Lithaba—Lebaka Leo re li Hlokang
“Hloa lithaba ’me u utloe ha li u bolella litaba tse monate. U tla apareloa ke khutso joalokaha mahlaseli a letsatsi a chabela lifate. U tla hahloa ke moea o pholileng, pula ea litloebelele e u hlasimolle, ha ka nako e tšoanang u tla lebala tu! ka litsietsi.”—JOHN MUIR, SENGOLI LE SETSEBI SA LINTHO TSA TLHAHO SA MOAMERIKA
JOALOKAHA John Muir a sibolotse lilemong tse fetang lekholo tse fetileng, lithaba li na le matla a ho re ama maikutlo. Botle ba tsona bo hlollang boa re khahla, liphoofolo tse hlaha tse phelang ho tsona lia re thabisa, ’me khutso ea tsona ea re khatholla. Ba limilione ba etela lithaba selemo se seng le se seng ho ea thabela botle ba naha le ho ea ikhatholla moeeng. Klaus Toepfer, mookameli ea ka holimo-limo oa Lenaneo la Machaba a Kopaneng la Tikoloho o re: “Ho tloha mehleng ea khale-khale, lithaba li ’nile tsa etsa hore batho ba hlolloe le ho tsota.”
Empa hase lintho tsohle lithabeng tse tsamaeang hantle. Ka lilemo, ho ba hōle ha tsona ho ’nile ha li sireletsa haholo ho senngoeng ke batho. Leha ho le joalo, hona joale li kotsing. Koranta e ’ngoe e sa tsoa hatisoa ea Machaba a Kopaneng e ea hlalosa: “Tse ling tsa libaka tsena tsa ho qetela tse hlaha li nyamela ka potlako ka lebaka la temo, ntšetso-pele ea litšebeletso tsa naha le lintho tse ling tse kenellang.”
Lithaba li nkile sebaka se seholo lefatšeng. Halofo ea baahi ba lefatše e itšetlehile ka matlotlo a tsona. Hape batho ba limilione ba phela lithabeng. Hase feela hore lithaba li khabisa moo makhulo a fellang teng ka botle bo tsotehang. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa lintho tseo li tlatsetsang ka tsona boiketlong ba batho.
Lebaka Leo Lithaba e Leng Tsa Bohlokoa
◼ MOHLOLI OA METSI. Lithaba ke mohloli oa linōka tsa rōna tse khōlō hammoho le oa mehloli e meng ea rōna e mengata ea metsi. Amerika Leboea, Nōka e khōlōhali ea Colorado le ea Rio Grande li fumana metsi ’ohle a tsona ho li-Rocky Mountain. Hoo e ka bang halofo ea baahi ba lefatše e lula Asia e ka boroa le Asia e ka bochabela. ’Me boholo ba batho bana ba itšetlehile ka lipula tse nang mekolokong ea lithaba tse khōlō tsa Himalaya-Karakoram-Pamirs-Tibet.
“Lithaba, e leng litora tsa metsi lefatšeng, ke tsa bohlokoa linthong tse phelang lefatšeng hammoho le boiketlong ba batho hohle,” kamoo Toepfer a hlalosang kateng a bile a phaella ka ho re: “Se etsahalang tlhōrōng ea thaba e phahameng ka ho fetisisa se ama lintho tse phelang lefatšeng, metsing a leoatle le ao e seng a leoatle.” Linaheng tse ngata, lithaba li lula li e-na le lehloa mariha, ebe butle-butle li ntša mongobo o hlokahalang nakong ea selemo le ea lehlabula. Libakeng tse omeletseng haholo lefatšeng, hangata ho nosetsa lijalo ho itšetleha ka metsi a tsoang lehloeng le qhibilihang lithabeng tse hōle. Lithaba tse ngata li na le matsoapo a nang le meru a monyang metsi a pula joaloka seponche, e leng ho etsang hore metsi a phorosele hantle ho ea linōkeng, ho e-na le ho baka likhohola tse senyang.
◼ LEHAE LA LIPHOOFOLO TSE HLAHA LE MEFUTA-FUTA EA LINTHO TSE PHELANG. Bohōle ba libaka tse lithaba, hammoho le menyetla e fokolang ea hore li ka lengoa, e entse hore batho ba se kena-kenane le tsona haholo. Ka lebaka leo, lithaba li fetohile setšabelo sa liphoofolo le limela tseo e ka ’nang eaba ha li sa fumaneha libakeng tsa mabalane. Ka mohlala, Kinabalu National Park e Malaysia, e leng sebaka se lithaba se senyenyane ho feta New York City, ke lehae la mefuta e sa tšoaneng e 4 500 ea limela—palo e fetang kotara ea mefuta eohle ea limela tse fumanoang United States kaofela. Li-panda tse khōlō tsa Chaena, manong a fumanoang lithabeng tsa Andes le mangau a lehloeng a Asia bohareng kaofela ha tsona li sireletsehile ke ho phela lithabeng, feela joalokaha ho le joalo ka mefuta e meng e kotsing ea ho timela.
Ho latela makasine ea National Geographic, litsebi tse ling tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona li hakantse hore “karolo e fetang ea boraro ea limela le liphoofolo tse nang le lesapo la mokokotlo li fumanoa feela sebakeng se sa etseng le karolo ea 2 lekholong lefatšeng.” Mefuta e mengata e bokellane libakeng tse nonneng, tse e-song ho ka li senngoa tseo bo-rasaense ba li bitsang khubu ea mefuta ena ea lintho tse kotsing ea ho timela. Libaka tsena—tseo bongata ba tsona li leng lithabeng—li na le mefuta-futa ea lintho tse phelang tseo kaofela ha rōna re ruileng molemo ho tsona. Tse ling tsa lijo tsa bohlokoa lefatšeng li tsoa limeleng tse hlaha tse ntseng li mela lithabeng—poone lihlabeng tsa Mexico, litapole le litamati lithabeng tsa Andes tse Peru, le koro lithabeng tsa Caucasia, ha re bolela tse seng kae feela.
◼ BOIKHATHOLLO LE BOTLE. Lithaba li boetse li boloka botle ba tlhaho. Li na le liphororo tse hlollang ka botle, matša a matle hammoho le botle ba naha bo tsotehang ka ho fetisisa lefatšeng. Ha ho makatse hore ebe karolo ea boraro ea libaka tsohle tse sirelelitsoeng lefatšeng ke libaka tse lithabeng. ’Me li fetohile libaka tse ratehang haholo ho bahahlauli.
Esita le libaka tsa boikhathollo tse libakeng tse hōle li ’nile tsa eteloa ke batho ba limilione ba tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše. Batho ba nka leeto le lelelele ho ea Denali National Park e Alaska ho ea bona Thaba ea McKinley, thaba e phahameng ka ho fetisisa Amerika Leboea. Ba bangata ba etela Great Rift Valley ho ea boha botle bo tsotehang ba Thaba ea Kilimanjaro le Thaba ea Meru, kapa ho ea bona mehlape e meholohali ea liphoofolo tse hlaha tse phelang pakeng tsa lithaba tsena tse peli tsa litonanahali. Metse e mengata e libakeng tsena tse lithaba e rua molemo ka ho tla ha bahahlauli ka bongata, le hoja ho hloka taolo e ntle bohahlauling ho ka beha lihloliloeng tse tetemang tse phelang libakeng tse joalo kotsing.
Lithabeng Tsebo e Ngata
Ka lilemo tse makholo, batho ba phelang lithabeng ba ’nile ba ithuta ho phela ka katleho tikolohong eo e thata. Batho ba phelang lithabeng ba ’nile ba etsa masimo matsoapong a lithaba ao le hona joale lilemo tse fetang likete tse peli a ntseng a phetha karolo ea bohlokoa temong. Ba thapisitse liphoofolo tse phelang moo, tse kang li-llama le li-yak, tse khonang ho phela tlas’a mathata a moo lithabeng. ’Me tsebo eo batho ba phelang lithabeng ba nang le eona e ka ba ea bohlokoahali bakeng sa ho sireletsa lithaba tseo kaofela ha rōna re itšetlehileng ka tsona.
Alan Thein Durning oa Mokhatlo oa Worldwatch oa hlalosa: “Matsoalloa a sebaka ka seng ke ’ona feela a ka hlokomelang libaka tse khōlō tse libakeng tse hōle tseo e seng hangata batho ba kena-kenanang le tsona lik’honthinenteng tsohle. A na le tsebo e ngata ka tikoloho le lintho tse phelang ho eona . . . e lekanang le e lilaebraring tsa saense ea kajeno.” Tsebo ena e ngata e hloka ho hlokomeloa hantle feela joalokaha ho tlameha ho hlokomeloe matlotlo a mang a fumanoang lithabeng.
Lenaneo la Tikoloho la Machaba a Kopaneng le ile la tšehetsa ka lichelete Selemo sa Machaba sa Lithaba sa 2002. E le ho hatisa taba ea hore batho ba itšetlehile ka lithaba, bahlophisi ba ile ba qapa polelo e reng “Kaofela re Batho ba Lithabeng.” Morero e ne e le ho lemosa batho haholoanyane ka mathata a tobaneng le lithaba lefatšeng le ho batla tharollo ea ho li sireletsa.
Ho ngongoreha hona ka sebele hoa utloahala. Sebui sa sehlooho Sebokeng sa Lithaba sa Lefatše se ileng sa tšoareloa Bishkek ka 2002, Kyrgyzstan, se ile sa re: “Hangata, lithaba li nkoa e le mehloli ea matlotlo a mangata a tlhaho, leha ho le joalo, ha ho lebisoe tlhokomelo e lekaneng mathateng a baahi ba tsona hammoho le ho re na ho ka bolokoa tikoloho eo joang hammoho le lintho tse phelang ho eona.”
A mang a mathata ao lithaba lefatšeng le batho ba phelang ho tsona ba tobanang le ’ona ke afe? Mathata aa a re ama joang kaofela ha rōna?