Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g03 10/8 maq. 9-11
  • Maqakabetsi a Temo a Tla Fela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maqakabetsi a Temo a Tla Fela
  • Tsoha!—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ba Bang ba Sebetsaneng le Boemo
  • Ho Hlokomela Lelapa
  • Kamoo ba Bang ba ka Thusang
  • Tharollo ea ka ho sa Feleng
  • Kamoo Temo ea Kajeno e Fetotseng Lefatše Kateng
    Tsoha!—2009
  • Maqakabetsi ao Lihoai li Talimaneng le ’Ona
    Tsoha!—2003
  • Maqakabetsi a Lihoai a Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2003
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2003
g03 10/8 maq. 9-11

Maqakabetsi a Temo a Tla Fela

RODNEY, eo e leng sehoai sa boraro ho tloha ho ntat’ae moholo, o re: “Ba bang ha ba talima boemo boo lihoai li talimaneng le bona, ba tlameha ho botsa hore na ke hobane’ng ha leha e le mang a ka rata ho tsoela pele ka temo.” Leha ho le joalo, ba limilione lefatšeng ka bophara ba ntse ba tsoela pele ka temo. Linaheng tse ntseng li hōla, ho ka ’na ha e-ba le menyetla e fokolang ea ho hiroa; bonyane temo e ka thusa lelapa hore le be le seo le se jang qetellong ea letsatsi.

Ho feta moo, malapa a mangata a na le maikutlo a hore temo hase feela mosebetsi empa ke tsela ea bophelo. Batho ba ’maloa ba ’nileng ba tsoela pele ka temo ho sa tsotellehe komello, maloetse, maemo a moruo a thata le maqakabetsi a mang ke bopaki bo tiileng ba hore ba rata bophelo ba lihoai. Pele re hlahloba tharollo maqakabetsing a temo, a re ke re shebeng hore na lihoai tse ling li ’nile tsa thusoa joang ho sebetsana ka katleho le boemo boo.

Kamoo ba Bang ba Sebetsaneng le Boemo

Temo e tsamaisana le mathata a ’maloa a ke keng a qojoa. Ho tlameha ho lumeloa hore boemo ba leholimo, moruo le maemo a mang a mangata a sithabetsang ho hang li ke ke tsa laoloa. Tlaleho e phatlalalitsoeng ke North Carolina Cooperative Extension Service e re: “Thuto e boima ho lihoai tse ngata ke ea hore ho sebetsa ka thata hase kamehla ho lebisang katlehong. Molao-motheo oa ho sebetsa ka thata o metseng ka metso bophelong ba sehoai se seng le se seng hase kamehla o hlahisang meputso eo o e tšepisang. Ho sehoai se seng le se seng, ho na le maemo le mabaka a ka nģ’ane ho matla a sona.” Sehoai se seng se seng se hōlile se ile sa hlalosa kamoo se ileng sa khona ho lula se thabile kateng, ha se ne se re: “Ke ile ka ithuta feela ho amohela boemo boo nke keng ka bo qoba.”

Maele a boholo-holo a re: “Ea shebellang moea a ke ke a jala peō; ’me ea talimang maru a ke ke a kotula.” (Moeklesia 11:4) Ho hloka botsitso le ho sitoa ho etsa qeto ho ka khina motho matsoho. Ho tlosa maikutlo a mabe ka a matle ho ka thusa ho fokotsa khatello ea kelello e sa hlokahaleng.

Ho ja lijo tse nepahetseng, ho phomola ka ho lekaneng le ho ikoetlisa ka tsela e loketseng le hona ho ka ba le liphello tse ntle. The Western Producer e tlaleha hore lihoai tse lulang li phetse hantle “li etsa liqeto tse molemo.” Eugene oa sehoai le mosali oa hae, Candace, ba ile ba bolella Tsoha! hore: “Ho phomola ka ho lekaneng ho re thusa ho sebetsana ka katleho le khatello ea kelello. Mathata ho bonahala a le manyenyane a bile a le bonolo ho a rarolla ha re ile ra phomola. Lijo tse loketseng le tsona lia thusa, haholo-holo ha li jeoa hammoho le le lelapa.” Keletso ena e lumellana le seo Bibele e se buang: “Motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.”—Moeklesia 3:13.

Ho Hlokomela Lelapa

Sehoai se seng se ile sa bolella Tsoha! hore: “Malapa a mangata a lihoai a ’nile a tlameha ho iphelisa ka mosebetsi o mong ka ntle le oa temo. Le hoja sena se etsoa ka morero oa ho ba imolla licheleteng, khatello e ’ngoe ea kelello e amanang le likamano tsa lelapa e ka ’na ea hlaha. Malapa a mang a lihoai ao pele a neng a momahane haufi-ufi hona joale a arohane.” Malapa a ka sebetsana ka katleho joang le see?

Lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng, lihlooho tsa malapa li ile tsa eletsoa: “Lokisa mosebetsi oa hao ka ntle, ’me u itokisetse oona tšimong. Ka mor’a moo u boele u hahe lelapa la hao.” (Liproverbia 24:27) Randy, eo e leng ntate ebile e le sehoai sa bone ho tloha ho ntate moholo oa ntat’ae, o re: “Ho ipha nako ea ho leboha litho tsa lelapa hoa hlokahala. Setho se seng le se seng sa lelapa se hloka khothatso le lerato. Mantsoe a mosa le liketso tse mosa li etsa hore e mong le e mong a ikutloe a hlokoa a bile a ananeloa.”

Ka ho khetheha bana ba hloka ho tiisetsoa ha ho etsahala liphetoho tse khōlō. Tahlehelo eo bana ba e utloang ka mor’a ho tseba hore polasi ea lelapa e tla koaloa e ’nile ea bapisoa le ea bana bao batsoali ba bona ba hlalaneng kapa ba shoeleng. Ho hlokahala hore ba tsebe hore ha ba ikarabelle bakeng sa bothata boo le hore lelapa le tla ’ne le lule hammoho.

Kamoo ba Bang ba ka Thusang

Lihoai tse hatellehileng kelellong li ka ’na tsa itšehla thajana, tsa qoba le metsoalle ea tsona. (Liproverbia 18:1) Leha ho le joalo, nakong ea ho tepella, motho o hloka ho tšehetsoa ke ba bang ho feta leha e le neng pele!

Na u na le metsoalle leha e le efe kapa baahelani ba mahlomoleng ka lebaka la maqakabetsi a temo? Hore feela batho ba joalo ba bontšoe kutloelo-bohloko ho ka thusa. Sehoai se seng se bitsoang Ron se re: “Taba ea hore metsoalle ea rōna e hlokomela mathata ao re fetang har’a ’ona ke matšeliso ka bohona.” E, e be uena ea qalang ho etela metsoalle ea hao le ho e mamela ha e ntša se ka sefubeng.

Jack o ile a rua molemo liketelong tse joalo. Oa pheta: “Ka thabo ke hopola liketsahalong tseo ho tsona metsoalle ea ka e ileng ea hlokomela hore ke sithabetse maikutlo ’me ea nketela ho tla nkhothatsa.” Ha ho hlokahale hore motho a utloisise mesebetsi ea temo hore e be ea tšehetsang. Rodney, ea qotsitsoeng qalong, o re: “Taba ea hore feela metsoalle ea ka e ea hlokomela hore ke na le mosebetsi o boima, ho mpha matla le takatso ea ho batla ho etsa seo nka se khonang.” Re hopotsoa maele a Bibele: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.”—Liproverbia 17:17.

Tharollo ea ka ho sa Feleng

Maqakabetsi a temo ke bo bong ba bopaki ba ho hlōleha ha motho ho laola lefatše le matlotlo a lona ka katleho. Moprofeta Jeremia o ile a re: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Ka ho hlakileng, motho o hloka thuso ea Molimo. ’Me u ka kholiseha hore thuso e joalo e tseleng.

Tlaleho ea Bibele e re: “Jehova Molimo a nka motho a mo beha serapeng sa Edene ho se lema le ho se hlokomela.” (Genese 2:15) E, e bile ka taelo ea ’Mōpi oa rōna temo e ileng ea e-ba teng! Makholo a lilemo hamorao, Molimo o ile a isa batho ba hae ba Baiseraele naheng ea Kanana. Mabapi le naha eo, tlaleho e bululetsoeng e re: “E noa metsi a pula ea maholimo; naha eo Jehova Molimo oa lōna a e hlokometseng. Mahlo a Jehova Molimo oa lōna a ho eona kamehla, ho tloha qalong ea selemo ho ea qetellong ea selemo.” (Deuteronoma 11:11, 12) Jehova o boetse a fana ka melao e ileng ea sireletsa Naha eo e Tšepisitsoeng hore e se ke ea sebelisoa hampe. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba lokela ho tlohela masimo a bona, lirapa tsa merara le meru ea mohloaare hore li lale selemo se seng le se seng sa bosupa. (Exoda 23:10, 11) Kahoo naha eo e ne e bolokoa e nonne.

Re ka kholiseha hore nakong e tlang tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo—puso ea leholimo e eteletsoeng pele ke Jesu Kreste—lefatše le tla thabela tlhahiso ea temo eo ho seng e kileng ea lekana le eona. (Esaia 35:1-7) Ha a sa le lefatšeng, ’Musi ea behiloeng oa ’Muso ona, Jesu Kreste, o ile a bontša matla a hae a ho laola matla a tlhaho a amang temo. (Mareka 4:37-41) Pesaleme ea 72 e hlalosa boemo bo tlang ho ba teng ha a sebelisa matla a hae ho folisa lefatše le baahi ba lona. E ea re tiisetsa: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba. Litholoana tsa hae li tla ba joaloka Lebanone, ba tsoang motseng ba tla thunya joaloka limela tsa naha.” (Pesaleme ea 72:16) Batho ba Molimo ba letetsoe ke chai e sa tloaelehang ea lijo tseo ba tla li kotula ka thabo lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Thuto e boima ho lihoai tse ngata ke ea hore ho sebetsa ka thata hase kamehla ho lebisang katlehong”

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Ho hlokomela litlhoko tsa maikutlo le tsa moea tsa litho tsa lelapa ho ka ba thusa ho sebetsana le boemo ka katleho

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Tlas’a puso ea Molimo, lefatše le tla hlahisa lijo ka bongata bo tšosang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Garo Nalbandian

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela