Mefuta e sa Tšoaneng ea Khethollo
“Ntša khethollo ka monyako, ’me e tla khutla ka fensetere.”—Frederick e Moholo, Morena oa Prussia.
RAJESH o lula Paliyad, motsana o mong oa India. Joaloka litho tse ling tsa sehlopha sa Maindia a khesoang, o lokela ho tsamaea metsotso e 15 ka maoto ho ea khella lelapa metsi. Oa hlalosa: “Ha rea lumelloa ho kha metsi lipompong tsa motseng moo sehlopha se phahameng se khang teng.” Ha a sa kena sekolo, Rajesh le metsoalle ea hae ba ne ba ke ke ba thetsa le ho thetsa bolo e neng e rahoa ke bana ba bang. O re: “Ho e-na le hoo re ne re bapala ka majoe.”
Mocha e mong oa Asia ea bitsoang Christina, eo hona joale a lulang Europe, o re: “Kea hlokomela hore batho ba ntlhoile, empa ha ke tsebe hore na hobane’ng.” Oa phaella: “Ho utloisa bohloko haholo. Hangata ke ikhetha ho ba bang, empa sena ha se thuse ka letho.”
Stanley oa Afrika Bophirimela o re: “Ke qalile ho tseba ka khethollo ha ke le lilemo li 16. Batho bao ke sa ba tsebeng ho hang ba ne ba mpolella hore ke tlohe motseng. Batho ba bang ba morabe oa heso ba ile ba chesetsoa matlo. Ntate o ile a haneloa ho ntša chelete ea hae e neng e le bankeng. Ka lebaka leo, ke ile ka qala ho hloea morabe o neng o re khetholla.”
Rajesh, Christina le Stanley ke batho ba iphumaneng ba khetholloa, ’me hase bona feela. Koichiro Matsuura, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso (UNESCO), oa hlalosa: “Batho ba limilione tse makholo-kholo kajeno ba ntse ba hlokofatsoa ke khethollo ea morabe, leeme, ho tšaba batho ba morabe o mong le ho khesoa. Mekhoa e joalo e se nang botho, e bakoang ke ho hloka tsebo le ke khethollo, e entse hore linaheng tse ngata ho be le lintoa tsa lehae le ho bakela batho mahlomola a maholo.”
Haeba ha u e-s’o iphumane u khetholloa, u ka ’na ua se ke ua utloisisa hantle hore na ke ntho e bohloko hakae. Buka ea Face to Face Against Prejudice, e re: “Ba bang ba shoella holimo feela. Ba bang ba busetsa khethollo ka khethollo e matla le ho feta.” Khethollo e senya bophelo ka litsela life?
Haeba u karolo ea sehlopha sa batho ba fokolang ka palo har’a ba bangata, u ka ’na ua fumana hore batho ba leka ho u qoba, ba u sheba hampe, kapa ba bue lintho tse hlabang ka setso sa heno. Menyetla ea hore u ka hiroa e ka ’na ea fokola ntle le haeba u ka amohela mosebetsi o tlaase oo ho seng motho ea batlang ho o etsa. Mohlomong ho thata le ho fumana bolulo bo botle. Bana ba hao ba ka ’na ba ikutloa ba qheleloa ka thōko le ho se ratoe ke bana bao ba kenang sekolo le bona.
Ho hobe le ho feta, khethollo e ka susumelletsa batho hore ba be mabifi kapa ba be ba bolaee ba bang. Ka sebele, histori e tletse ka mehlala e nyarosang ea mabifi a ka bakoang ke khethollo—ho kopanyelletsa le ho bolaea batho ba bangata ka sehlōhō, ho leka ho timetsa morabe o itseng ka ho feletseng, le se bitsoang ka hore ke tlhoekiso ea morabe.
Khethollo ho Theosa le Lilemo
Bakreste e kile ea e-ba liphofu tse ka sehloohong tsa khethollo. Ka mohlala, nakoana ka mor’a lefu la Jesu, ba ile ba puputloa ke mahloriso a matla, a sehlōhō. (Liketso 8:3; 9:1, 2; 26:10, 11) Lilemo tse makholo a mabeli hamorao, ba ipitsang Bakreste ba ile ba tobana le mahloriso a sehlōhō. Mongoli oa lekholong la boraro la lilemo, Tertullian, o ile a ngola: “Haeba ho e-ba le seoa sa lefu le itseng, hang ho ba le mohoo o reng ‘Bakreste ba lahleloe ka litaung.’”
Leha ho le joalo, ho tloha ka Lintoa Tsa Bolumeli tsa lekholong la bo11 la lilemo, Bajuda ba ile ba fetoha sehlopha se sa rateheng Europe. Ha lefu la seoa la ho ruruha litšoelesa le ne le etsa mofela k’honthinenteng eo, le bolaea batho ba ka etsang kotara ea baahi bohle ka lilemo tse seng kae feela, ho ile ha e-ba bonolo ho beha Bajuda molato kaha ba bangata ba ne ba se ba ntse ba ba hloile. Bukeng ea hae ea Invisible Enemies, Jeanette Farrell oa ngola: “Batho ba ile ba be ba se ba itšireletsa ka seoa sena lehloeong leo ba neng ba e-na le lona, ’me lona lehloeo leo la etsa hore batho ba tšabang lefu lena ba jarise Bajuda molato.”
Qetellong, ha monna e mong oa Mojuda a ne a hlokofatsoa ka boroa ho Fora, o ile a be a se a “lumela” hore Bajuda ba ne ba bakile lefu lena la seoa ka ho tšela chefo ka lilibeng. Ho hlakile hore o ne a lumetse ntho e sieo, empa boitsebiso boo bo ile ba phatlalatsoa e le ’nete. Ka potlako Bajuda bohle ba ile ba bolaoa Spain, Fora le Jeremane. Ho bonahala ho ne ho se ea lebisang tlhokomelo sesoseng sa sebele sa lefu leo—e leng litoeba. ’Me ke batho ba ’maloa feela ba ileng ba hlokomela hore le bona Bajuda ba ne ba ntse ba bolaoa ke lefu lena la seoa joaloka mang le mang!
Hang ha mollo oa lehloeo o se o hotetse, o ka lula o kunkela ka lilemo tse makholo. Bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, Adolf Hitler o ile a butsoela malakabe a bora khahlanong le Bajuda ka ho ba phara ka molato oa hore ke bona ba entseng hore Jeremane e hlōloe Ntoeng ea I ea Lefatše. Ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, Rudolf Hoess—molaoli oa kampo ea mahloriso ea Auschwitz—o ile a lumela: “Lebotho la rōna le likhopolo-taba tseo re neng re li rutiloe li ile tsa etsa hore re lumele habonolo feela hore re lokela ho sireletsa Jeremane ho Bajuda.” E le “ho sireletsa Jeremane,” Hoess o ile a laola polao e sehlōhō ea batho ba ka bang 2 000- 000, bao boholo ba bona e neng e le Bajuda.
Ka masoabi, ha lilemo tse ling tse mashome li ntse li feta, masetla-libete a joalo ’ona ha a e-s’o fele. Ka mohlala, ka 1994 lehloeo la morabe le ile la qhoma Afrika Bochabela pakeng tsa Matutsi le Mahutu, ’me ha shoa bonyane batho ba ka etsang halofo ea milione. Makasine ea Time e ile ea tlaleha: “Ho ne ho se moo batho ba ka tšabelang teng. Mali a ne a phalla ka likerekeng moo ba bangata ba neng ba balehetse teng ho fumana tšireletso. . . . E ne e le ntoa ea ho tšoarana ka matsoho, ntoa e mahlo-mafubelu ea ho nyoreloa mali, e ileng ea siea mahlatsipa a tonne mahlo a bile a ahlame.” Esita le bana ha baa ka ba qeneheloa pefong eo e nyarosang. Moahi e mong o itse: “Rwanda ke sebaka se senyenyane. Empa lehloeo le mona le feta le ka fumanoang leha e ka ba kae lefatšeng.”
Likhohlano tse bakileng ho arohana ha seo e kileng ea e-ba Yugoslavia li ile tsa etsa hore batho ba fetang 200 000 ba lahleheloe ke bophelo. Baahelani ba neng ba lutse ka khotso ka lilemo ba ile ba bolaeana. Basali ba likete ba ile ba betoa, ’me batho ba limilione ba qobelloa ho tsoa mahaeng a bona tlas’a leano le sehlōhō la tlhoekiso ea morabe.
Le hoja maemong a mangata khethollo e sa lebise ho bolaeeng, hoo e ka bang kamehla e arola batho le ho hlohlelletsa lehloeo. Tlaleho ea morao tjena ea UNESCO e re ho sa tsotellehe boiteko ba hore lefatše le kopane, khethollano ea merabe “e bonahala e ntse e ja setsi likarolong tse ngata tsa lefatše.”
Na ho na le se ka etsoang ho felisa khethollo? E le ho araba potso eo, re lokela ho fumana hore na khethollo e mela joang kelellong le pelong ea motho.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Matšoao a Khethollo
Bukeng ea hae ea The Nature of Prejudice, Gordon W. Allport, o thathamisa mekhoa e mehlano ea boitšoaro bo bakoang ke ho ba le khethollo. Hangata motho ea nang le khethollo o bontša letšoao le le leng kapa ho feta, ho ana a latelang.
1. Lipuo tse nyatsa-nyatsang. Motho o bua sehlopha sa batho bao a sa ba rateng hampe.
2. Ho ba qoba. O koekoetla motho leha e le ofe oa sehlopha seo.
3. Ho ea ka tšobotsi. O tima litho tsa sehlopha sa batho bao a ba nyatsang menyetla ea mesebetsi e itseng, libaka tse itseng tsa bolulo kapa litokelo tse ling tsa sechaba.
4. Ho ba hlasela. O kenya letsoho liketsong tse mabifi tse reretsoeng ho tšosa batho ba hloiloeng.
5. Polao. O kopanela ho fenetheng, ho bolaeeng batho ka bongata kapa hona ho kopanela lenaneong la ho felisa batho ba itseng ka ho feletseng.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Kampo ea baphaphathehi ea Benaco, Tanzania, la 11 May, 1994
Mosali o phomotse haufi le linkho tsa hae tsa metsi. Baphaphathehi ba fetang 300 000, boholo e le Mahutu a Rwanda, ba ile ba balehela Tanzania
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo by Paula Bronstein/Liaison