Khoale—Nonyana e sa Tloaelehang Hawaii
’NA LE metsoalle ea ka re ne re lebeletse ka cheseho ho etela sehlekehlekeng sa Maui se Hawaii. Ka ho khetheha re ne re batla ho bona ha letsatsi le chaba re le ka holim’a thaba ea Haleakala e bakiloeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, e bophahamo ba limithara tse 3 055. Re ne re boleletsoe hore ho bona ha seo se etsahala re le moo ke ntho e tsotehang haholo. Bothata feela e ne e le hore re ile ra lokela ho tsoha ka hora ea bobeli mesong ’me re haole sehlekehlekeng sena ka koloi ho tloha Kapalua, moo re neng re fihletse teng. Ra ntan’o hloa moepa o thabeng ka koloi. Re ne re nahana hore e tla be e le koloi ea rōna feela kaha e ne e le hoseng haholo. Ha hoa ba joalo! Re ile ra ba karolo ea mokoloko oa likoloi tse neng li nyoloha butle tseleng e tsoelipanang ho fihlela re fihla re re qi! ka holimo. Teng ho ne ho bata haholo. Empa re ne re nkile likobo hore re se ke ra hatsela.
Batho ba makholo ba ne ba behile pelo sekotlolong ba emetse hore letsatsi le chabe hoo e ka bang ka hora ea botšelela. Bohle ba ne ba moeeng, ba se ba le malala-a-laotsoe ka lik’hamera hore ba nke botle boo bo hlollang lifoto. Bohle ba ile ba re potlololo! Ha nako e fihla, re ile ra soetseha habohloko ha re bona maru a teteana sebakeng sena, a re sitisa ho nka litšoantšo tseo e neng e tla ba tsa bohlokoa! Empa ke ntho eo motho a lokelang ho e lebella ha a le lithabeng tse haufi le Leoatle la Pacific. Kahoo, re ile ra lokela ho amohela boemo ’me ra letela hore maru ao a apohe tlas’a mocheso oa letsatsi le neng le ntse le phahama. Joale re ile ra bona ntho e ’ngoe eo re neng re sa e lebella! Ra qala ho bona ka ho hlaka ho fapakana ha litselana tsa maoto holim’a thaba ena e kileng ea foqoha seretse se chesang. Sena se ile sa re tšelisa.
Ka tšohanyetso re ile ra utloa molumo oo re sa o tloaelang oa ho kokotletsa. Joale re ile ra bona mohloli oa oona. E ne e le nonyana e ntle ea Eurasia ea mofuta oa likhoale, eo ka Selatine e bitsoang Alectoris chukar. Nakong eo e alamang, e qeta boholo ba nako e le fatše, moo e robalang teng. Ha ea ka ea fofa, empa ho e-na le hoo e ile ea tšema-tšemela thōkoana.
Ho tlile joang hore nonyana ea mofuta oo e be teng sehlekehlekeng see se setle sa Maui? Ho bonahala likhoale tsena li ile tsa tlisoa sebakeng sena. K’honthinenteng ea Amerika Leboea, ka tloaelo lia hōlisoa ’me nako le nako li tlohelloa batho hore ba li tsome. Re ile ra ikutloa re thabile hore ebe bonyane re bonetse nonyana ena e lihlong haufi.—Se nehetsoe.