa sebeletsa e le khopotso e hlakileng ea ’nete ena: Bakreste ba ’nete baa ratana hape ba rata le baahelani ba bona. Lerato le joalo le se nang boithati ke ntho eo ho se nang sefefo se ka le hoholang.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

JEREMANE—Ntlo e ripitliloeng ke sefefo

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

JEREMANE—Baithaopi ba fetang 2 000 ba phalletse ka potlako

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

AUSTRIA—Ba lokisa Holo ea Bona ea ’Muso Ottensheim

Ka ho le letšehali: Sehlopha sa baithaopi se khutla AU, moo se ileng sa ea thusa Lipaki tsa moo le baahelani ba tsona

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

MEXICO—Ka ho le letona: Komiti ea liphallelo e fana ka metsi a nooang ho ba pholohileng sefefo

Ka tlaase: Ho hahoa ntlo e ncha

[Litšoantšo tse leqepheng la 15]

KOREA—Ho tloha ka ho le letšehali ho ea ho le letona: Karolo e anngoeng haholo ea motse; ho hloekisa ka metsi a tsoang ka sefutho; ho hlatsoa molatsoaneng o haufi oa metsi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela