Ho Utsoa Mabenkeleng—Ke Mang ea Lefang?
JAPANE, mong’a lebenkele le leng o ile a tšoara moshanyana a utsoa ’me a bitsa mapolesa. Ha mapolesa a fihla, moshanyana eo o ile a chophola ’me a qela ho leoto. Mapolesa a ile a mo lelekisa. Ha moshanyana eo a tšela seporo sa terene, o ile a thuloa ke terene ’me a shoa.
Ka mor’a hore taba ena e hlahelle haholo litabeng, ba bang ba ile ba nyatsa mong’a lebenkele ka hore ebe o ile a bitsa mapolesa. O ile a koala khoebo ea hae ho fihlela moferefere o kokobela. Ka mor’a hore a bule hape, masholu a ile a boela a hlasela lebenkele la hae. Leha ho le joalo, a hopola se sa tsoa mo hlahela, o ile a tšaba ho sebetsana le masholu ana. Lebenkele la hae le ile la tsebahala e le ha ’nyafeng. Ka mor’a nakoana o ile a tlameha ho koalla lebenkele leo la hae ruri.
Ke ’nete hore ketsahalo ena e bile e sithabetsang ho feta tse ngata, empa e paka ’nete ea bohlokoa. Ho utsoa mabenkeleng ho na le liphello tse bohloko—ka litsela tse ngata le ho batho ba bangata. A re ke re hlahlobeleng haufinyane liphello tse bohloko tsa tlōlo ena ea molao.
Kamoo Mabenkele a Senyeheloang
Ho utsoa mabenkeleng ho etsa hore bahoebi ba lefatše ba lahleheloe ke lidolara tse libilione-bilione selemo se seng le se seng. Batho ba bang ba hakanya hore tahlehelo e bang teng United States feela e feta chelete e kaalo ka liranta tse limilione tse likete li 240. Ke likhoebo tse kae tse ka ratang ho lahleheloa ke chelete e ngata hakaalo? Mabenkele a mangata a selebaletsoe. Ha masholu a tsamaea liphasejeng tsa lebenkele, mosebetsi oa bophelo bohle ba motho o ka ’na oa ea le metsi.
“Ntle le tlhōlisano, bosholu ba mabenkeleng ke ntho e ’ngoe hape eo batho ba ka tšoenyehang ka eona. Ha ke tsebe hore na re tla lula re le khoebong nako e kae,” ho rialo Luke, mong’a lebenkele le leng New York City. Ha a na chelete ea ho sebelisa mokhoa oa ho lebela o etsoang ka thepa ea elektronike. Ha a bua ka masholu, o re: “Mang le mang a ka ho etsa, esita le bareki ba ka ba kamehla.”
Ba bang ba lumela hore bothata ba Luke ha bo bokaalo. Ba re: “Mabenkele ana a etsa bokhothokhotho ba chelete, ka hona, seo ke se nkang ha se a sisinye le ho a sisinya.” Empa na phaello ea mabenkele e hlile e ngata hakaalo?
Libakeng tse ling mabenkele a eketsa liphesente tse 30, 40, kapa 50 thekong ea ntho eo ba e rekileng, empa keketso eo hase phaello eo ka ho toba e kenang lipokothong tsa bona. Bahoebi ba sebelisa chelete e eketsehileng eo ba e fumanang ho lefella litšenyehelo tsa ho tsamaisa khoebo, tse kang rente, makhetho, meputso ea basebetsi le ho lefella litšebeletso tse ling tse kang liinshorense le lipenshene tsa bona, ho boloka mohaho o le boemong bo botle, ho lokisa thepa, ho lefella inshorense, motlakase, metsi, thepa ea ho futhumatsa sebaka, thelefono le tsamaiso ea tšireletso. Ka mor’a ho lefella litšenyehelo tsena, phaello ea bona e ka ’na ea e-ba liphesente tse peli kapa tse tharo. Kahoo, ha motho e mong a utsoa lebenkeleng, mohoebi o lahleheloa ke chelete e itseng ea ho iphelisa.
Ho Thoe’ng ka ho Utsoa Lintho Tse Nyenyane?
Ha moshanyana e mong e monyenyane a le lebenkeleng le ’mè oa hae, o ea a le mong karolong ea lipompong. Ha a le moo, o bula pakete ea lipompong ’me o ntša e le ’ngoe o e tšela ka pokothong. Na lebenkele le ka angoa ke ho utsoetsoa ntho e sa jeng chelete e ngata joalo?
Bukaneng e reng Curtailing Crime—Inside and Out, Tsamaiso ea Likhoebo Tse Nyenyane Tsa United States e itse: “Ho utsoa lintho tse nyenyane ho ka bonahala e se tlōlo e kaalo ea molao ho motho ea utsoang pene mona, a utsoa mochine o sebetsang lipalo mane, a ne a bile a sa rera. Empa khoebong e nyenyane e loanang ka thata hore e lule e sebetsa, seo se ka e liha.” Kaha phaello ea morekisi e nyenyane haholo, hore a koale chelete e kaalo ka R6 000 e mo lahlehetseng ka selemo ka lebaka la bosholu, o tlameha ho rekisa lipompong tse eketsehileng tse 900 kapa makotikoti a 380 a sopho letsatsi le leng le le leng. Ka hona, khoebo e senyeheloa haholo haeba bana ba bangata ba bashanyana ba ka utsoa lipompong. Ke hona moo bothata bo leng hona teng.
Batho ba limilione tse mashome, ba banyenyane le ba baholo, ba ruileng le ba futsanehileng, ba merabe eohle le limelo tsohle, baa utsoa ’marakeng le mabenkeleng. Liphello e ba life? Lekhotla la United States la Thibelo ea Tlōlo ea Molao Sechabeng le tlaleha hore hoo e ka bang karolo ea boraro ea likhoebo tsohle tse United States li tlameha ho koala ka lebaka la bosholu. Ha ho pelaelo hore likhoebo tsa linaheng tse ling le tsona li bothateng bo tšoanang.
Moreki oa Lefa
Litheko lia phahama ha batho ba utsoa mabenkeleng. Ka hona, libakeng tse ling bareki ba lefa chelete e eketsehileng e kaalo ka R1 800 ka selemo lithekong tse nyolotsoeng ka lebaka la bosholu ba mabenkeleng. Sena se bolela hore haeba u fumana moputso oa R360 ka letsatsi, selemo se seng le se seng moputso oa beke kaofela o lefella seo ba bang ba se utsoitseng. Na ke ntho eo u ka e kopang? Ho batho ba seng ba tlohetse mosebetsi ’me ba phela ka penshene, kapa ’mè ea se nang molekane ea sebetsang ka thata hore a phelise lelapa la hae, ho lahleheloa ke moputso oa beke ka tsela ena ho ka ba hulisa ka thata haholo. Litšenyehelo ha li felle moo feela.
Motse kaofela o ka sokola ha lebenkele lane le k’honeng le koaloa. Ho tlalehoa hore bosholu ke bona bo baketseng lebenkele le rekisang meriana le neng le le motseng o mong o momahaneng oa Amerika hore le koaloe. E le hore ba fumane meriana, batho ba bangata ba hōlileng le ba kulang hona joale ba tlameha ho tsamaea lik’hilomithara tse peli le halofo hore ba ee k’hemisteng e ’ngoe. Ofisiri e ’ngoe e ile ea re: “Ak’u leke seo u le setulong sa likooa.”
Tsela e Bohloko eo Batsoali ba Lefang ka Eona
Bruce ke monna ea nang le litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ea rutang bana ba hae hore ba tšepahale. Ka letsatsi le leng morali oa hae o ile a tšoaroa a utsoa. O re: “Ho ne ho re ke qhetsohe. Nahana feela u se u fumana mohala o reng morali oa hao o tšoeroe a utsoa lebenkeleng. Ka mor’a lilemo tse ngata hakana re hōlisa morali oa rōna hore e be motho ea itšoereng hantle, ebe o etsa ntho e tjee! Re ne re sa nahana hore a ka fetoha setlokotsebe ka tsela ena.”
Bruce o ile a tšoenyeha habohloko ka morali oa hae le bokamoso ba hae. Ho feta moo, o ile a ikōpela ho tlohela ho ba morupeli oa moithaopi oa Lentsoe la Molimo. “Ke tla lokoloha joang ka pel’a phutheho? Nka ba ruta joang, ka letsoalo le hloekileng, hore ba hōlise bana ba bona hantle? Ke ne ke sa ikutloe ke lokolohile.” Ho bonahala morali oa hae a sa ka a nahana ka ho teba hore na tlōlo eo ea hae ea molao e ne e tla ama ntate oa hae hakae.
