Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 3-4
  • Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona
  • Tsoha!—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2003
  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng
    Tsoha!—2009
  • Maqakabetsi a Temo a Tla Fela
    Tsoha!—2003
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 3-4

Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona

RICHARD o lema masimo a neng a lengoa ke ntate-moholo oa ntat’ae lilemong tse 100 tse fetileng. Leha ho le joalo, ka 2001 sehoai sena sa Canada ke sona sa pele melokong e mene ea lelapa la habo se sa kang sa kotula lijalo leha e le life. Li ne li sentsoe ke komello. Thekiso ea lijalo ka chelete e tlaase lilemong tse ka pele le litjeo tse ntseng li phahama li phaelletse mathateng a hae. Richard oa tletleba: “Boemo bo ntse bo mpefala ’me ha ho na tsela ea ho tsoa.”

Masimong a Lijo-thollo United States, Larry o na le polasi eo e bileng ea lelapa labo ka lilemo tse 115. O re: “Ke ne ke e-na le maikutlo a hore kea ikarabella tabeng ea hore polasi e lule e sebetsa, e ntse e kenya chelete . . . , ’me ke ile ka hlōleha.” Larry le mosali oa hae ba ile ba lahleheloa ke polasi ea bona.

Larry le Richard ha ba bang. Ho qhoma ha lefu la tlhako le molomo liphoofolong tsa mapolasi Brithani ho ile ha bakela lihoai mathata a maholo a lichelete le ho li sithabetsa maikutlong. Tlaleho e ’ngoe ea litaba e itse: “Bophelo ba letsatsi le letsatsi polasing e ’ngoe Brithani—esita le eo lefu lena le e-song ho fihle ho eona—bo tletse ho tšoenyeha, ho ikutloa motho e le mokhelo a bile a loana ka matla ho ikitlaelletsa ho koala likoloto tsa batho bao a ba kolotang.” Linaheng tse ling tse hōlang, ntoa, komello, ho ata ka potlako ha baahi, le mabaka a mang a mangata li sitisitse boiteko ba lihoai. Mebuso e qobelleha ho reka lijo linaheng tse ling—e leng lijo tseo malapa a mangata a se nang chelete e lekaneng ea ho li reka.

Kahoo, bothata ba lihoai bo bile le liphello hohle. Leha ho le joalo, ke batho ba fokolang haholo ba lulang litoropong ba nahanang ka liphephetso tsa temo. Hoo e ka bang lilemo tse 50 tse fetileng, mopresidente oa United State Dwight D. Eisenhower ka nepo o ile a re: “Temo e bonahala e le bonolo haholo ha u sebetsa liofising, ’me u le hōle haholo le masimo a lijo-thollo.” Ka ho tšoanang lihoai kajeno li na le maikutlo a hore boholo ba lefatše ha boa tloaelana le temo le mosebetsi oa bohlokoa oo li o phethang. Sehoai se seng sa Canada se tletleba ka ho re: “Re batla re sa tšoenyeha hakaalo ka hore na lijo tsa rōna li tsoa hokae. Pele li phutheloa ka lipolasetiki ’me li behoa lishelefong tsa mabenkele, li se li fetile matsohong a mangata haholo.”

Kaha kaofela re itšetlehile ka indasteri ea temo, mathata a lihoai a ke ke a hlokomolohuoa. Litsebi tsa thuto ea kahisano, Don A. Dillman le Daryl J. Hobbs lia lemosa: “Sechabeng sa rōna se itšetlehileng ka se seng, ka potlako mathata a libaka tsa mahaeng a fetoha mathata a litoropong ’me a litoropong a fetoha a mahaeng. Ebang ke sechaba sa habo rōna sa litoropong kapa sa mahaeng, ha ho se ka tsoelang pele nako e telele haeba se seng se saletse morao.” Ho feta moo, lefatšeng la kajeno le tšoanang le motse o le mong, ho oa ha moruo sechabeng se seng ho ka ama ho rekisoa ha lijalo linaheng tse ling le theko ea ho hlahisoa ha tsona hampe haholo.

Joale ha ho makatse hore ebe New York Center for Agricultural Medicine and Health e ile ea tlaleha: “Temo ke o mong oa mesebetsi e 10 e bakang khatello ka ho fetisisa kelellong United States.” A mang a mabaka a bakang maqakabetsi aa a temo ke afe? Lihoai li ka sebetsana ka katleho le maemo aa joang? Na ho na le lebaka la ho lumela hore maqakabetsi aa a ka rarolloa?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

“Temo e bonahala e le bonolo haholo ha u sebetsa liofising, ’me u le hōle haholo le masimo a lijo-thollo”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela