Bacha Baa Botsa . . .
Ho Thoe’ng Haeba Moshemane Kapa Ngoanana a re ke “Robale le Eena ka Nako eo Feela”?
“Bacha ba kōpa bashemane kapa banana hore ba robale le bona hore feela ba bone hore na ho ka etsahala’ng le hore ba bone hore na ba ka kopanela liphate le batho ba bangata hakae.”—Penny.a
“Bashemane ba ipuela feela ka hona. Ba ikotla sefuba ka hore ebe motho o na le kharebe empa o ntse a boetse a kopanela liphate le banana ba bang ba bangata.”—Edward.
Ba neng ba nkōpa hore ke robale le bona ba ne ba ipuela feela. Leha ke hana ba ne ba sa khaotse!”—Ida.
LINAHENG tse ling bashemane ba re banana ba robale le bona ka eona nako eo feela. Libakeng tse ling sena se bitsoa ka tsela e fapaneng. Ho tea mohlala, Afrika Boroa ho thoe ke ho koalla. Moroetsana e mong oa Japane ea bitsoang Akiko o re: “Lentsoe le leng hape le sebelisoang ke sefre, le bolelang ‘motsoalle eo ke kopanelang liphate le eena.’ Morero oa setsoalle sa lōna ke ho kopanela liphate feela.”
Ho sa tsotellehe hore na u ho bitsa’ng, ho bolela ntho e le ’ngoe—ho itlosa bolutu ka thobalano le motho e mong empa ho se boitlamo ba letho.b Bacha ba bang ba bile ba ikotla sefuba ka hore ba na le seo ba se bitsang “metsoalle eo ho nang le melemo eo ba e fumanang ho eona”—e leng batho bao ba ba tsebang bao ba ka kopanelang liphate le bona ho se “mathata” a ho ratana nako e telele. Ngoanana e mong o re: “Ha moshemane a robala le ngoanana ka nako eo feela, sepheo ke ho ikhotsofatsa hona hoo. U fumana seo u se batlang ha u qeta u ka itsamaela.”
Joaloka Mokreste, u tlameha ho ‘balehela bohlola.’c (1 Bakorinthe 6:18) Kaha u tseba sena, e ka ’na eaba u leka ka hohle ho qoba maemo a ka u kenyang mathateng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling mathata a u lata moo u leng teng. Cindy o re: “Sekolong bashemane ba bangata ba ile ba nkōpa hore ke robale bona.” Ho ka ’na ha etsahala ntho e tšoanang mosebetsing. Margaret o re: “Mookameli oa ka o ile a nkōpa hore ke robale le eena. O ne a le leqoophe hoo ke ileng ka ba ka tlameha ho tlohela mosebetsi!”
Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua makala haeba pelo e ’ngoe e u leka hore u lumele. Bibele e re: “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jeremia 17:9) Ngoanana ea bitsoang Lourdes o ile a fumana hore seo ke ’nete. O re: “Ke ne ke rata moshemane ea neng a ile a nkōpa hore ke robale le eena.” Jane le eena o bile boemong bo tšoanang. O re: “Ke ne ke nkehile maikutlo haholo. Ho hana e ne e le e ’ngoe ea lintho tse thata ka ho fetisisa tseo ke ileng ka tlameha ho li etsa.” Edward, eo mantsoe a hae a qotsitsoeng pejana le eena oa lumela hore hase ntho e bonolo hore motho a lule a itšoere hantle. O re: “Banana ba bangata ba ’nile ba ithaopela ho robala le ’na, empa hore ke hane ke ntoa e boima haholo ho ’na joaloka Mokreste. Ho thata hore ke hane!”
Haeba u kile ua ikutloa joaloka Lourdes, Jane le Edward empa ua etsa se nepahetseng mahlong a Jehova Molimo, rea u babatsa ka ho etsa se nepahetseng. U ka ’na ua tšelisoa ke ho tseba hore moapostola Pauluse le eena o ’nile a lula a loana le litakatso tse fosahetseng.—Baroma 7:21-24.
Ke melao-motheo efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola haeba motho e mong a u kōpa hore u itlose bolutu le eena ka thobalano?
Tseba Hore na ke Hobane’ng ha ho Itlosa Bolutu ka ho Thobalano e le Ntho e Fosahetseng
Bibele e nyatsa ho kopanela liphate kantle ho lenyalo. Ha e le hantle bohlola ke sebe se tebileng hoo ba bo etsang ‘ba ke keng ba rua ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) E le hore u tsebe ho hanela teko ea ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate, u lokela ho ho talima ka mokhoa oo Jehova a ho talimang ka oona. U tlameha ho ikhethela hore u lule u hloekile boitšoarong.
“Ke lumela ka tieo hore tsela ea Jehova ke tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho phela.”—Karen oa Canada.
“Motho o lahleheloa ke lintho tse ngata haeba a hlokomoloha melao ea Jehova ea boitšoaro ka lebaka la monyaka oa metsotsoana.”—Vivian oa Mexico.
“Hopola hore u na le batsoali le metsoalle e mengata ebile u setho sa phutheho. U ka soabisa batho bana kaofela haeba u ka inehela tekong!”—Peter oa Brithani.
Moapostola Pauluse o ngotse tjena: “Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.” (Baefese 5:10) Ka ho fumana hore na Jehova o talima bohlola joang u tla tseba ho ‘hloea se sebe,’ le hoja se ka ’na sa u hohela ka lebaka la ho se phethahale nameng.—Pesaleme ea 97:10.
◼ Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Genese 39:7-9. Hlokomela hore na Josefa o hana ho oela tekong ea ho kopanela liphate ka sebete se sekaakang le hore na o thusitsoe ke eng hore a hane.
E-ba Motlotlo ka Lintho Tseo U li Lumelang
Ke ntho e tloaelehileng hore bacha ba be motlotlo ho emela seo ba se lumelang. Joaloka Mokreste, u na le tokelo ea ho emela lebitso la Molimo ka boitšoaro ba hao bo behang mohlala. U se ke ua hlajoa ke lihlong ka hore u ke ke ua fetola maikutlo tabeng ea ho kopanela liphate pele ho lenyalo.
“Hlakisa li sa tloha feela hore ho na le melao ea boitšoaro e u tataisang.”—Allen oa Jeremane.
“U se ke ua soabisoa ke seo u se lumelang.”—Esther oa Nigeria.
“Lithaka tsa hao li ke ke tsa hlompha maikutlo a hao tabeng ea ha moshemane a re ngoanana a robale le eena ka nako eo feela haeba u bua ntho e kang ena, ‘Batsoali ba ka ha ba ntumelle hore ke intše le moshemane kapa ngoanana.’ U lokela ho bolella lithaka tsa hao hore uena ha u batle ho intša le tsona.”—Janet oa Afrika Boroa.
“Bashemane bao ke neng ke kena le bona sekolong se phahameng ba ne ba tseba hantle seo ke leng sona, ’me ba ne ba tseba hore matsapa a bona e ne e tla be e le ho itšenyetsa nako.”—Vicky oa United States.
Ho emela seo u se lumelang ke sesupo sa hore joale u ba Mokreste ea hōlileng.—1 Bakorinthe 14:20.
◼ Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Liproverbia 27:11. Hlokomela kamoo seo u se etsang se ka tšehetsang morero o moholo ka ho fetisisa oa ho halaletsa lebitso la Jehova!
Lula U Tiile!
Ho hana ke ntho ea bohlokoa. Empa ba bang ba ka ’na ba nka hore ha u hana u mpa feela u “iketsa eka ha u batle empa u batla.”
“Motho ea u ferehang a ka ’na a nka hore ha u hana, eena o lokela ho etsa matsapa a eketsehileng ho fihlela u lumela.”—Lauren oa Canada.
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang—ho akarelletsa tsela eo u aparang ka eona, tsela eo u buang ka eona, hore na u bua le bo-mang le hore na u sebetsana joang le batho—e lokela ho bontša hore ehlile ua hana.”—Joy oa Nigeria.
“U lokela ho hana u tiile u bile u lomahantse meno.”—Daniel oa Australia.
“U tiee! Ha mohlankana e mong a mphereha ke ile ka re, ‘Tlosa letsoho la hao lehetleng la ka!’ ’me ka tloha ke tiisitse sefahleho.”—Ellen oa Brithani.
“U tlameha u bue u sa hlathe koana le koana u bolelle motho hore ha u batle ebile ha ho na mohla u tla batla. Ena hase nako ea ho iketsa konyana!”—Jean oa Scotland.
“Moshemane e mong o ne a nkemeletse a mphereha a bile a bua mesoaso e phoqang. Letsatsi la hore ke bue ke lomahantse meno le ne le chabe. E ne e be hona a khaotsang ho ntlhorisa.”—Juanita oa Mexico.
“U tlameha ho hlakisa hore eo hase ntho e ka ba ea etsahala. Le ka mohla u se ke ua amohela limpho tseo u li fuoang ke bashemane ba batlang ho robala le uena. Ba ka ’na ba sebelisa limpho tseo ho u tsunyatsunya joalokaha eka ho na le seo u ba kolotang sona.”—Lara oa Brithani.
Jehova o tla u thusa haeba u ka ema u tiile. Ha a hopola lintho tseo a fetileng ho tsona bophelong, mopesaleme Davida o bua tjena ka Jehova: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”—Pesaleme ea 18:25.
◼ Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: 2 Likronike 16:9. Hlokomela hore na Jehova o ikemiselitse ho thusa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena hakaakang.
E-ba le Chebelo-pele
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) U ka latela keletso eo ka tsela efe? Ka ho ba le chebelo-pele!
“Ikarole ho batho ba buang ka lintho tsa mofuta oo ka hohle kamoo u ka khonang.”—Naomi oa Japane.
“Qoba metsoalle le maemo a ka bang kotsi. Mohlala, ke tseba batho ba ileng ba oela molekong ha ba ne ba noele joala.”—Isha oa Brazil.
“U se ke ua fana ka boitsebiso bo u amang ka ho toba, bo kang aterese ea hao kapa nomoro ea hao ea thelefono.”—Diana oa Brithani.
“U se ke ua tsamaea u haka mang le mang feela eo u leng sehlopheng se le seng le eena sekolong.”—Esther oa Nigeria.
“Ela hloko tsela eo u aparang ka eona. Liaparo tsa hao ha ea lokela ho ba tse phephetsang.”—Heidi oa Jeremane.
“Ho ba le likamano tse ntle le batsoali ba hao le ho buisana le bona ka boemo bona ho fana ka tšireletso e matla.”—Akiko oa Japane.
Hlahloba tsela eo u buang ka eona, boitšoaro ba hao, metsoalle eo u nang le eona le libaka tseo u eang ho tsona khafetsa. Joale ebe ua ipotsa, ‘Na ebe ke ipeha boemong bo ka mpehang kotsing ea hore ba bang ba batle ho robala le ’na kapa ebe ka ho se hlokomele ke fana ka maikutlo a ka etsang hore ba bang ba batle ho robala le ’na?’
◼ Ho etsoa tlhahiso ea hore u bale: Genese 34:1, 2. Bona hore na ka ho ba sebakeng se fosahetseng ngoanana ea bitsoang Dina o ile a khola litholoana tse bosula hakaakang.
Hopola hore “ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate” hase ntho eo Jehova a e nkang habobebe; le uena ha ua tšoanela ho e nka habobebe. Bibele e re: “Ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang ea . . . nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Kreste le oa Molimo.” (Baefese 5:5) Ka ho emela se nepahetseng, u ka ba le letsoalo le letle ’me ua lula u itlhompha. Joalokaha ngoanana ea bitsoang Carly a bolela, “Hobane’ng ha u ka itumella hore motho e mong a u ‘sebelise’ ho ikhotsofatsa? Hlokomela seo u sebelitseng ka thata hakana hore u be le sona!”