Kamoo Masholu a Lefang
Nakong e fetileng ha baokameli ba mabenkele ba ne ba tšoara masholu a utsoa mabenkeleng, hangata ba ne ba a supa ka monoana ka thata ebe baa a tlohela. Kajeno beng ba mabenkele baa a tšoarisa le haeba e le ka lekhetlo la pele a utsoa. Joale masholu aa lemoha hore tlōlo ea ’ona ea molao e na le liphello tse tebileng. Moroetsana ea bitsoang Natalie o ile a iphumanela sena.
Natalie o itse: “Ha ke utsoa hangata, ke ne ke e-ba sebete le ho feta. Ke ne ke nahana hore le haeba nka tšoaroa, ho lefella leqoetha le lekhotla ho ne ho ke ke ha bitsa chelete e ngata ho feta haeba ke ne nka tlameha ho lefella liaparo tseo tsohle tsa maemo.” Natalie o ne a fositse.
O ile a tšoaroa a utsoa mose, ’me mapolesa a ile a tsamaea le eena a mo tlamme ka lihanaboi. Ha a le sepoleseng, o ile a hatisoa menoana ’me a koalloa seleng le batlōli ba bang ba molao. O ile a qeta lihora tse ngata a emetse hore batsoali ba hae ba lokisetse ho mo ntša ka beile.
Natalie o bolella e mong le e mong ea nahanang ho utsoa tjena: “Nka keletso ea ka ’me u reke mosenyana ono kapa bokatenyane eno.” O re haeba u khetha ho utsoa, “u tla ikoahlaea ka nako e telele.”
Ho ba le tlaleho ea hore u kile ua tlōla molao ke ntho eo motho a ka ikoahlaelang eona. Masoabing a bona, batho ba ahloleloang ho utsoa mabenkeleng ba ka ’na ba fumana hore ketso ea bona ha e lebalehe habonolo feela tjee, empa e ka ’na ea ba khathatsa nako le nako, joaloka letheba le qaphalelitseng mose kapa hempe. Motho ea kileng a utsoa lebenkeleng a ka ’na a tlameha ho bolela tlōlo ea hae ea molao ha a batla ho amoheloa univesithing. A ka ’na a fumana mathata a maholo ha a batla ho ithutela litsebo tse itseng, tse kang bongaka, bongaka ba meno kapa tsebo ea moralo oa kaho. Lik’hamphani li ka ’na tsa nahana habeli pele li mo hira. ’Me mathata ana a ka ’na a hlaha leha a se a lefile kotlo ea hae eo a e filoeng ke lekhotla ’me a se a bile a sa utsoe ho hang.
Ho utsoa mabenkeleng ho ka ba kotsi esita le haeba motlōli oa molao a sa tšoaroe. Hector ea boletsoeng pejana lihloohong tsena o ile a sibolla seo. O re: “Kamehla ke ne ke atleha. Ha ho mohla ke ileng ka tšoaroa ke utsoa.” Empa liphello e bile tse bohloko. O re ha a hopola: “Ke nahana hore bacha ba lokela ho utloisisa ntho e le ’ngoe: U kotula seo u se jetseng. Esita le haeba ho se mohla mapolesa a u tšoarang, u tla kotula.”
Ho utsoa mabenkeleng hase tlōlo ea molao e se nang liphello, ’me lintho tseo masholu a li utsoang lia lefelloa. Motho leha e le ofe ea utsoang ka makhetlo mabenkeleng o etsa hantle ha a ka tlohela mokhoa oo ka ho feletseng. Empa lesholu le ka fumana matla a ho khaotsa ho utsoa joang? Na tlōlo ee ea molao e tla ke e felisoe?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bosholu ba mabenkeleng bo liha likhoebo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bohle ba lefella bosholu ba mabenkeleng
[Litšoantšo tse leqepheng la 24]
Ho utsoa mabenkeleng ho ama bokamoso ba hao
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Fingerprints: © Morocco Flowers/ Index Stock Imagery