Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/08 leq. 27
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Opeloa ke Hlooho ka Lilemo Tse 64
  • Leruarua le Phetseng Nako e Telele
  • Mesaletsa ea Moru o Lulang o le Motala
  • Ba Epolla Veine ea Boholo-holo e Ratholehileng
  • Ho Senngoa ha Meru e Lulang e le Metala
    Tsoha!—1998
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
  • Liphoofolo Tsa Litonanahali Tse Bolibeng ba Leoatle
    Tsoha!—2009
  • Ho Batla Tharollo
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 3/08 leq. 27

Tsa Mona le Mane

◼ Phuputso e ’ngoe e entsoeng United States e bolela hore “banna ba 29 ho ba lekholo ba tlaleha hore bophelong ba kopanetse liphate le basali ba 15 kapa ho feta, ha ba bapisoa le basali ba 9 ho ba lekholo, ba tlalehang hore bophelong ba kopanetse liphate le banna ba 15 kapa ho feta.”—CENTERS FOR DISEASE CONTROL AND PREVENTION, U.S.A.

◼ Greece, “bana ba 62 ho ba lekholo, ba ka tlaase ho lilemo tse 16 ba lumetse hore ba kentse litšoantšo tse hlephisang boitšoaro liselefounong tsa bona.”—ELEFTHEROTYPIA, GREECE.

◼ Phuputsong e ’ngoe e entsoeng Brithani, batho ba 82 ho ba lekholo bao ho buisanoeng le bona ba re “bolumeli ke bona bo arolang batho le ho baka tsitsipano.”—THE GUARDIAN, BRITHANI.

O Opeloa ke Hlooho ka Lilemo Tse 64

Qetellong, mosali e mong oa Lechaena o ile a tseba sesosa sa ho opeloa ke “hlooho e sa eeng moriting” ka lilemo tse fetang 60, ha lingaka li ne li ntša kulo e bolelele ba lisenthimithara tse tharo hloohong ea hae. Ha Majapane a ne a hlasela motsana o Seterekeng sa Xinyi ka September 1943, mosali eo ea neng a le lilemo li 13 nakong eo, o ile a lemala hloohong. Ha ho motho ea neng a nahana hore na ebe ke eng e mo bakelang bothata. Mokhatlo oa Litaba oa Xinhua o re ha a se a opeloa ke hlooho khafetsa, X-ray e ile ea senola hore o na le kulo hloohong. Hona joale ho tlalehoa hore mosali eo ea lilemo li 77 “o phetse hantle.”

Leruarua le Phetseng Nako e Telele

Ka 2007, ha litsomi tsa Alaska li ne li bolaea leruarua le leng, li ile tsa fumana motsu le likaroloana tsa lerumo la khale ka har’a leruarua leo. The Boston Globe e bolela hore likaroloana tseo e ne “e le tsa lerumo le lelelele le neng le betsoa, le neng le entsoe motseng oa New Bedford [Massachusetts, U.S.A.] ho ea mafelong a lilemo tsa bo-1800.” Ka mor’a nakoana marumo a mofuta ona a ile a khaotsa ho etsoa, e leng se etsang hore bo-rahistori ba New Bedford Whaling Museum ba etse qeto ea hore litsomi li ile tsa hlaba leruarua leo “neng-neng pakeng tsa 1885 le 1895.” Kahoo e tlameha ebe bonyane le ne le le lilemo li 115 ha le e-shoa. Globe e re ho sibolloa ha sena ho fana ka “bopaki bo eketsehileng bo tšehetsang taba eo e leng khale e lumeloa ea hore leruarua ke phoofolo e ’ngoe ea tse phelang nako e telele ka ho fetisisa lefatšeng e anyesang, le phela lilemo tse ka bang150.”

Mesaletsa ea Moru o Lulang o le Motala

Litsebi tsa jeoloji li fumane mesaletsa ea moru o moholo o neng o lula o le motala ka tlas’a lefatše, o nang le mefuta-futa ea limela tse hlollang tse seng li sa mele, ’me tse ling tsa tsona li ne li le bolelele ba limithara tse fetang 40. Moru ona o ikhethang o fumanoe ka ’maeneng oa mashala, Illinois, U.S.A. Bo-rasaense ba lumela hore moru ona o ile oa hohlomela ka tlas’a lefatše ha ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše e ileng ea baka koluoa. Bill DiMichele, ea eteletseng pele thimi ea bafuputsi o ile a re ha a tlaleha ka moru oo o sibolotsoeng: “Oa hlolla. Re ka bona hore na moru oo o ne o batla o le joang, joalokaha eka re o bona o phela.”

Ba Epolla Veine ea Boholo-holo e Ratholehileng

Koranta ea Kathimerini—English Edition e tlaleha hore baeti ba ntseng ba eketseha ba ea Macedonia, eo pele e neng e le rephabliki ea Yugoslavia, “ho ea epolla veine ea boholo-holo e ratholehileng e siiloeng moo . . . ke mabotho a selekane nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.” Baeti bao boholo ba bona ba tsoang Fora ba tla ba nkile limmapa, ho tla epa likampong tseo masole a neng a boloka lintho ho tsona. Hona joale, veine e fumanehang moo bonyane e qetile lilemo tse 90, ’me ho latela koranta eo, “botlolo e ntseng e le boemong bo botle e ka rekisoa . . . lieuro tse ka bang 2 000 (liranta tse 19 450).” Baahi ba moo ha ba bua ka veine le borendi tseo ba li fumaneng moo ba re “ha ba e-s’o utloe joala bo monate hakaalo!”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela