Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/09 maq. 21-23
  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Phetoho e Khōlō ea Qaleha
  • Saense e Tlisa Liphetoho Tse Eketsehileng Temong
  • Bophelo ba Lihoai bo Fetohile
  • Lihoai li Ntse li le Mathateng
  • Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona
    Tsoha!—2003
  • Maqakabetsi a Temo a Tla Fela
    Tsoha!—2003
  • Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2003
  • Ho se Tšoane ha Lintho ke Habohlokoa Bophelong
    Tsoha!—2001
Tsoha!—2009
g 9/09 maq. 21-23

Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng

U FUMANA lijo hokae? Na ua li reka kapa u itemela tsona? Hase khale haholo ha batho ba bangata e ne e lihoai tse iphelisang ka temo. Empa hona joale linaheng tse ling tse tsoetseng pele, ke motho a le mong feela ho ba 50 ea etsang mosebetsi oa temo. Ho tlile joang hore ho be le phetoho ee?

Mekhoa e ntlafetseng ea temo e qalile butle ea ntan’o tsoela pele ka sekhahla. Mohato o mong le o mong o tliselitse malapa a limilione phetoho e khōlō, ’me ho ntse ho le joalo le kajeno lefatšeng ka bophara. Ha re sheba kamoo khatelo-pele e ’nileng ea e-ba teng temong e ammeng bophelo ba batho kateng, seo se tla re thusa ho utloisisa lefatše la kajeno.

Phetoho e Khōlō ea Qaleha

Ho makatsang ke hore e ’ngoe ea liphetoho tse khōlō ka ho fetisisa temong Europe e etsahetse lekholong la bo12 la lilemo, ha batho ba qala ho sebelisa marapo a lipere. A ne a etsa hore pere e se ke ea khangoa ha e sebetsa. Kahoo ha lipere li ne li tlanngoe ka marapo ao, li ne li ka hula lintho tse boima haholo, tsa li hula ka potlako le hona ka nako e telele ho feta likhomo tse neng li sebelisoa pele. Lihoai li ile tsa eketsa tlhahiso ea tsona ha li sebelisa lipere. Li ne li lema ka mehoma ea tšepe masimong ao pele ho neng ho le thata ho a lema. Ntho e ’ngoe e ileng ea ntlafatsa temo qalong e bile ho lema lijalo tse nontšang mobu—tse kang linaoa, lierekisi, clover le lesere—tse etsang hore mobu o be le naetrojene e ngata. Mobu o nonneng o ile oa hlahisa chai.

Mehato eo ea qalong ea ntlafatso e ile ea thusa lihoai tse ling hore li hlahise lijalo tse ngata hoo li neng li bile li rekisa tse ling. Sena se ile sa etsa hore ho be le metse e meholo, moo batho ba neng ba reka lijo hape ba sebetsa e le bahlahisi le bahoebi. Ba bang ba bahlahisi, bahoebi le lihoai tsena tse ruileng, ba ile ba qapa mechine ea temo.

Hoo e ka bang ka 1700, Jethro Tull, eo e neng e le sehoai sa Lenyesemane, o ile a qapa polantere e huloang ke lipere, e ileng ea nka sebaka sa mokhoa oa ho jala ka letsoho, e leng mokhoa o neng o senya peō. Ka 1831, Cyrus McCormick oa United States o ile a qapa mochine o neng o kotula ka lebelo ka makhetlo a mahlano ho feta ha motho a kotula lijo-thollo ka sekele. Hape, hoo e ka bang nakong eo, bahoebi ba ile ba qala ho tlisa manyolo Europe a tsoang mabōpong a Amerika Boroa haufi le lithaba tsa Andes. Ho sebelisa mechine le manyolo ho ile ha eketsa chai. Empa see se ile sa ama batho joang?

Khatelo-pele e bileng teng temong e ile ea theola theko ea lijo metseng, ’me seo sa tlisa phetoho e khōlō indastering. Phetoho ena e khōlō e qalile Brithani hoo e ka bang ka 1750 ho isa ho 1850. Malapa a likete a ile a tlameha ho fallela metseng ea indasteri ho ea sebetsa merafong ea mashala, moo ho etsoang lintho tsa tšepe, ho hahoang likepe le moo ho etsoang masela. A ne a se na boikhethelo. Lihoai tse nyenyane tse neng li imeloa ke mekhoa ena e mecha ea temo li ne li fumana chelete e fokolang ’me li sa khone ho lefella rente. Li ile tsa tlameha ho siea mapolasi a tsona ho ea lula metseng e nang le baahi ba bangata moo mafu a atang ka potlako. Ho e-na le hore malapa a sebetse hammoho temong, banna ba ne ba tlameha ho ea sebetsa libakeng tse hōle le hae. Esita le bana ba ne ba qeta lihora tse ngata ba sebetsa lifekthering. Ka mor’a nakoana, le linaheng tse ling ho ile ha e-ba le liphetoho tse tšoanang.