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehloohong sena mabitso a fetotsoe.
b Lipoleloana tsena li ka boela tsa bolela ho etsa liketso tse ling tsa ho atamelana haufi haholo tse kang ho phollana le ho sunana ka mokhoa o tsosang takatso.
c Bohlola bo akarelletsa lintho tse kang ho kopanela liphate, ho nyanyana litho tsa ka sephiring le ho li kenyana ka morao, liketso tsa bosodoma, ho pholla litho tsa motho e mong tsa ka sephiring, esita le liketso tse ling tse etsoang ke batho ba babeli ba sa nyalanang ka hore ba sebelise litho tsa bona tsa ka sephiring hampe.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Le hoja boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo ka ipiletsa nameng ea rōna e sa phethahalang, ke hobane’ng ha bo fosahetse?
◼ U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore le itlose bolutu ka thobalano?
[Lebokose le leqepheng la 27]
◼ Bibele e re motho ea etsang bohlola “o siteloa ’mele oa hae.” (1 Bakorinthe 6:18) See ke ’nete ka tsela efe? Bona hore na ho na le litsela tseo u ka li nahanang, ebe u li thathamisa ka tlaase mona.
․․․․․
Tlhahiso: E le hore u tsebe ho araba potso ena e ka holimo, sheba buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo leqepheng la 149 le Insight on the Scriptures, Volume 1, leqepheng la 863. Libuka tsena ka bobeli li hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose le leqepheng la 29]
MOLAETSA O EANG HO BATSOALI
“Ha ke le sekolong moshemane e mong o ile a nkōpa hore ke robale le eena. Ke ile ka lieha ho utloisisa hore na ha e le hantle o batla eng. Ke ne ke le lilemo li 11 feela.”—Leah.
Bana ba bolelloa ka thobalano ba sa le banyenyane haholo. Khale koana Bibele e ile ea bolela esale pele hore ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla tsebahala ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” tseo ka tsona batho e neng e tla ba “ba hlokang boitšoaro” le “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” (2 Timothea 3:1, 3, 4) Mokhoa oa hore ‘bashemane ba robale le banana ka nako e itseng feela’ oo ho builoeng ka oona mona sehloohong sa bacha, ke le leng la matšoao a hore boprofeta bona boa phethahala.
Kajeno lefatše le fapane haholo le leo u hōletseng ho lona. Leha ho le joalo, mathata ’ona aa tšoana. Ka lebaka leo, u se ke ua tsieleha kapa ua tšosoa ke tšusumetso e mpe e potolohileng bana ba hao. Ho e-na le hoo, ikemisetse ho ba thusa hore ba etse seo moapostola Pauluse a ileng a se khothalletsa Bakreste lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng ha a ne a re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.” (Baefese 6:11) ’Nete ke hore bacha ba bangata ba Bakreste ba etsa matsapa a babatsehang a ho loanela ho etsa se nepahetseng ho sa tsotellehe tšusumetso e mpe e ba potolohileng. U ka thusa bana ba hao joang hore ba etse se tšoanang?
Tsela e ’ngoe ke hore u sebelise boitsebiso bona ho qala puisano le mora kapa morali oa hao. Likarolo tseo ‘ho etsoang tlhahiso ea hore u li bale’ li u bontša mangolo a etsang hore motho a nahane ka ho teba. A mang a na le mehlala ea batho ba ileng ba emela se nepahetseng ’me ba hlohonolofatsoa ha a mang a na le mehlala ea ba ileng ba iphapanyetsa melao ea Molimo eaba ba khola litholoana tse bosula. Mangolo a mang a hlahang likarolong tseo ‘ho etsoang tlhahiso ea hore u li bale’ a na le melao-motheo e ka thusang bana ba hao hore ba hlokomele hore na bona hammoho le uena le na le tlotla e kaakang ea ho phela ka melao ea Molimo. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse hore le hlahlobe boitsebiso boo hammoho hona joale?
Kamehla ho mamela melao-motheo ea Molimo ho re tsoela molemo. (Esaia 48:17, 18) Ho se e mamele hona joang kapa joang ho bakela motho masisa-pelo. Bahatisi ba Tsoha! ba u lakaletsa tlhohonolofatso ea Jehova ha u ntse u ruta bana ba hao melao le melao-motheo ea Molimo ho fihlela e kena lipelong tsa bona.—Deuteronoma 6:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
U tlameha ho mo hlakisetsa hore eo hase ntho e ka ba ea etsahala