Ke Mang ea Nang le Pentšele?
KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI
E THEKO e tlaase, e fumaneha habonolo, ’me ha e boima. E fella hantle ka pokothong. Ha e hloke motlakase, ha ho mohla e hlatsang enke, ’me mongolo oa eona o ka hlakoloa. Bana ba ithuta ho ngola ka eona, bataki ba litšoantšo ba nang le boiphihlelo ba etsa mosebetsi o tsoileng matsoho ka eona ’me boholo ba rōna re lula re e-na le eona hore re ngole lintlha tse itseng. Ka sebele, pentšele e sa reng letho ke se seng sa lisebelisoa tse theko e tlaase le tse sebelisoang haholo lefatšeng lohle bakeng sa ho ngola. Pale e thahasellisang ea ho qaptjoa le ho ntšetsoa pele ha eona e qalile ka se ileng sa sibolloa e se ka morero sebakeng se seng sa mahaeng sa Engelane.
Loto e Ntšo
Lekholong la bo16 la lilemo, ho ile ha fumanoa litutulu tsa ntho e ntšo e sa tsejoeng tlas’a leralla la Borrowdale, phuleng ea Lake District e ka leboea ho Engelane. Le hoja ntho eo e ne e shebahala joaloka mashala, e ne e sa che; ’me e ne e etsa mongolo o benyang, o motšo o bileng o hlakohang habonolo. Kaha e ne e le mafura, batho ba ne ba e phuthela ka makoko a linku kapa ba thatela lithupa tsa eona tse khutšoanyane ka khole. Ha ho motho ea tsebang hore na ke mang ea qalileng ho nahana hore motsu oa pentšele o kenngoe ka har’a thupa, empa lilemong tsa bo-1560, lipentšele tsa pele-pele li ne li se li fihlile k’honthinenteng ea Europe.
Ka mor’a nakoana, loto e ntšo e ne e rafshoa ’me e romeloa linaheng tse ling moo bataki ba litšoantšo ba neng ba e batla ka bongata; ’me lekholong la bo17 la lilemo, e ne e se e sebelisoa hoo e batlang e le hohle. Ka nako e tšoanang, baetsi ba lipentšele ba ile ba etsa liteko ka loto e ntšo hore ba hlahise sesebelisoa se molemo sa ho ngola. Kaha serafshoa seo sa Borrowdale se ne se hloekile se bile se chekoa habonolo, masholu hammoho le batho ba rekisang ka mokunyata ba ne ba se utsoa. E le ho thibela seo, ka 1752 Paramente ea Brithani e ile ea etsa molao o neng o laela hore ba utsoang serafshoa seo ba koalloe teronkong kapa ba otloe ka ho lelekelloa sebakeng se thōko.
Ka 1779, setsebi sa ho tsoaka meriana sa Sweden se bitsoang Carl W. Scheele, se ile sa sibolla ntho e makatsang ea hore loto e ntšo ho hang e ne e se loto empa e ne e le mofuta oa k’habone e hloekileng. Lilemo tse leshome ka mor’a moo, setsebi sa jeoloji sa Lejeremane se bitsoang Abraham G. Werner se ile sa e bitsa graphite, e tsoang lentsoeng la Segerike, graphein, e bolelang “ho ngola.” Ka sebele, ho fapana le se boleloang ke lebitso la tsona, lipentšele tsa loto ha li na loto ho hang!
Pentšele ho Theosa le Lilemo
Ka lilemo tse ngata, graphite ea Engelane e ne e le eona feela e sebelisoang indastering ea ho etsa lipentšele hobane e ne e hloekile, e sa hloke hore e hloekisoe. Kaha graphite ea linaheng tse ling tsa Europe e ne e le ea boleng bo tlaase, bahlahisi ba lipentšele ba moo ba ile ba etsa liteko tsa ho ntlafatsa metsu ea lipentšele. Moenjiniere oa Lefora ea bitsoang Nicolas-Jacques Conté o ile a kopanya phofo ea graphite le letsopa, ’me a etsa lithutsoana ka motsoako oo eaba o li omisa ka ontong. Ka hore a ’ne a feto-fetole tekanyo ea graphite le letsopa, o ile a khona ho etsa metsu e ngolang ka botšo bo sa tšoaneng—e leng mokhoa o ntseng o sebelisoa. Ka 1795, Conté o ile a tiisa seo a se sibolotseng ka ho se ngolisa ka molao.
Lekholong la bo19 la lilemo, ho etsa lipentšele e ile ea e-ba khoebo e khōlō. Graphite e ile ea fumanoa libakeng tse ngata, tse kopanyelletsang Siberia, Jeremane le moo kajeno e leng Czech Republic. Jeremane ho ile ha buloa lifeme tse ngata, ha ntan’o latela United States. Ho sebelisa mechine le ho hlahisa lipentšele ka bongata ho ile ha etsa hore litheko tsa eona li theohe, ’me qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, esita le bana ba sekolo ba ne ba sebelisa lipentšele tse sa pentoang tse neng li bitsoa “lipentšele tsa peni,” United States.
Lipentšele Tsa Kajeno
Kaha ho etsoa lipentšele tse libilione lefatšeng ka bophara, pentšele e fetohile sesebelisoa se tsoetseng pele sa ho ngola le ho toroea, se ka sebelisoang linthong tse ngata. Pentšele e betloang e ka ngola mola o bolelele ba lik’hilomithara tse 56 ’me ea ngola mantsoe a 45 000. Ebang ke lipentšele tsa tšepe kapa tsa polasetiki tse penngoang (kapa tse koatlatsoang), li tšela metsu e mesesaane eo ho seng mohla ho hlokahalang hore pentšele e betloe. Ho e-na le ho sebelisa metsu e metšo, lipentšele tsa mebala li sebelisa metsu e dailoeng e nang le mebala ea mefuta-futa.
Pentšele e sebelisetsoang mabaka a sa tšoaneng, e tiisetsang maemo a sa tšoaneng, e sa rarahanang le e sebetsang hantle, ha ho bonahale eka e haufi le ho felloa ke nako. Ka hona, le lilemong tse ngata tse tlang, ebang ke lapeng kapa mosebetsing, u ntse u ka ’na ua utloa motho ea reng, “Ke mang ea nang le pentšele?”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]
MOTSU O KENNGOA JOANG KA PENTŠELENG?
Motsoako o silehileng hantle o entsoeng ka graphite, letsopa le metsi, o topeloa ka har’a peipi e tšesaane ea tšepe ebe o tsoa o shebahala joaloka thutsoana e telele ea spaghetti. Ka mor’a hore o omisoe, o ponngoe o be o kenngoe ka ontong, motsu oo oa pentšele o tšeloa ka oling e chesang le ka har’a boka bo chesang. Lehong le arotsoeng likoto tse peli bohareng leo hangata e leng la kedare, le betlehang habonolo, le tšoauoa ka sakha moo le tla ponngoa teng ebe lea fefuoa ’me ho fatoa tselana ea motsu. Joale ho kenngoa motsu ka sekotong se seng, ebe sekoto se seng se tlotsoa ka sekhomaretsi ’me se penyelletsoa holim’a sane sa pele. Ha sekhomaretsi seo se oma, joale lipentšele tse fapaneng li ka ponngoa. Ka mor’a hore li etsoe ka sebōpeho se itseng, li fefuoe ka sandpaper, li pentoe ’me li ngoloe letšoao la khoebo la mohlahisi le lintlha tse ling, joale pentšele e boreleli e se e loketse hore e ka sebelisoa. Ka linako tse ling ho kenngoa rabara ka lehlakoreng le leng.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Faber-Castell AG
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]
KE LOKELA HO SEBELISA PENTŠELE EFE?
Ha u khetha pentšele eo u lokelang ho e sebelisa, sheba liletere kapa lipalo tse ngotsoeng lehlakoreng la pentšele. Matšoao ana a bontša hore na motsu oa eona o thata kapa o bonolo hakae. Metsu e bonolo haholoanyane e ngola ka botšo bo loileng.
HB ke letšoao le bontšang hore motsu o ka sebelisoa linthong tse ngata, ebile ke oa boemo bo itekanetseng.
B e bontša hore motsu o bonojoana. Palo e kang 2B kapa 6B e bontša hore na motsu oo o bonolo hakae—palo e khōlō e bontša hore motsu oo o bonolo haholo.
H e bontša hore motsu o batla o le thata. Ha lipalo li ea holimo—2H, 4H, 6H, joalo-joalo—seo se bontša hore motsu oo o thata haholoanyane.
F e bolela hore motsu o ba nchocho haholo.
Linaha tse ling li sebelisa lipalo le liletere tse sa tšoaneng. Ka mohlala, United States, pentšele e ngotsoeng 2 e tšoana le e ngotsoeng HB. Ho latela mokhoa oo, ha palo e le khōlō, seo se bontša hore motsu oo o thata haholoanyane.