Khaolong ea 26
U Nahana’ng ka ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate?
“Bacha ba bang ba kōpa bashanyana kapa banana hore ba robale le bona hore feela ba bone hore na ho tla etsahala’ng le hore na ba ka kopanela liphate le batho ba bangata hakae.”—Penny.
“Bashanyana ba bang ba ipuela feela ka hona. Ba ikotla sefuba ka hore ba na le likharebe empa ba ntse ba kopanela liphate le banana ba bang ba bangata.”—Edward.
BACHA ba bangata ba ithorisa ka hore ba kopanela liphate le batho bao ba nkang hore ha baa itlama ka letho ka bona. Ba bang ba bile ba na le metsoalle eo ba kopanelang liphate le eona, le hoja ba sa ratane.
U se ke ua makala haeba le uena u ikutloa u lekeha ho etsa se tšoanang! (Jeremia 17:9) Edward ea qotsitsoeng pejana, o re: “Banana ba bangata ba ’nile ba ithaopela ho robala le ’na, ’me ntho e nthatafallang haholo ke hore ke hane kaha ke Mokreste. Ha ho bonolo hore ke hane!” Ke melao-motheo efe ea Bibele eo u lokelang ho e hopola haeba motho e mong a u kōpa hore u itlose bolutu le eena ka ho kopanela liphate?
Lebaka Leo ho Itlosa Bolutu ka ho Kopanela Liphate ho Fosahetseng
Bohlola ke sebe se tebileng hoo ba bo etsang ‘ba ke keng ba rua ’muso oa Molimo.’ (1 Bakorinthe 6:9, 10) Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na batho ba babeli “baa ratana” kapa ba mpa ba itlosa bolutu feela. E le hore u hanele teko maemong ao ka bobeli, u lokela ho talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona.
“Ke lumela ka tieo hore tsela eo Jehova a reng re lokela ho phela ka eona, e molemo ka ho fetisisa.”—Karen oa Canada.
“Hopola hore u na le batsoali le metsoalle e mengata ebile u setho sa phutheho. U tla soabisa batho bao kaofela haeba u ka inehela tekong!”—Peter oa Brithani.
Ha u talima bohlola ka tsela eo Jehova a bo talimang ka eona, u tla khona ‘ho hloea se sebe,’ esita le haeba e le ntho e hohelang.—Pesaleme ea 97:10.
Ka kōpo bala Genese 39:7-9. Hlokomela kamoo ka sebete Josefa a ileng a hanela teko ea ho kopanela liphate le se ileng sa mo thusa hore a etse joalo.
E-ba Motlotlo ka Seo U se Lumelang
Hangata bacha ba ba motlotlo ho emela seo ba se lumelang. U na le tokelo ea ho emela melao ea Molimo ka boitšoaro ba hao. U se ke ua hlajoa ke lihlong ka tsela eo u ikutloang ka eona mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo.
“Hlakisa li sa tloha feela hore u na le melao-motheo ea boitšoaro e u tataisang.”—Allen oa Jeremane.
“Bashanyana bao ke neng ke kena le bona sekolong se phahameng ba ne ba ntseba, ’me ba tseba hore le ha ba ka leka, ba tla be ba itšenyetsa nako.”—Vicky oa United States.
Ha u emela seo u se lumelang u bontša hore u Mokreste ea ntseng a hōla tsebong.—1 Bakorinthe 14:20.
Ka kōpo bala Liproverbia 27:11. Hlokomela kamoo boitšoaro ba hao bo botle bo ka amang pelo ea Jehova kateng!
Bontša Hore U Tiile!
Ke habohlokoa hore u hane. Empa ba bang ba ka ’na ba se ke ba utloisisa ha u hana, ba nka hore u mpa feela u iketsa eka ha u batle.
“Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang—ho akarelletsa tsela eo u aparang ka eona, tsela eo u buang ka eona, hore na u bua le bo-mang le hore na u sebelisana joang le batho—e lokela ho bontša hore ehlile ua hana.”—Joy oa Nigeria.
“U lokela ho bontša ka ho hlaka hore eo hase ntho e ka etsahalang. Le ka mohla u se ke ua amohela limpho tseo u li fuoang ke bashanyana ba batlang ho robala le uena. Ba ka ’na ba sebelisa seo e le lebaka la hore ba batle ho robala le uena hobane ba nka hore ua ba kolota.”—Lara oa Brithani.
Jehova o tla u thusa haeba u bontša hore u tiile. Ha a nahana ka lintho tse mo etsahaletseng bophelong, mopesaleme Davida o ile a re ka Jehova: “Ho ea tšepahalang u tla etsa ka botšepehi.”—Pesaleme ea 18:25.
Ka kōpo bala 2 Likronike 16:9. Hlokomela hore Jehova o ikemiselitse ho thusa ba batlang ho etsa se nepahetseng.
E-ba le Ponelo-pele
Bibele e re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata.” (Liproverbia 22:3) U ka sebelisa keletso ee joang? Ka hore u be le ponelo-pele!
“Ikarole ho batho ba buang ka lintho tsa mofuta oo ka hohle kamoo u ka khonang.”—Naomi oa Japane.
“U se ke ua fana ka boitsebiso ba botho, bo kang aterese kapa nomoro ea hao ea fono.”—Diana oa Brithani.
Hlahloba tsela eo u buang ka eona, eo u itšoarang ka eona, batho bao u tloaelanang le bona le libaka tseo u atisang ho ea ho tsona. Ebe ua ipotsa, ‘Na ebe ka ho se hlokomele ke fana ka maikutlo a ka etsang hore ba bang ba batle ho robala le ’na?’
Ka kōpo bala Genese 34:1, 2. Hlokomela kamoo moroetsana ea bitsoang Dina a ileng a khola litholoana tse babang kateng ka lebaka la ho ba sebakeng se fosahetseng.
Hopola hore ho itlosa bolutu ka ho kopanela liphate hase ntho eo Jehova Molimo a e nkang habobebe; le uena ha ua lokela ho e nka habobebe. Ha u emela se nepahetseng, u tla lula u e-na le letsoalo le letle ka pel’a Molimo ’me u itlhompha. Moroetsana e mong ea bitsoang Carly o re: “ke hobane’ng ha u ka itumella hore motho e mong a u ‘sebelise’ hore a ikhotsofatse? Baballa boemo bo hloekileng boo u bo sebelelitseng ka thata!”
Bashanyana ba re ba khahloa ke banana ba joang? U ka ’na ua makatsoa ke seo ba se buang!
LENGOLO LA SEHLOOHO
“Le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong [Molimo] a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.”—2 Petrose 3:14.
KELETSO
Ntlafatsa litšobotsi tsa botho ba hao. (1 Petrose 3:3, 4) Ha u le motho ea molemo, ho tla ba bonolo hore u khahle motho ea molemo.
NA U NE U TSEBA . . . ?
Jehova o batla hore u thabele ho kopanela liphate joalokaha a ne a rerile hore e be mohloli oa thabo lenyalong—u sa tšoenyehe, u sa tšohe, u bile u sa ikoahlaee, e leng litholoana tse atisang ho hlahisoa ke bohlola.
SEO KE RERANG HO SE ETSA!
Nka ikemisetsa ho lula ke hloekile boitšoarong joaloka Josefa, haeba ke ․․․․․
Ke tla qoba phoso eo Dina a ileng a e etsa, haeba ke ․․․․․
Lintlha tseo ke tla rata ho li botsa motsoali kapa batsoali ba ka tabeng ena ke ․․․․․
U NAHANA’NG KA SEE?
● Le hoja batho ba sa phethahalang ba ka ’na ba hoheloa ke boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ke hobane’ng ha bo fosahetse?
● U tla etsa’ng ha motho e mong a u kōpa hore u robale le eena?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 185]
“U tiee! Ha mohlankana e mong a ne a leka ho nhokahoka ke ile ka re, ‘Tlosa letsoho la hao lehetleng la ka!’ ’me ka tloha ke tiisitse ka mahlong.”—Ellen
[Setšoantšo se leqepheng la 187]
Haeba u itlosa bolutu ka ho kopanela liphate, ua itheola