Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 7/07 maq. 10-12
  • Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Ntlhokomoloha Kamehla?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Ntlhokomoloha Kamehla?
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona ho Leng Bohloko
  • Ho Loantša Bolutu
  • Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu
    Tsoha!—2015
  • Ke Hobane’ng ha ke se na Metsoalle?
    Bacha Baa Botsa
  • U se ke Ua Lumella Bolutu ho Ama Bophelo ba Hao ka Mokhoa o Kotsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Nka Leleka Bolutu ba ka Joang?
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 7/07 maq. 10-12

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ba Bang ba Ntlhokomoloha Kamehla?

“Nakong ea mafelo a beke, ho bonahala eka motho e mong le e mong lefatšeng mona o natefetsoe haese ’na feela.”—Renee.

“Bacha ba bang ba kopana ’moho ’me ba thabela botsoalle empa ’na baa ntlhokomoloha!”—Jeremy.

LETSATSI le chabile hamonate, ’me ha ho na seo u rerileng ho se etsa. Leha ho le joalo, e mong le e mong o na le seo a se etsang. Metsoalle eohle ea hao eona ea ithabisa. Empa le lekhetlong lena, e sa ntse e u hlokomolohile!

Ho se mengoe ka bohona ho utloisa bohloko haholo, empa ho utloisang bohloko le ho feta ke maikutlo ao motho a lulang a e-na le ’ona ka hona. U ka ’na ua re, ‘Ebe mohlomong ho na le phoso e itseng ka ’na? Ke hobane’ng ha bohle ba sa batle ho thabela botsoalle le ’na?’

Lebaka Leo ka Lona ho Leng Bohloko

Ka tlhaho batho ba lakatsa hore ba tšoane le batho ba bang ’me ba ba amohele. Ka sebele, joalokaha re le batho ka batho ba bang, re rua molemo haholo ha re sebelisana le ba bang. Pele Jehova a bōpa Eva, o ile a re ho Adama: “Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong.” (Genese 2:18) Ho hlakile hore batho ba hloka batho ba bang; ke kamoo re entsoeng kateng. Lena ke lebaka leo ka lona re utloang bohloko hakana ha ba bang ba re hlokomoloha.

E ka ba ho soabisang le ho feta haeba u hlokomolohuoa khafetsa kapa haeba bao u batlang hore e be metsoalle ea hao ba etsa hore u utloe eka ha u ba tšoanele. Moroetsana e mong ea bitsoang Marie o re: “Ho na le lihlotšoana tsa bacha ba atlehang ho etsa lintho tse babatsehang, empa u ka hlokomela hore ha ba rate ha u kena sehlopheng sa bona.” Ha ba bang ba u qhelela thōko sehlopheng sa bona, u qetella u ikutloa u hlokomolohiloe u bile u jeoa ke bolutu.

Ka linako tse ling u ka ’na ua ikutloa u qheletsoe thōko u ntse u le har’a batho ba bangata. Nicole o re: “Le hoja eka ke ntho e sa utloahaleng, ke sa hopola ha ke ne ke jeoa ke bolutu haholo ke le ’mokeng oa boithabiso. Ke nahana hore ke hobane ke ne ke le har’a batho ba bangata haholo, empa ke ne ke sa utloe eka ho na le eo e neng e le motsoalle oa ka.” Ba bang ba jeoa ke bolutu esita le ha ba le likopanong tsa Bokreste. Meagan o re: “Ho bonahala eka bohle baa tsebana empa ’na ha ba ntsebe!” Moroetsana e mong ea bitsoang Maria le eena o ikutloa joalo. O re, “Ekare ke pota-potiloe ke metsoalle empa ha ke na metsoalle.”

Motho e mong le e mong o jeoa ke bolutu—esita le ba bonahalang eka ba ratoa haholo kapa ba thabile. Maele a Bibele a re: “Esita le litšehong pelo e ka ’na ea utloa bohloko.” (Liproverbia 14:13) Ha bolutu bo le matla ebile bo tsoela pele, bo ka nyotobetsa motho haholo. Bibele e re: “Ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.” Phetolelo e ’ngoe e beha temana ena tjena: “Masoabi a ka u sithabetsa.” (Liproverbia 15:13; Contemporary English Version) Haeba u ikutloa u sithabetse ka lebaka la ho hlokomolohuoa ke ba bang, u ka etsa’ng?

Ho Loantša Bolutu

Leka ho latela mehato e latelang e le hore u loantše bolutu:

◼ Nahanisisa ka makhabane a hao. (2 Bakorinthe 11:6) Ipotse, ‘Ke na le litšobotsi life tse ntle?’ Nahana ka lineo kapa litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona ’me u li thathamise ka tlaase mona.

․․․․․

Ha u utloa eka ba bang ba u hlokomolohile, ikhopotse litšobotsi tse ntle tseo u nang le tsona—tse kang tseo u li thathamisitseng ka holimo. Ke ’nete hore u na le mefokolo e itseng ’me u lokela hore u loanele ho e hlōla. Leha ho le joalo, leka hore u se ke ua sithabetsoa ke liphoso tsa hao. Ho e-na le hoo, u inke u le mosebetsing oa ho ntlafatsa liphoso tsa hao. Ha u e-s’o fihle moo u habileng teng, empa ho na le moo u seng u ntlafalitse. Nahanisisa ka tseo u seng u ntlafalitse ho tsona!

◼ U atolohe. (2 Bakorinthe 6:11-13) Ithaopele ho tseba batho ba bang. Ke ’nete hore ho ka ’na ha e-ba boima ho etsa sena. Liz ea lilemo li 19 o re: “Ho ba har’a sehlopha se seholo ho ka ’na ha bonahala ho tšosa, empa ha u ea ho motho a le mong ’me u re ho eena, lumela, hang feela u se u le karolo ea sehlopha seo.” (Bona lebokose le reng, “Litlhahiso Tsa ho Qoqa.”) Mabapi le ho hlokomolohuoa, tiisa hore uena ha u hlokomolohe motho leha e le ofe, esita le batho ba hōlileng. Mocha ea bitsoang Cori, oa hopola: “Ha ke ne ke le lilemo li 10 kapa 11, ke ne ke e-na le motsoalle ea neng a le moholo ho ’na haholo. Ho sa tsotelle hore ebe re ne re sa lekane ka lilemo, re ne re hlile re le metsoalle ea hlooho ea khomo.”

Nahana ka batho ba babeli ba baholo phuthehong ea heno bao u ka ratang ho ba tseba haholoanyane.

․․․․․

Sebokeng se latelang sa phutheho ea heno, ak’u leke ho atamela e mong oa batho bao u ba ngotseng ka holimo. Qalisa ho qoqa le eena. Mo botse hore na ho ile ha tla joang hore a thahaselle Bibele. Ha u ikitlaetsa haholoanyane ho finyella “mokhatlo ’ohle oa barab’abo rōna,” u ke ke ua ikutloa u hlokomolohiloe ’me u jeoa ke bolutu hakaalo.—1 Petrose 2:17.

◼ Phetlela motho e moholo sefuba. (Liproverbia 17:17) Ho bolella batsoali ba hao kapa motho e mong e moholo lintho tse u tšoenyang ho ka u thusa hore u fokotse bolutu. Ke sona seo ngoanana e mong ea lilemo li 16 a se hlokometseng. Qalong, o ne a tšoenyeha haholo ka hore ba bang baa mo hlokomoloha. O re: “Ke ne ke nahana ka boemo bo bileng teng bo entseng hore ke ikutloe ke hlokomolohiloe, ke nahana ka bona khafetsa. Joale ke ne ke buisana le ’Mè ka boemo boo, ebe o nkeletsa hore na ke sebetsane le bona joang. Ka sebele ho bua hoa thusa!”

Haeba ho hlokahala hore u buisane le motho e mong mabapi le ho jeoa ke bolutu bo sa khaotseng, u ka bua le mang?

․․․․․

◼ Nahana ka ba bang. (1 Bakorinthe 10:24) Bibele e re re se ke ra ‘hlokomela lithahasello tsa litaba tsa rōna feela, empa hape re hlokomele lithahasello tsa ba bang.’ (Bafilipi 2:4) Ke ’nete hore ha u utloa eka u hlokomolohiloe, ho bonolo hore u ikutloe u tepeletse maikutlo kapa u hlomohile. Leha ho le joalo, ho e-na le ho tetebela ho ea pele, ke hobane’ng ha u sa etsetse motho e mong ntho e itseng eo a e hlokang? Mohlomong u ka ba ua iketsetsa metsoalle e mecha ka tsela eo!

Nahana ka motho e mong lelapeng leno kapa ka phuthehong ea heno, eo mohlomong a ka hlokang botsoalle ba hao kapa thuso ea hao ka tsela e itseng. Ngola lebitso la hae ka tlaase mona, ’me u hlalose hore na u ka mo thusa joang.

․․․․․

Ha u nahana ka batho ba bang ho e-na le ho nahana ka uena feela u bile u ba etsetsa lintho tse itseng, u ba le nako e fokolang ea ho jeoa ke bolutu. Sena se ka etsa hore u be le maikutlo a nepahetseng ka tsela eo u shebang litaba ka eona le kamoo u itšoarang kateng, ’me seo se tla etsa hore u be motho ea ratehang eo ba bang ba ka etsang setsoalle le eena. Liproverbia 11:25 e re: “Ea nosetsang ba bang ka bolokolohi o tla nosetsoa ka bolokolohi.”

◼ Khetha bao u etsang setsoalle le bona. (Liproverbia 13:20) Ho molemo ho ba le metsoalle ea ’nete e seng mekae, e u tsotellang ho fapana le ho ba le mohoula oa bao ho thoeng ke metsoalle ba ka ’nang ba u kenya khathatsong. (1 Bakorinthe 15:33) Nahana ka Samuele e monyenyane eo Bibele e buang ka eena. E ka ’na eaba o ne a jeoa ke bolutu ha a le tabernakeleng. O ne a sebetsa ’moho le Hofni le Finease, bao a neng a ke ke a ba khetha hore e be metsoalle e metle ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe—esita le hoja e ne e le bara ba moprista ea phahameng. Haeba Samuele a ne a ka leka ho ikamahanya le bona, o ne a tla be a ipolaea moeeng. Empa ho hang Samuele o ne a sa batle seo! Bibele e re: “Ka nako eo eohle moshanyana Samuele o ne a ntse a hōla ’me a rateha ka ho eketsehileng ponong ea Jehova le ea batho.” (1 Samuele 2:26) Ea batho bafe? Ho hang e ne e ke ke ea e-ba ea Hofni le Finease, bao ho ka etsahalang hore ebe ba ne ba koekoetla Samuele ka lebaka la liketso tsa hae tse ntle. Ho e-na le hoo, litšobotsi tse khahlehang tsa Samuele li ile tsa etsa hore a ratoe ke batho ba neng ba tšehetsa melao ea Molimo. Ka sebele batho ba ratang Jehova, ke bona metsoalle eo u e hlokang!

◼ E-ba le maikutlo a matle. (Liproverbia 15:15) Ka linako tse ling, motho e mong le e mong o ikutloa a hlokomolohiloe—bonyane ho isa boemong bo itseng. Ke’ng se ka u thusang? Ho e-na le ho lula u nahana ka lintho tse utloisang bohloko, leka ka matla hore u be le maikutlo a matle bophelong. Hopola hore le hoja mohlomong u ka sitoa ho laola karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea boemo ba hao bophelong, u ka laola tsela eo u etsang lintho ka eona maemong a itseng.

Kahoo, ha u ikutloa u hlokomolohiloe, nka mehato e nepahetseng e le hore u fetole boemo boo kapa bonyane u fetole maikutlo a hao ka bona. Kamehla u hopole hore Jehova o tseba kamoo u entsoeng kateng, kahoo o tseba lintho tseo u li hlokang le hore na li ka khotsofatsoa ka tsela efe e molemohali. Haeba u e-na le maikutlo leha e le afe a sa khaotseng a ho jeoa ke bolutu, rapela Jehova ka taba eo. Kholiseha hore “o tla u tšehetsa.”—Pesaleme ea 55:22.

Lihlooho tse ling tsa “Bacha Baa Botsa . . . ” li ka fumanoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete ho www.watchtower.org/ype

SEO U LOKELANG HO NAHANA KA SONA

◼ Ke mehato efe e loketseng eo nka e nkang haeba ke utloa eka ke hlokomolohiloe?

◼ Ke mangolo afe a tla nthusa ho icheba ka tsela e leka-lekaneng ho e-na le ho sithabetsoa ke menahano e fosahetseng?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12]

Litlhahiso Tsa ho Qoqa

◼ Bososela. Ha u le botsoalle, seo se tla hohela ba bang hore ba qoqe le uena.

◼ Itsebise ba bang. Bolela hore na u mang le hore na u lula hokae.

◼ Botsa lipotso. Ba botse lipotso tse loketseng mabapi le semelo sa bona empa u se ke ua ba bohelehele ka litaba tsa bona.

◼ Mamela. U se ke ua lula u nahana hore na joale u tla bua eng e latelang. Taba ea bohlokoa ke ho mamela. Potso ea hao e latelang kapa polelo, e tla itlela habonolo feela.

◼ Phutholoha! Ho qoqa ho ka u bulela monyetla oa ho ba le metsoalle e mecha. Kahoo thabela ho qoqa le ba bang!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela