Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 7/8 maq. 20-21
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Utsoa Mabenkeleng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Batho ba Utsoa Mabenkeleng?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Monate’
  • Mabaka a Mang
  • Ho Utsoa Mabenkeleng—Ke Mang ea Lefang?
    Tsoha!—2005
  • Ho Utsoa—Ke Hobane’ng ha ho sa Lokela?
    Tsoha!—1995
  • Ho Felisa Bosholu ba Mabenkeleng
    Tsoha!—2005
  • Ke Hobane’ng ha Bosholu bo Ntse bo Eketseha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 7/8 maq. 20-21

Ke Hobane’ng ha Batho ba Utsoa Mabenkeleng?

“Ha ke nahane hore ho utsoa mabenkeleng ehlile ke bosholu, ke nahana hore e mpa feela e le ho fetisetsa thuso ea moruo moo e hlileng e hlokoang ka ho fetisisa.”—MOPRISTA OA KEREKE EA CHACHE.

HAEBA ho na le ’nete e itseng tšōmong, Robin Hood o ile a ikutloa a lokolohile hore a ka utsoa. Tšōmo ea Manyesemane e re bolella hore o ne a utsoetsa barui ’me a fa mafutsana. Moruti ea qotsitsoeng ka holimo, le eena o lumela hore bofutsana ke lebaka le utloahalang le ka etsang hore motho a utsoe. O bua tjena ka batho ba utsoang mabenkeleng: “Ke ba utloela bohloko haholo, ha e le hantle, ke nahana hore ba na le lebaka le utloahalang la ho utsoa.” O fana ka tlhahiso ea hore mabenkele a maholo a tlameha ho ba le letsatsi le le leng selemo se seng le se seng leo ka lona a tla bulela mafutsana menyako ’me aa lumelle hore a nke ntho leha e le efe eo a e hlokang a sa lefisoe.

Leha ho le joalo, masholu a mangata a mabenkeleng a susumetsoa ke mabaka a mang ntle le la bofutsana. Japane mapolesa a ile a tšoara mapolesa a bo ’ona a mabeli a utsoa lebenkeleng. United States, setho sa boto ea khoebo e ’ngoe e kopanetsoeng ea lijo, e sa etseng phaello, se ile sa tšoaroa se utsoa lebenkeleng lona leo le kopanetsoeng. Bacha ba nang le chelete hangata ba utsoa lintho tseo ba sa li hlokeng. Ke eng e susumelletsang batho ba joalo ho utsoa mabenkeleng?

‘Ho Monate’

Monyaka. Letsoalo. Matla. Joaloka banana ba babeli ba sehloohong se fetileng, ba bang ba utsoang mabenkeleng ba ba le maikutlo a matlahali a tšoanang le ana, ’me takatso ea ho ba le maikutlo ana ka makhetlo-khetlo e etsa hore ba lule ba utsoa. Mosali e mong o ile a re ka mor’a hore a utsoe ka lekhetlo la pele: “Ke ne ke thabile. Ke ne ke atlehile ho utsoa ’me e ne e le ntho e ntlhasimollang!” Ha ho se ho fetile nako a utsoa, hamorao o ile a ntša maikutlo a hae a re: “Ke ne ke itšoabela—empa le teng ke ntse ke utloa ke nyakaletse. Ke ne ke ikutloa ke phela bophelo. Ho utsoa ebe ha ke tšoaroe ho ne ho etsa hore ke ikutloe ke e-na le matla a maholo.”

Mohlankana e mong ea bitsoang Hector o re likhoeli tse ileng tsa latela ka mor’a hore a khaotse ho utsoa, o ne a loantšana le maikutlo a hore a utsoe hape.a “Joaloka ntho e lemaletsoeng, ho ne ho lula hore ke utsoe ka linako tsohle. Ha ke le setsing sa mabenkele ’me ke bona seea-le-moea fensetereng ea lebenkele, ke ne ke nahana, ‘Ntho ena eona nka e nka habonolo feela. ’Me ke se ke ka tšoaroa le ho tšoaroa.’”

Ba bang ba utsoang mabenkeleng bakeng sa monyaka oa nakoana ha ba batle lintho tseo ba li utsoang. Koranta e ’ngoe ea India e re: “Litsebi tsa kelello li re batho bana ba bangata ba susumetsoa ke monyaka oa ho etsa ntho e thibetsoeng. . . . Ba bang ba bile ba busetsa lintho tseo ba li utsoitseng.”

Mabaka a Mang

Ho tepella maikutlo ho ama batho ba limilione tse mashome. Ka linako tse ling, ba amehileng ba bonahatsa ho tepella ha bona maikutlong ka tsela e sa nepahalang—e kang ea ho utsoa mabenkeleng.

Lelapa le leng le nang le morali ea lilemo li 14 le ne le tsitsitse hantle ’me le ruile. Ho sa tsotellehe melemo eohle ea mocha eo, o ne a aparetsoe ke “leru le leholo la ho nyahama.” O itse: “Ke ne ke lula ke aparetsoe ke maikutlo ana.” O ile a qala ho noa joala le ho sebelisa lithethefatsi. Joale ka letsatsi le leng o ile a tšoaroa a utsoa lebenkeleng. Ka mor’a moo, o ile a leka ho ipolaea ka makhetlo a mabeli.

Haeba mocha ea itšoereng hantle ka tšohanyetso a qala ho utsoa mabenkeleng, batsoali ba ka ’na ba nahanela taba ea hore na ebe ha a na mathata maikutlong na. Dr. Richard MacKenzie, ea nang le tsebo e khethehileng ka bophelo bo botle ba bacha, o itse: “Ke lumela hore mofuta leha e le ofe oa boitšoaro bo sa tloaelehang ho ngoana oa hao bo lokela ho nkoa joaloka letšoao la hore o tepelletse maikutlong, ho fihlela ha ho fumanoa hore ha ho joalo.”

Bacha ba bang ba utsoa mabenkeleng ka lebaka la khatello ea lithaka—ba ka ’na ba tlameha ho utsoa e le hore ba amohelehe sehlopheng sa metsoalle. Ba bang ba ka ’na ba utsoa e le ho itlosa bolutu. Masholu a popota a mabenkeleng ’ona a iphelisa ka hona. Ho sa tsotellehe hore na lebaka ke lefe, masholu a utsoa thepa e jang liranta tse limilione mabenkeleng letsatsi le leng le le leng. Ho na le ea lokelang ho lefella tšenyehelo ena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang lihloohong tsena a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 21]

BOLOETSE BA HO LEMALLA HO UTSOA

Maria o re: “Ho tloha ha ke sa le mocha, ke ’nile ka ba le bothata ba ho utsoa mabenkeleng. Takatso ena e ile ea ’na ea mpefala hoo ka letsatsi ke neng ke utsoa thepa e ka jang chelete e kaalo ka R3 000.

“Hase hore ke rata ho utsoa, empa takatso ea ho utsoa e ba matla haholo. Ruri ke batla ho fetoha.” Kaha takatso ea ho utsoa e thata haholo hore a ka e laola, Maria o belaela hore e se ke eaba bothata ba hae ke boloetse ba ho lemalla ho utsoa.

Batho ba nang le boloetse ba ho lemalla ho utsoa ba na le “bothata ba kelello bo ba susumelletsang ka matla hore ba be le takatso ea ho utsoa, e se le hakaalo hobane ba hloka.” Kaha hase temallo e tloaelehileng, ho bonahala e bakoa ke mathata a tebileng a kelello.

Ka phoso ba bang ba bitsa masholu a tloaelehileng bakuli ba boloetse bona ba ho lemalla ho utsoa, empa lingaka li lumela hore ke seoelo motho a bang le bothata bona e le kannete. Ho latela American Psychiatric Association, ke ba sa fihleng le karolong ea bohlano lekholong ea masholu a mabenkeleng ba nang le boloetse bona. Ka hona, motho o lokela ho ba le kahlolo e molemo pele a ka hlalosa hore lesholu la mabenkeleng le na le boloetse ba ho lemalla ho utsoa. Ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mang a etsang hore motho a utsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Batsoali ba amehileng ba batla ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ngoana a utsoa mabenkeleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela