Ho Felisa Bosholu ba Mabenkeleng
“Ho fokotsa bosholu hase bothata bo amang uena feela, empa ke bothata ba sechaba kaofela; motho e mong le e mong o rua molemo ha bosholu bo fela.”—“EVERY RETAILER’S GUIDE TO LOSS PREVENTION.”
BOSHOLU BA MABENKELENG, joaloka mekhoa e meng e mebe, bo susumetsa monahano oa motho, bo etsa hore a itokafatse. Ka hona, joalokaha motho ea sebetsang serapeng a tsomula lehola ka metso, ba batlang ho khaotsa ho utsoa mabenkeleng ba tlameha ho tsomula menahano e mebe. Bibele ho Baroma 12:2 e ea khothatsa: ‘Fetolang likelello tsa lōna.’ Hape ho 1 Petrose 1:14 e ea hlokomelisa: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele.” Lintlha tse hlano tse latelang li ka thusa lesholu la mabenkeleng hore le fetole kelello ea lona ka ho utsoa.
Thuso ea ho Lokisa Monahano
◼ Ntlha ea pele, ho utsoa mabenkeleng ke tlōlo ea molao. Ho utsoa e ka ’na eaba ho tloaelehile sebakeng seo lesholu le lulang ho sona, ’me le ka ’na la atleha ho se tšoaroe, empa lesholu lona le ntse le tlōla molao.—Baroma 13:1.
Ho etsahala’ng ha ba bangata ba tlōla molao? Ho latela Bibele, “molao o felloa ke matla.” (Habakuke 1:3, 4) Ka mantsoe a mang, molemo o hlahisoang ke molao oa ho thibela tlōlo ea molao o oa fela, ho felle ka pherekano sechabeng. Nako le nako ha ho e-na le motho ea utsoang lebenkeleng, o thefula motheo oa sechaba se bolokang molao. Ha seo se etsahala, bohle ba ameha hampe.
◼ Ea bobeli, ho utsoa mabenkeleng ho etsa hore motho a se ke a tšeptjoa. Ho se tšepahale ho joalo ho senya kamano ea batho butle-butle, ho etse hore ho be thata hore batho ba utloisisane le ho sebelisana ntle le leeme.—Liproverbia 16:28.
“Bothata ba ka bo boholo ke ho tšepa batho haholo.” Ke kamoo mong’a lebenkele le leng la liaparo a ileng a bua kateng ka mor’a hore khoebo ea hae e oe ka lebaka la masholu. Pele o ne a tšepa hore bareki le basebetsi ba hae ba ke ke ba mo utsoetsa. Hona joale o lumela hore o ile a tšepa batho ba sa tšepahaleng.
Motho a ka ’na a thetsa e mong ’me a etsa hore eo a se ke a hlola a mo tšepa. Empa masholu a mabenkeleng a etsa hore bohle ba kenang ka mor’a ’ona lebenkeleng ba belaelloe. A etsa hore batho ba tšepahalang ba nkoe e le ba ka ’nang ba utsoa. Na ho na le motho ea nang le tokelo ea ho etsa joalo?
◼ Ea boraro, mokhoa oa ho tloaela ho utsoa o ka lebisa tlōlong ea molao e tebileng. Ha nako e ntse e tsamaea, masholu a mabenkeleng a ka iphumana a ipehile kotsing e khōloanyane.—2 Timothea 3:13.
Ho Fela ha Bosholu ba Mabenkeleng
◼ Ntlha ea bone, ebile e le ea bohlokoa ka ho fetisisa, ea utsoang mabenkeleng o khahlanong le Molimo ea Matla ’Ohle. Lentsoe la hae le bolella lesholu hore ‘le se ke la hlola le utsoa,’ ’me le lemosa ka kahlolo e tla tlela ba mo hanyetsang. (Baefese 4:28; Pesaleme ea 37:9, 17, 20) Empa Jehova o tšoarela masholu a fetohang. A ka ba le khotso le Molimo.—Liproverbia 1:33.
◼ Ea bohlano, bosholu ba mabenkeleng, joaloka litlōlo tse ling tsa molao, bo haufi le ho fela. Ha ’Muso oa Molimo o se o busa lefatše joalokaha Bibele e tšepisitse, batho ba tla tšoarana ka botšepehi. Sena se bolela ho imoloha liphellong tse bohloko tsa ho utsoa mabenkeleng.—Liproverbia 2:21, 22; Mikea 4:4.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]
MEKHOA E SA TURENG EA HO THIBELA BOSHOLU
Likhoebo tse ling tse nyenyane li ka ’na tsa se ke tsa ba le chelete ea ho reka thepa e turang ea ho itšireletsa bosholung. Empa sena ha se bolele hore li ke ke tsa thibela bosholu ba mabenkeleng. Hangata, likhoebo li ka sireletsa thepa ea tsona ka ho nka mehato e itseng e bonolo.
Bukeng eo ba e ngotseng ’moho, Michael Brough le Derek Brown, bao ka bobeli e leng mafokisi, ba hatisa tlhokahalo ea hore bareki ba behoe leihlo: “Sheba e mong le e mong. . . . Uena le batho bao u ba hirileng ke lōna ba ka sehloohong ho thibeleng bosholu.” Ba fana ka tlhahiso ea hore u atamele motho eo u belaelang hore a ka ’na a utsoa ’me u re: “Na u se u fumane seo u se batlang? Ke kōpa u se ise mochineng oa chelete ke tla u sebeletsa.” “Na nka u phuthella ntho eo?” “Na jesi eo ke saese e nepahetseng?” “Na nka u tlela le basekete?” Mafokisi ana a re: “Sena se etsa hore bareki ba tšepahalang, hammoho le masholu, ba tsebe hore u ba shebile ebile ua ba thahasella.”
Mabapi le ho hlophiseha, ba re: “Etsang bonnete ba hore setoko se lula se tletse ’me se behoe ka makhethe. Ho lula u shebile thepa e rekisoang ho tla etsa hore u tloaelane le eona, ’me ha setoko se behiloe ka makhethe, ho ba bonolo haholoanyane ho bona haeba ho e-na le ntho e sa behoang hantle kapa ho na le e nkiloeng.”—Every Retailer’s Guide to Loss Prevention.
Mofuputsi Russell Bintliff o fana ka tlhahiso: “Liphaseje tse se nang letho le ka sitisang le lishelefo tse tletseng setoko li thusa basebetsi hore ba behe bareki leihlo. Ka ho tsamaea phasejeng moo motho ea belaelloang a bonoeng teng, mosebetsi a ka lemoha thepa e nyametseng, ebe, a etsa eka o beha setoko hantle, o sheba hore na ka troling kapa ka basketeng ea moreki ho na le eng. . . . Masholu a tla bona hore na ho etsahala’ng; bareki ba tšepahalang ba ke ke ba hlokomela le ho hlokomela hore mosebetsi o ba behile leihlo.” Mabapi le tsela eo phaseje e lokelang ho ba ka eona, o re: “E lokela ho lumella [mong’a lebenkele] le basebetsi hore ba khone ho beha bareki leihlo.”—Crimeproofing Your Business—301 Low-Cost, No-Cost Ways to Protect Your Office, Store, or Business.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Botšepehi bo etsa hore motho a tšeptjoe le ho ba le likamano tse ntle le ba bang