Bacha Baa Botsa . . .
Ke Eng e Phoso ka ho Ratana ka Sekhukhu?
Jessicaa o ne a eme hlooho. Litaba li qalile ha moshanyana eo a leng tlelaseng le eena ea bitsoang Jeremy a ne a qala ho bontša hore oa mo rata. Jessica o re: “O ne a le motle, ’me metsoalle ea ka e ile ea re ho ne ho se moshanyana ea itlhomphang joaloka eena. Banana ba bangata ba ne ba ile ba leka ho mo fereha empa o ne a sa ba rate. O ne a rata ’na feela.”
Ho e-s’o ee kae, Jeremy o ile a fereha Jessica. Jessica o re: “Ke ile ka mo hlalosetsa hore joaloka e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ke ne nke ke ka lumelloa ho ratana le motho eo e seng oa tumelo ea ka. Empa Jeremy o ne a e-na le leqheka. O ile a mpotsa potso ena, ‘Ke hobane’ng ha re sa ratane ka sekhukhu, re patele batsoali ba hao?’”
HAEBA motho eo u mo ratang a ne a ka etsa tlhahiso e joalo u ne u tla etsa’ng? U ka ’na ua makala ha u utloa hore qalong Jessica o ile a lumellana le leqheka leo la Jeremy. O re: “Ke ne ke kholisehile hore haeba nka ratana le eena, nka etsa hore a ithute ho rata Jehova.” Lintho li ile tsa tsamaea joang? Re tla fumana hamorao. Pele, a re ke re bone hore na esita le mocha oa Mokreste ea behang mohlala o motle joaloka Jessica o ne a ka oela lerabeng la ho ratana le motho ka sekhukhu joang a sa hlokomele.
Lebaka Leo ba Etsang Sena ka Lona
Bacha ba bang ba qalella ho ratana ba sa le banyenyane haholo. Susan oa Brithani o re: “Ke bone bana ba e-ba le bahlankana le likharebe ba le lilemo li 10 kapa 11!” Ke hobane’ng ha ba potlakile hakaale? Khoheli ea tlhaho e teng pakeng tsa bashanyana le banana le khatello ea lithaka—hangata tsena ke tsona lintho tse ba susumetsang. Lois oa Australia o re: “Ho na le liphetoho tse etsahalang ’meleng oa hao, ’me sekolong mona e mong le e mong o na le motho eo a ratanang le eena.”
Empa ke hobane’ng ha ba bang ba ratana ka sekhukhu? Jeffrey oa Brithani o re: “Mohlomong ba tšaba hore na batsoali ba bona ba tla re’ng.” David oa Afrika Boroa le eena o na le maikutlo a tšoanang. O re: “Baa tseba hore batsoali ba bona ba ne ba ke ke ba lumellana le seo, ka lebaka leo baa ba patela.” Ngoanana e mong oa Australia ea bitsoang Jane o hlalosa ho hong hoo e ka ’nang eaba ke lona lebaka. O re: “Ho ratana ka sekhukhu ke borabele. Haeba u bona eka ha u tšoaroe joaloka motho e moholo le hoja uena u ikutloa hore u se u hōlile, u etsa qeto ea hore u tla iketsetsa ntho eo u e ratang ebe ha u bolelle batsoali ba hao. Ho iketsetsa ntho ka sekhukhu ho bonolo.”
’Nete ke hore Bibele e u laela hore u mamele batsoali ba hao. (Baefese 6:1) Haeba batsoali ba hao ba le khahlanong le hore ebe ua ratana, e tlameha ebe ba na le mabaka a utloahalang. Ho etsa mohlala, haeba ke Lipaki Tsa Jehova, ba tla rata hore u ratane le motho eo e leng molumeli-’moho le uena feela—le hona haeba ka bobeli ba lōna le se le le boemong boo le ka nahanang ka lenyalo.b Leha ho le joalo, u se ke ua makala ha u ka iphumana u nahana ka tsela ena:
◼ Ke ikutloa ke le mokhelo hobane motho e mong le e mong oa ratana ke ’na feela ea sa rataneng.
◼ Ke khahliloe ke motho eo tumelo ea hae e sa tšoaneng le ea ka.
◼ Nka rata ho ratana le motho eo e leng Mokreste-’moho le ’na le hoja ke sa le monyenyane haholo hore nka kena lenyalong.
Mohlomong ua tseba hore na batsoali ba hao ba ne ba tla re’ng ka lipolelo tsena. ’Me tlaase botebong ba pelo ua tseba hore ba nepile. Ho ntse ho le joalo, u ka ’na ua ba le maikutlo a kang a Manami oa Japane ea reng: “Khatello ea hore ke ratane e matla hoo ka linako tse ling ke utloang ke se ke sa tsebe hantle hore na ke eme hokae. Kajeno bacha ba na le maikutlo a hore hase ntho e ka etsahalang hore motho a se ke a ratana.” Bacha ba bang ba iphumanang ba le boemong boo ba se ba qalelletse ho ratana ’me ba patetse batsoali ba bona. Ka tsela efe?
“Re Ile ra Bolelloa Hore re Boloke Taba eo e le Lekunutu”
Poleloana e reng “ho ratana ka sekhukhu” e fana ka maikutlo a hore mano a teng tabeng ena. Ba bang ba boloka taba ea bona e le lekunutu ka hore ba buisane ka mohala kapa ka Inthanete feela. Mahlong a batho ke metsoalle feela, empa melaetsa eo ba e romellanang ka Inthanete le eo ba e romellanang ka cell phone le ha ba buisana mohaleng e bontša hore hase metsoalle feela.
Caleb, oa Nigeria, o hlalosa leqheka le leng la bolotsana. O re: “Bacha ba bang ba ratanang ka sekhukhu ba sebelisa mantsoe a nang le moelelo o poteletseng kapa ba rehana mabitso a tsejoang ke bona feela ha ba buisana ba le har’a lithaka tsa bona e le hore ba bang ba se ke ba utloisisa hore na ba bua ka eng.” Mokhoa o mong ke ho hlophisa hore sehlopha sa bacha se etse ntho e itseng ’moho ebe hamorao kharebe le mohlankana ba ikarola ho ba bang. James oa Brithani o re: “Ka letsatsi le leng ho ile ha hlophisoa hore re il’o kopana sebakeng se itseng re le sehlopha, ra fumana hamorao hore sena se ne se etselitsoe hore feela bacha ba babeli sehlopheng sa rōna moo ba tsebe ho kopana. Re ile ra bolelloa hore re boloke taba eo e le lekunutu.”
Joalokaha James a bolela, hangata batho ba ratana ka sekhukhu ka thuso ea metsoalle. Carol oa Scotland o re: “U tla fumana hore bonyane e mong oa metsoalle oa tseba ka taba eo empa o ikhethela hore a le nyaee le kolobe ka lebaka la maikutlo a atileng a hore ‘u se ke be ua bolela.’”
Hangata, taba ena e tsamaea le bolotsana bo pepenene. Beth oa Canada o re: “Ba bangata ba boloka taba ea hore baa ratana e le lekunutu ka ho thetsa batsoali ba bona ha ba ba bolella hore na ba ea hokae.” Misaki oa Japane oa lumela hore le eena o ile a etsa sona seo. O re: “Ke ne ke bua litaba tseo ke iqapetseng tsona ka bohlale. Ke ne ke le hlokolosi hore ke se ke ka thetsa batsoali ba ka ka litaba tse ling ntle feela le tsa ho ratana e le hore ba ’ne ba lule ba ntšepa.”
Likotsi Tse Bakoang ke ho Ratana ka Sekhukhu
Haeba u khalla ho ratana ka sekhukhu—kapa haeba u se u ntse u ratana—u tlameha u ke u nahane ka lintho tse latelang.
◼ Bomenemene boo ba ka bo tla fella hokae? Na u ikemiselitse ho nyalana le motho eo haufinyane? Evan oa United States o re: “Ho ratana u e-s’o ikemisetse ho kena lenyalong ho ka tšoana le ho phatlalatsa hore u rekisa ntho empa u sa e rekise.” Liproverbia 13:12 e re: “Tebello e chechisetsoang morao e kulisa pelo.” Na ka sebele u rata ho utloisa pelo ea motho eo u mo ratang bohloko?
◼ Ebe Jehova Molimo o ikutloa joang ka seo ke se etsang? Bibele e bolela hore “lintho tsohle li hlobotse ’me li pepesitsoe phatlalatsa mahlong a eo re nang le boikarabello ho eena.” (Baheberu 4:13) Ka lebaka leo, haeba u patile hore ua ratana—kapa u patile hore motsoalle oa hao oa ratana—Jehova o se a ntse a tseba ka hona. ’Me haeba ho e-na le mano tabeng ena, u tlameha ho khathatseha. Jehova Molimo o hloile leshano. Haele hantle ka Bibeleng “leleme la bohata” le thathamisitsoe har’a lintho tse ka sehloohong tseo Jehova a li hloileng.—Liproverbia 6:16-19.
Ruri haeba u ratana ka sekhukhu u ikamoha tšireletso eo u ka e fumanang haeba taba ea lōna e le pepeneneng. Ha ho makatse hore ebe ba bang ba ratanang ka sekhukhu ba qetella ba oetse boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate. Jane oa Australia o re motsoalle oa hae e mong o ne a e-na le moshanyana eo a ratanang le eena ka sekhukhu sekolong ’me o ne a phela bophelo ba boikaketsi. Jane o re: “Nakong eo ntate oa hae a neng a fumana hore oa ratana, e ne e se e le moimana.”
E ka ba hantle hore u bue le batsoali ba hao kapa motho e mong e moholo eo e leng Mokreste ea hōlileng moeeng haeba u ratana ka sekhukhu. Haeba u na le motsoalle ea ratanang ka sekhukhu, u se ke ua kopanela le eena boitšoarong bona ba hae ka hore u mo thuse ho pata taba ena. (1 Timothea 5:22) Nahana, u ne u tla ikutloa joang haeba ho ratana hoo ho ne ho ka baka mathata a kotsi? Na u ne u ke ke ua jara molato ka tsela e itseng? A re re motsoalle oa hao ea nang le lefu la tsoekere o ne a e-ja lipompong ka sekhukhu. Ho thoe’ng haeba u ne u ka tseba ka taba ee empa motsoalle oa hao a u kōpa hore u se ke be ua bolella motho? Ke ntho efe eo u neng u tla khathatseha ka eona haholo—na ke ho sireletsa motsoalle oa hao kapa ke ho nka khato e neng e ka mo pholosa?
Hoa tšoana haeba u tseba ka motho ea ratanang ka sekhukhu. U se ke ua khathatseha ka hore setsoalle sa lōna se tla qhalanela ruri! Ha nako e ntse e ea, motsoalle oa ’nete o tla hlokomela hore u entse sena hobane u mo tsotella.—Liproverbia 27:6.
“Ke ne ke Tseba Hore na ke Tšoanela ho Etsa’ng”
Jessica, eo ho builoeng ka eena qalong, o ile a fetola maikutlo a hae ka taba ea ho ratana ka sekhukhu ha a utloa se ileng sa etsahalla Mokreste e mong ea neng a le boemong bo tšoanang. Jessica o re: “Ka mor’a hore ke utloe hore na o ile a khaotsa ho ratana le motho e mong joang, ke ne ke tseba hore na ke tšoanela ho etsa’ng.” Na ho khaohana ho ne ho le bonolo? Le letho! Jessica o re: “Enoa e ne e le eena feela mohlankana eo nkileng ka mo rata. Ka libeke tse ’maloa ke ne ke lla letsatsi le leng le le leng.”
Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo Jessica a neng a e tseba—o ne a tseba hore o rata Jehova le hore le hoja a ne a ile a fapoha tseleng o ne a rata ho etsa se nepahetseng e le kannete. Ha nako e ntse e ea, bohloko ba ho khaohana le mohlankana bo ile ba fokotseha. Jessica o re: “Hona joale kamano ea ka le Jehova e ntlafetse ho feta nakong leha e le efe. Ke leboha haholo hore ebe o re tataisa ka tsela eo re e hlokang ’me o etsa joalo ka nako e nepahetseng!”
Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehloohong sena mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Qala ho Laetsana Neng?” se hlahang khatisong ea rōna ea January 2007.
SEO U KA NAHANANG KA SONA
◼ Khutlela morao u hlahlobe maemo a mararo a ngotsoeng ka mongolo o motenya leqepheng la 27. Ke boemo bofe bo hlalosang hore na ka linako tse ling u ikutloa joang, haeba bo le teng?
◼ U ka sebetsa taba ee joang ho sa hlokahale hore u ratane ka sekhukhu?
[Lebokose le leqepheng la 28]
Na ke ho Etsa Lintho ka Sekhukhu Kapa ke ho Qoba Hore Taba e Tsebahale?
Hase ho bolela hore ka linako tsohle ha motho a ratana le motho ka lekunutu o mano. Mohlomong mohlankana le moroetsana ba seng ba le lilemong tsa ho kena lenyalong ba batla ho tsebana hantle ’me ba batla hore nakong eo taba ea bona e se ke ea tsebahala. Mohlomong joalokaha mohlankana e mong ea bitsoang Thomas a bolela, “ha ba batle ho ’na ba tšoenngoa ka ho botsoa lipotso tse kang ena, ‘Joale le nyalana neng?’”
Ho hatelloa ke batho ba bang ho sa hlokahale ho ka ba kotsi. (Sefela sa Lifela 2:7) Ka lebaka leo, batho ba bang ha ba sa tsoa qala ho ratana ba khetha ho etsa lintho ka masene—empa ba ntse ba ela hloko hore ba se ke ba ikarola ho ba bang. (Liproverbia 10:19) Anna ea lilemo li 20 o re: “Sena se fa batho bao ba babeli nako ea hore ba bone hore na ba hlile ba ikemiselitse ho tsoela pele ka morero oa ho nyalana. Haeba ba hlile ba ikemiselitse, joale ba ka tsebisa ba bang ka taba ea bona.”
Ka nako e tšoanang, e ka ba phoso ho patela batho ba nang le tokelo ea ho tseba hore ua ratana, ba kang batsoali ba hao kapa ba mohlankana kapa kharebe ea hao. Haeba u sa batle hore batho ba tsebe hore ua ratana, u lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng. Na ebe u boemong bo tšoanang le ba Jessica boo ho builoeng ka bona qalong ea sehlooho see? Ebe pelo ea hao ea u bolella hore batsoali ba hao ba ne ba tla ba le mabaka a utloahalang a ho ba khahlanong le taba ee?
[Lebokose le leqepheng la 29]
MOLAETSA O EANG HO BATSOALI
Ka mor’a hore u bale sehlooho se etellang sena pele u ka ’na ua ipotsa potso ena, ‘Na mora oa ka kapa morali oa ka a ka mpatela hore oa ratana?’ Hlokomela seo bacha ba ’maloa ba se boleletseng Tsoha! ka hore na ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba kena molekong oa ho ratana ka sekhukhu, ebe joale u nahana ka lipotso tse botsitsoeng ka mor’a moo.
◼ “Bana ba bang ha ba fumane motho ea ba tšehetsang lapeng, ka lebaka leo ba itšetleha ka bahlankana kapa likharebe tsa bona hore ebe tsona tse ba tšehetsang.”—Wendy.
Joaloka motsoali, u ka etsa joang ho tiisa hore bana ba hao ba fumana lintho tseo ba li hlokang maikutlong ka tsela e khotsofatsang? Na ho na le moo ho hlokahalang hore u ntlafatse teng tabeng ee? Haeba ho joalo, ke lintlheng life?
◼ “Ha ke ne ke le lilemo li 14, moshemane e mong ea neng a tlile naheng ea heso tlas’a lenaneo la phapanyetsano ea baithuti o ile a nkōpa hore ke be kharebe ea hae. Ke ile ka lumela. Ke ne ke nahana hore ho tla ba monate hore mohlankana a ke a tsamaee a nkopile ka letsoho.”—Diane.
Haeba Diane e ne e le morali oa hao, u ne u tla buisana le eena joang ka taba ee?
◼ “Li-cell phone li etsa hore ho be bonolo hore bana ba ratane ka sekhukhu. Batsoali ha ba tsebe letho ka lintho tse etsahalang!”—Annette.
Ke mehato efe eo u ka e nkang ho sireletsa bana ba hao ha ba sebelisa li-cell phone?
◼ “Ho ka ba bobebe hore bana ba ratane ka sekhukhu haeba batsoali ba sa ele hloko hore na ba etsa eng le hona ba e etsa le bo-mang.”—Thomas.
Na ho na le litsela tseo ka tsona u ka kenyang letsoho haholoanyane bophelong ba mora kapa morali oa hao ea e-s’o fihle lilemong tse 20 empa u ntse u mo fa bolokolohi bo loketseng?
◼ “Hangata batsoali ha ba eo lapeng ka nako eo bana ba leng teng ka eona. Kapa ba tšepa bana hoo ba ba lumellang ho ikela moo ba ikelang teng le batho ba bang.”—Nicholas.
Ak’u nahane ka motsoalle oa ngoana oa hao oa hlooho ea khomo. Na ua tseba hore na ba etsa’ng ha ba le ’moho?
◼ “Bana ba ka ratana ka sekhukhu haeba batsoali ba tiisa letsoho ho tlōla tekano.”—Paul.
U sa sekisetse melao le melao-motheo ea Bibele, u ka etsa joang hore “ho ba le kahlolo e molemo ha [hao] ho ke ho tsejoe ke batho bohle”?—Bafilipi 4:5.
◼ “Ha ke sa tsoa feta lilemo tse 12, ke ne ke ikhella fatše ’me ke batla ho ratoa. Ke ile ka qala ho ngolla moshanyana e mong oa phuthehong e haufi le ea heso ka Inthanete eaba rea ratana. O ne a etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”—Linda.
U nahana hore ke litsela life tse molemo tse neng li ka sebelisoa hore Linda a fumane lintho tseo a li hlokang, a li fumana lapeng?
Ke hobane’ng ha u sa sebelise sehlooho see le lona leqephe lee e le lintho tseo u ka li tšohlang le mora kapa morali oa hao? Ntho e ka u thusang ka ho fetisisa hore bana ba se ke ba u patela lintho ke hore ha u buisana le bona u ba phetlele sefuba sa hao ’me u se ke ua ’na ua hlatha koana le koana. Ho hlokahala nako le mamello hore u hlokomele hore na ngoana oa hao o hloka eng, empa moputso oa teng o tšoanela boiteko bohle boo u ka bo etsang.—Liproverbia 20:5.