Saense e Tlisa Liphetoho Tse Eketsehileng Temong

Ka 1850, linaha tse ling li ne li ruile hoo li neng li ka tšehetsa lipatlisiso tsa temo ka lichelete. Liphuputso tsa saense litabeng tsa temo li entse hore ho be le liphetoho ho fihlela kajeno. Ka mohlala, batho ba nyalisang lipeō ba hlahloba liphatsa tsa tsona tsa lefutso ’me ba hlahisa lijalo tse bang le chai kapa tse sa khathatsoeng ke mafu. Bafuputsi ba ile ba boela ba fumana motsoako o loketseng oa matsoai a naetreite le fosfeite, a hlokahalang bakeng sa lijalo tse sa tšoaneng le mefuta e sa tšoaneng ea mobu. Lehola le ne le phathahanya batho ba sebetsang masimong, ba hlaola nakong ea temo. Empa ba bangata ba basebetsi bao ba ile ba felloa ke mosebetsi, ha bo-rasaense ba etsa meriana e tsoetseng pele e etsang hore lehola le liehe ho hōla. Likokoanyana, libōkō le tšupa le tsona ke khale li tšoenya balemi. Leha ho le joalo, hona joale lihoai li se li ka fumana meriana bakeng sa eng kapa eng e li tšoenyang.a

Bophelo ba barui ba liphoofolo le bona bo fetohile. Mechine e hamang likhomo le ho li fepa e etsa hore molisana a le mong le mothusi oa hae ba hlokomele likhomo tse ka bang 200. Ba ka boetse ba nontša manamane le likolobe ka ho li koalla ka masakeng kapa ka lihokong ho e-na le ho a tlohela hore a fule masimong, kahoo ba khona ho laola mocheso oo li bang ho oona le hore na li je hakae.

Hangata ho sebelisa mekhoa ena ea saense ho ne ho tlisa liphello tse ikhethang. Lihoai tse ling li ile tsa eketsa tlhahiso ea mosebetsi ka mong ka makhetlo a lekholo kapa esita le a sekete ha ho bapisoa le pele ho mehla ea tsoelo-pele. Empa tsoelo-pele ee litabeng tsa temo e ile ea ama bophelo ba batho joang?

Bophelo ba Lihoai bo Fetohile

Mechine e fetotse bophelo ba lihoai libakeng tse ngata. Hona joale lihoai tse ngata le basebetsi li tlameha ho tseba ho sebelisa mechine e tsoetseng pele le ho e hlokomela. Tse ngata li itšebeletsa li le ling. Ha ho sa na matsema a neng a etsoa ha ho lengoa, ho hlaoloa le ha ho kotuloa.

Linaheng tse ngata ho na le lihoai tsa mofuta o mocha, e leng bo-rakhoebo ba rutehileng haholo ba sebetsanang ka ho khetheha le ho lema lijalo tse itseng kapa sejalo se itseng seo ba se hlahisang ka bongata. Ba tsetetse chelete e ngata haholo temong, mehahong le mechineng. Empa ba ntse ba itšetlehile ka ba bang. Lik’hamphani tse khōlō tse kenyang lijo ka libotlolong le ka makotikoting le lisuphamakete tse nang le mabenkele a mangata li laola litheko le hore na lihlahisoa tsa sehoai e be tsa mofuta ofe, li be kae ka boholo le hore na li be joang ka ’mala. Baenjiniere ba temo ba ba etsetsa meralo ea tlhahiso, ’me lik’hamphani tse sebetsanang le lintho tseo ka ho khetheha li ba rekisetsa manyolo a loketseng mapolasi a bona, meriana ea likokoanyana le lipeō tse nyalisitsoeng. Ba lema ka tsela e fapaneng hōle le eo baholo-holo ba bona ba neng ba lema ka eona. Empa ba ntse ba sokola, ’me batho ba bang ba tšoenyehile ka hore mekhoa e meng ea temo e ka ’na ea e-ba le liphello tse kotsi.

Lihoai li Ntse li le Mathateng

Linaheng tse ruileng, lihoai tse ngata li ntse li tlameha ho tloha mapolasing a tsona, kaha ha li khone ho hlōlisana le lihoai tse khōlō tse ikopantseng. Lihoai tse ling li khona ho tsoela pele li phela ka tsela eo li e ratang ka hore feela li fetohele mesebetsing e meng e fanang ka litšebeletso tsa boikhathollo, e akarelletsang libaka tseo bahahlauli ba fihlelang ho tsona, kapa tseo batho ba ka hlomang litente ho tsona, ba bapala kolofo le tseo ho etsoang lihlahisoa tsa matsoho tsa batho ba mahaeng. Tse ling li khetha ho lema lihlahisoa tse khethehileng—tse kang tse lenngoang ka manyolo a tlhaho, lipalesa, ho rua limpshe le li-alpaca.

Linaheng tse futsanehileng moo karolo ea 80 lekholong ea batho e iphelisang ka temo, lihoai tse ngata li boetse li thulana le phetoho e sithabetsang. Lik’hamphani tsa machaba tse sebelisang mekhoa e tsoetseng pele ea temo li ka ’na tsa reka boholo ba masimo a nonneng ’me tsa lema lijalo tseo li li rekisang limmarakeng tse hōle. Lihoai tse ling tse nang le mechine e seng mekae, le teng haeba li e-na le eona, li atisa ho lema libakeng tse letsoatlara kapa masimong a manyenyane e le hore li fepe ba malapa a tsona.

Ka lebaka la boemo bo qalileng lilemong tse makholo tse fetileng hona joale batho ba bangata ba fallela metseng ea litoropo. Phetoho ena ea ho tlohela bophelo ba temo le ho ea litoropong e ruisa batho ba bang molemo, ha ba bang bona e ba sulafaletsa bophelo. Ke mebuso e fokolang, haeba e teng, e thusang batho ba amehang le e bontšang ho ba qenehela. Ka sebele batho ba hloka ’Muso oa Molimo, oo ha o se o busa o tlang ho fetola tsela eo re phelang ka eona hore e be e molemo!—Esaia 9:6.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tsoha! ha e buelle mokhoa leha e le ofe oa temo ka ho khetheha.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]

LITSELA TSE PELI TSA TEMO

Eusebio o lula lithabeng tsa Andes, moo a lemang a bileng a ruileng likhomo tse 14. O re: “Kaofela ha tsona li na le mabitso. Ke rata temo. Re itemela meroho. ’Na le mosali oa ka re thusa baahelani ba rōna ho lema le ho kotula, ’me le bona baa re thusa. Kaofela ha rōna ha re na mechine ea temo. Re lema ka likhomo, ’me matsoapong teng re lema ka matsoho.

“Ka nako e ’ngoe, likhomo tsa rōna tse ngata li ile tsa bolaoa ke boloetse. Ka mor’a moo, ke ile ka ea thupelong e khutšoanyane ho ea ithutela ho hlokomela liphoofolo. Ka mor’a moo, ha re e-s’o ka re shoeloa ke phoofolo le e ’ngoe ka lebaka la ho kula, ’me hona joale ke thusa baahelani ha liphoofolo tsa bona li kula. Re rekisa chisi ’marakeng oa motse, empa re fumana chelete e fokolang haholo. Leha ho le joalo, kamehla re khona ho fepa bana ba rōna ba tšeletseng.”

Richard oa Canada o lema lekhulong le boholo ba lihekthere tse 500. O itšebeletsa a le mong, empa ha a jala le ha a kotula o hira motho ea mo thusang.

Richard o re: “Kajeno, mosebetsi oa temo o khathatsa motho kelellong ho feta ’meleng. Terekere ea ka le mochine o kotulang li na le karolo e laolang moea e ntšireletsang lerōleng le likokoanyaneng. Ke na le mechine e bophara ba limithara tse 9, kahoo ka letsatsi nka jala kapa ka kotula sebaka se boholo ba lihekthere tse 65. Empa kaha ke tšepile mechine ena haholo, eo ke eona ntho e nkhathatsang kelellong. Ka linako tse ling, ke lokela ho alima chelete e le hore ke reke e mecha. Hore na ke tla khona ho lefa sekoloto, ho itšetlehile ka lintho tseo nke keng ka li laola—tse kang pula, lebabo, litheko tsa lihlahisoa le sekhahla sa tsoala libankeng. Mathata a temo a entse hore lihoai tse ngata li be le mathata a lenyalo mona, ’me tse ling li bile li ipolaile.”

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Mochine o kotulang oa McCormick, o qapiloeng ka 1831, o ile oa thusa lihoai ho kotula lijo-thollo ka lebelo, ka makhetlo a mahlano ho feta pele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Wisconsin Historical Society, WHi-24854

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela