Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g16 no. 5 maq. 10-11
  • K’hemik’hale ea Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • K’hemik’hale ea Bohlokoa
  • Tsoha!—2016
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Lirafshoa li Bile Teng ka Tšohanyetso?
    Tsoha!—2000
  • Lipotoloho Tse Teng Bophelong
    Tsoha!—2009
  • Ke Mang ea Nang le Pentšele?
    Tsoha!—2007
  • Lefatše la Rōna le Sohlokiloeng—Litlhaselo li Ama Libaka tse Ngata
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2016
g16 no. 5 maq. 10-11

K’hemik’hale ea Bohlokoa

Liathomo tsa carbon

Buka e ’ngoe e re: “Carbon ke k’hemik’hale ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.” E khona ho ipōpa ’me e kopane le lik’hemik’hale tse ling ebe e etsa metsoako e limilione ea lik’hemik’hale tseo batho ba ntseng ba ithuta tsona.

Mehlala e latelang e bontša hore liathomo tsa carbon li ka boela tsa ikopanya e le hore li etse libōpeho tse fapaneng, tse kang cheini, phiramide, selikalikoe, le lichupu. Carbon e ea ikhetha!

TAEMANE

Taemane

Liathomo tsa carbon li etsa liphiramide tse bitsoang tse bitsoang tetrahedrons, lia tiea ’me li etsa hore taemane e be ntho e thata ka ho fetisisa. Taemane e phethahetseng ke molek’hule o le mong oa liathomo tsa carbon.

GRAPHITE

Motsu oa pentšele

Liathomo tsa carbon tse khomarelaneng ka thata li behoa ka tsela e tla li lumella hore li thelle feela joaloka maqephe a behiloeng nģa e le ’ngoe. Kaha graphite e ea thella, batho ba e sebelisa litšepeng e le hore li se ke tsa hohlana ’me e boetse e sebelisoa haholo ha ho etsoa metsu ea lipentšele.a

GRAPHENE

Mongolo oa pentšele

Ena ke karolo e le ’ngoe feela ea athomo ea carbon e masoba a kang a letlooa. Graphene e thata ho feta tšepe ea setala. Ho ka etsahala hore ebe mongolong oa pentšele ho na le graphene e nyenyane.

FULLERENES

Fullerenes

Limolek’hule tsena tse masoba tsa carbon li bōpehile joaloka bolo kapa lichupu. Li methoa ka li-nanometers e leng ntho e nyenyane haholo hoo motho a ke keng a e bona.

LINTHO TSE PHELANG

Lisele tsa lintho tse phelang li na le carbon

Lisele tse ngata tse etsang limela, liphoofolo le batho li entsoe ka carbon e leng k’hemik’hale e fumanoang lik’habohaedreiteng, mafureng le ho li-amino acid.

“Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka . . . pōpong.”​—Baroma 1:20.

a Sheba sehlooho se reng “Ke Mang ea Nang le Pentšele?” ho Tsoha! ea July 2007

Naleli

Carbon​—E ba Teng ha Linaleli li Ntse li Fetoha

Carbon e etsoa ke ha likarolo tsa bohlokoa tsa k’hemik’hale e bitsoang helium li kopana ’me bo-rasaense ba lumela hore sena se etsahala ka har’a linaleli tse khōlōhali tse khubelu. Empa e le hore helium e kopane, e lokela ho ba maemong a matle. Paul Davies eo e leng rasaense o re: “Ha u ka fetola melao ea tlhaho esita le hanyenyane feela, re ne re ke ke ra ba le sepakapaka, bophelo hammoho le batho.” Re ka re’ng ka ho fetoha hoo ha linaleli? Batho ba bang ba re ho bile teng ka ho iphetola ha lintho. Ba bang ba re ke bopaki ba hore ho na le ’Mōpi ea bohlale ea li entseng. U nahana hore ke maikutlo afe a utloahalang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela