Lithaba li Kotsing
“E mong le e mong a ka rua molemo ka ho etsa bonnete ba hore libaka tsohle tse lithaba lefatšeng li tsoela pele ho fana ka matlotlo a tsona ho isa melokong le melokong.”—KOFI ANNAN, MONGOLI E MOHOLO OA MACHABA A KOPANENG.
BOHOLO bo hlollang ka botle, botsitso le matla ke lintho tse tlang pele kelellong ha u nahana ka lithaba. Ke eng e ka behang lithabahali tsee kotsing? Ba bang ba ka ’na ba thatafalloa ke ho lumela hore lithaba li ka ba kotsing. Leha ho le joalo, ’nete ke hore lithaba tsa rōna li kotsing. Ba buellang paballo ea lintho tsa tlhaho ba bolela mathata a ’maloa a tobileng a fokolisang tikoloho ea lithaba le lihloliloeng tse ho eona. Kaofela ha ’ona a tebile, ’me a ntse a mpefala. Nahana ka a mang a mathata a behang lithaba kotsing.
◼ MANANEO A NTŠETSO-PELE. Hoo e ka bang karolo ea 25 lekholong ea libaka tse lithaba lefatšeng e kotsing ka lebaka la ho etsoa ha litsela, merafo, litselana tsa lipeipi, matamo le mananeo a mang a ntšetso-pele a reriloeng ho etsoa nakong ea lilemo tse 30 tse tlang. Ho etsoa ha litsela ho ka baka khoholeho ea mobu matsoapong, ’me litsela li etsa hore batho ba remang meru ba fihle habonolo, e leng bona ba ka bakang tšenyo e khōlō. Merafo e rafa lejoe la tšepe ka lithane tse limilione tse likete tse leshome selemo se seng le se seng, ’me boholo ba lona bo tsoa lithabeng, ’me le hlahisa toti e ngata le ho feta.a
◼ HO FUTHUMALA HA LEFATŠE. “Lilemo tse robong tseo ho ileng ha futhumala ka ho fetisisa ho tse tsejoang e bile ho tloha ka 1990,” ho rialo Mokhatlo oa Worldwatch. ’Me tikoloho e lithaba ke eona e amehang haholo. Pokello ea leqhoa e ’nile ea qhibiliha, ’me lehloa le litlhōrōng tsa lithaba la fokotseha—e leng ntho eo ho latela bo-rasaense ba bang, e tlang ho ama mehloli ea metsi le ho baka ho ritsa ho hoholo ha lefatše. Matša a mangata a leqhoa lithabeng tsa Himalaya hona joale a kotsing ea ho phatloha ’me a bake meroallo e ka bakang koluoa, ntho e seng e ntse e ile ea etsahala ka makhetlo lilemong tse mashome morao tjena.
◼ TEMO. Keketseho ea baahi ba lefatše e qobella batho hore ba leme libakeng tse sa beheng. Ho latela phuputso e ’ngoe, hoo e ka bang halofo ea libaka tse lithaba Afrika hona joale e sebelisetsoa temo le ho rua mehlape—karolo ea 10 lekholong bakeng sa lijalo le ea 34 lekholong bakeng sa makhulo. Hangata temo ena ha e be le melemo e mekaalo kaha libaka tsena tse lithabeng ha li ntle hakaalo bakeng sa temo ea lijalo.b Hape ho fulisa likhomo haholo sebakeng se le seng ho ka senya habonolo limela tse tetemang. Phuputso ea morao tjena e bontša hore ke karolo ea boraro feela lekholong ea libaka tsohle tse lithaba e ntle bakeng sa temo.
◼ NTOA. Ho eketseha ha lintoa tsa mahae ho sentse libaka tse ngata tse lithaba. Marabele a ipata lithabeng le ho li sebelisa e le setsi sa tsona. Tlaleho ea Machaba a Kopaneng e re karolo ea 67 lekholong ea libaka tse lithaba Afrika e ’nile ea angoa ke “lintoa tse mabifi tsa batho.” Ho feta moo, libaka tse ling tse lithaba li ’nile tsa fetoha litsi tsa tlhahiso ea lithethefatsi, e leng hoo hangata ho etsang hore ho be le lintoa tseo ho sebelisoang libetsa ho tsona hammoho le ho senya tikoloho.
Na ho Hlokahala Bohato bo Matla?
Batho ba se ba ntse ba utloa liphello tsa tšenyo e bakoang ke motho lithabeng. Meroallo, ho ritsa ha lefatše le khaello ea metsi ke lipontšo tse seng kae tsa hore lintho ha li tsamaee hantle. Mebuso e se e qalile ho elelloa sena. Meru e lengoa bocha, ’me ho rema meru ho thibetsoe libakeng tse ling. Libaka tsa boikhathollo li entsoe ka morero oa ho sireletsa boholo ba libaka tse bohehang hantle hammoho le lintho tse phelang ho tsona tse kotsing ea ho timela.
Leha ho le joalo, esita le tsona libaka tse sirelelitsoeng li ntse li e-ba tlas’a khatello e itseng. (Bona lebokose le reng “Libaka Tse Ling Tsa Tlhaho.”) Lebelo le ntseng le eketseha la ho fela ha mefuta e itseng ke pontšo ea hore ntoa ea ho sireletsa lithaba ha e e-s’o hlōloe. Litsebi li tseba mathata ana, empa ha ho e-s’o ka ho nkoa khato ka ho pharaletseng bakeng sa ho sireletsa libaka tsa tlhaho tse e-song ho senngoe. E. O. Wilson, setsebi sa baeloji se tummeng, o re: “Ke khothatsoa ke tsebo eo re nang le eona ea saense, empa ke nyahamisoa ke tšenyo e bakoang libakeng tsa bohlokoa tseo e leng lehae la mefuta-futa ea lintho tse phelang.”
Na ho senyeha ha mefuta-futa ea lintho tse phelang ka sebele ke ntho eo ho ka amehoang ka eona? Ho latela litsebi tse ngata tsa baeloji, batho ba rua molemo o moholo ka ho baballa mefuta-futa ea lintho tse phelang lefatšeng. Ka mohlala, li bua ka rosy periwinkle ea lithabeng tsa Madagascar, sebaka se ruileng mefuta-futa ea lintho tse phelang. Semela sena se etsa moriana oa bohlokoa toantšong ea kankere ea mali. Ho phaella moo, ka mashome a mangata a lilemo sefate sa cinchona, se fumanehang Lithabeng Tsa Andes, e ’nile ea e-ba mohloli oa quinine le meriana e meng e sebelisetsoang ho phekola malaria. Limela tse ling tse melang libakeng tse lithaba li ’nile tsa thusa ho pholosa bophelo ba ba limilione. Ke ’nete hore tse ling tsa limela tsena tsa thaba lia atleha leha li sa lengoa lithabeng. Leha ho le joalo, ntho eo ho tšoenyehiloeng ka eona ke ea hore ha ho senngoa limela tsa thaba ka bongata, motho a ka ’na a senya a sa tsebe mehloli e meng eo e ka ’nang eaba e ne e ka hlahisa meriana ebile e le ea bohlokoa ka tsela e itseng phepong e nepahetseng.
Na tšenyo e bakoang hona joale e ka thibeloa ka tsela e itseng? Na tšenyo e entsoeng e ka etsolloa? Na lithaba li tla tsoela pele e le libaka tse ntle le tse sireletsehileng bakeng sa mefuta-futa ea lintho tse phelang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tloaelo, ho etsa reng e le ’ngoe ea khauta ho baka toti e bongata ba lithane tse tharo.
b Ka lehlakoreng le leng, ka lilemo tse makholo batho ba phelang lithabeng ba ithutile ho lema libakeng tse lithaba empa ba sa senye tikoloho.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Liphoofolo Tsa Lithabeng
Tau ea thaba, eo hape e tsejoang e le puma, e fumanoa ka ho khetheha lithabeng joalokaha lebitso la eona le itlhalosa—haholo-holo lithabeng tsa Rocky le tsa Andes. Joaloka libatana tse ling tse ngata, butle-butle e ile ea balehela libakeng tse sa fihleloeng habonolo ka lebaka la ho behoa kotsing ke batho.
Panda e khubelu e phela ka ho khetheha mekolokong ea lithaba tsa Himalaya (esita le mesikong ea Mount Everest). Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore e lula sebakeng se hōle, panda e khubelu e phela ka thata ka lebaka la ho senngoa ha meru ea bamboo eo e fumanang lijo ho eona.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Cortesía del Zoo de la Casa de Campo, Madrid
Bere e sootho e kile ea tsamaea ka bolokolohi libakeng tse ngata Europe, Asia le Amerika Leboea. Hona joale, e se e fumaneha lithabeng tse hōle tsa Europe, le hoja e tloaelehile haholo Lithabeng Tsa Rocky Tsa Canada, Alaska le Siberia. Palo ea tsona United States e fokotsehile ka karolo ea 99 lekholong lilemong tse lekholo tse fetileng.
Ntsu ke morena oa sepakapaka lithabeng ho pholletsa le Karolo ea Lefatše e ka Leboea. Ka masoabi, Europe palo ea tsona e theohetse ka tlaase ho lipara tse 5 000 ka lebaka la hore e kile ea e-ba ‘nonyana e hloiloeng le e sotloang.’
Panda e khōlō, “boteng ba eona bo itšetlehile ka lintho tse tharo tsa bohlokoa,” ho bolela setsebi sa lintho tsa tlhaho, Tang Xiyang. Tsena ke “lithaba tse telele le likhohlo tse khōlōhali, meru e teteaneng ea bamboo le melatsoana ea metsi a hoasang.” Ho latela khakanyo e ’ngoe, li-panda tse ka tlaase ho 1 600 li sa le teng hlatheng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]
Tse Ling Tsa Libaka Tse Sirelelitsoeng Tsa Tlhaho
Yosemite National Park (California, U.S.A.) e thehiloe ka 1890, ka lebaka la mosebetsi o phehellang oa setsebi sa lintho tsa tlhaho, John Muir. Botle ba eona bo hlollang bo hohela baeti ba limilione tse ’nè selemo se seng le se seng. Leha ho le joalo, ba ikarabellang sebakeng seo ba fumana ho le thata ho sireletsa sebaka sena se hlatheng ha ka nako e tšoanang ba fana ka lintho tse hlokahalang bakeng sa batho ba ratang ho tla boha botle ba tlhaho.
Podocarpus National Park (Ecuador) e sirelelitse sebaka se lithabeng tsa Andes se nang le meru e melang libakeng tse phahameng, seo e leng lehae la liphoofolo le limela tse ngata tsa mefuta-futa—mefuta e fetang 600 ea linonyana le mefuta e ka bang 4 000 ea limela. Quinine, sethethefatsi se pholositseng bophelo ba batho ba bangata, se ile sa sibolloa sebakeng sena. Joaloka libaka tse ling tse sirelelitsoeng tsa tlhaho, se na le bothata ba batho ba remang meru ntle ho taolo le ba utsoang liphoofolo.
Thaba ea Kilimanjaro (Tanzania) ke e ’ngoe ea lithaba tse entsoeng ke ho foqoha ho hoholo ka ho fetisisa lefatšeng ha seretse se chesang ’me ke eona thaba e telele ka ho fetisisa Afrika. Litlou li fula tlaase phuleng ea eona, ha limela tse ikhethang, tse kang lobelia e khōlō le groundsel e khōlō li mela sebakeng se phahameng moo lifate li ke keng tsa mela ho sona. Mathata a maholo a ka qetellang a sentse sebaka sena ke a ho tsongoa ha liphoofolo ntle ho molao, ho rengoa ha lifate le ho fulisa likhomo.
Teide National Park (Canary Islands) e sireletsa limela tse ikhethang tse phelisang sebaka se letsoatlare seo ho ileng ha foqoha seretse se chesang ho sona. Lihlekehleke tse nang le lithaba tse foqohang seretse se chesang hangata li ba le tikoloho e tetemang bakeng sa lintho tse phelang, ’me mefuta eo e seng ea sebaka seo e ka mela habonolo ho eona.
Pyrenees National Park le Ordesa National Park (Fora le Spain) e sirelelitse botle ba naha bo holimo lithabeng hammoho le limela le liphoofolo tse ho tsona. Joaloka mekoloko e meng ea lithaba e Europe, Pyrenees e tobane le bothata ba libaka tse eketsehang tseo ho thellisoang lehloeng ho tsona matsoapong le litšebeletso tse ling tsa bohahlauli. Ho tlohela temo e neng e tloaelehile sebakeng sena le hona ho bile le phello e mpe.
Sǒraksan National Park ke sebaka se ratoang haholo Korea. Tlhōrō ea eona e hlollang ka botle ba lejoe la morema-phofu le matsoapo a tletseng lifate li ba botle bo ikhethang hoetla. Empa ho ratoa ha eona ho bolela hore mafelong a beke, litselana tse entsoeng sebakeng seo li ba sephethe-phete joaloka litselana tsa maoto tse ka har’a toropo e khōlō.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 26]
Limela Tsa Thaba
Tower of jewels. Libeke li se kae nakong ea selemo, palesa ena e ntle haholo e hōla ho fihlela e ka lekana le motho. E ka fumanoa bophahamong ba limithara tse ka bang 1 800 litlhōrōng tse peli tsa lithaba tse foqohileng seretse se chesang tse Canary Islands. Mefuta e mengata ea thabeng e batla e mela bophahamong bo tšoanang.
Carline thistles e mela lithabeng tsa Alps le tsa Pyrenees. Ponahalo ea tsona e khanyang e khabisa libaka tse holimo ha lehlabula le ea ho feleng, ha lithunthung tsona li etsetsa likokoanyana mokete.
English iris. Mefuta e tsoakaneng ea palesa ena e ntle ea naha e lengoa lirapeng. Lipalesa tse ngata tse lengoang lirapeng li tsoa limeleng tsa thaba.
Houseleek ea thaba ke se seng sa limela tse ngata tsa thabeng se itšoarellang mapetsong a mafika. Kaha e mela haholo lithabeng tse ka boroa Europe, e boetse e bitsoa e sa shoeng ka lebaka la ho mamella le ho tšoarella ha eona.
Li-Bromeliad. Mefuta e mengata ea li-bromeliad le li-orchid e ea atleha merung ea tropike e melang libakeng tse phahameng haholo. Li mela bophahamong ba limithara tse ka bang 4 500.
Algerian iris e mela Er Rif le lithabeng tsa Atlas tsa Afrika Leboea, sebaka se ikhethang ka limela tse ngata-ngata tsa Mediterranean.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ho rafa koporo le khauta haufi le Lithaba Tsa Maoke, Indonesia
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Rob Huibers/Panos Pictures
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Rosy periwinkle