Lijo Tsa Thailand
KA MONGOLI OA TSOHA! MALAYSIA
HA U ntse u tsamaea seterateng se phetheselang sa Bangkok, Thailand, u ka ’na ua bitsoa ke monko o monate oa lijo o hlahang ka thōko ho tsela. Liapehi tse phehelang ka ntle li apehile lijo tse tloaelehileng tsa Thailand. Ka mor’a ho habola monko oo o monate ’me mahlo a hao a bone lijo tseo tse mebala-bala, u ka ’na ua lakatsa hore u hle u latsoe lijo tseo tse lutlisang mathe.
Lijo tsa Thailand lia ipiletsa kahobane li entsoe ka litlama, metso, makhasi le lithootse tse khethiloeng ka hloko eaba lia kopanngoa. Metsoako ena e hlahisa lijo tse tsoekere, tse bolila, tse letsoai, tse babang le tse bohale haholo, ’me monko oa tsona o etsa hore motho a labalabele ho li latsoa. Ho tlile joang hore ho be le lijo tse sa tloaelehang joalo Thailand? Karabo e fumanoa historing ea naha eo.
Tatso ea Lijo Tsa Lichaba Tse sa Tšoaneng
Thailand ke naha ea Asia e mateanong a litsela tse hokahanyang linaha tse ling. Ka lilemo tse makholo, Machaena, Malao, Macambodia, Maindonesia, Maeurope le batho ba lichaba tse ling ba ’nile ba etela Thailand, ’me ba bangata ba bona ba qetella ba lula teng. Batho bana ba ile ba tla le lijo tsa habo bona, ’me tatso ea lijo tsena kaofela le monko oa tsona li ile tsa sala Thailand.
Mehleng ea khale, baeti ba Maindia ba ile ba ruta batho ba Thailand ho sebelisa k’heri ha ba pheha. Lekholong la bo16 la lilemo, Mapotoketsi a ile a tla le pelepele, mohlomong le tamati. Kajeno, ho sebelisoa lintho tse ngata ha ho phehoa lijo tsa Thailand, empa linōko tse tloaelehileng haholo ke pelepele e tšehla, e tala le e khubelu, hammoho le lik’heri tse mebala-bala. Ha k’heri e kopanngoa le pelepele sena se etsa hore lijo tsa Thailand li be le monko o matla o khethollang lijo tsa batho ba Bochabela.
Mefuta e Mengata ea Lijo, Tatso e sa Tšoaneng
Ka tloaelo, nakong eo ho jeoang Thailand ho ka tekoa lijo tse sa tšoaneng, tse ka akarelletsang sopho, salate, lijo tse halikiloeng ho se hokae ka oli e fokolang, lijo tse tšetsoeng k’heri hammoho le moro. Ho lula ho na le raese e tšoeu e kubellang tafoleng. Joale ho ba le lijo tse theolelang, tse ka akarelletsang tse entsoeng ka tsoekere le mahe. Nama e tšetsoeng kokonate le lebese la kokonate le tsona ke karolo ea lijo tse theolelang tse tsoekere tsa Thailand.
Lijo li ba monate haholo ha li phehiloe ka lintho tse foreshe, ’me li fumaneha habonolo Thailand. Metseng e meholo le litoropong, limmarakeng ho rekisoa litholoana tse foreshe, meroho, tlhapi, hammoho le linōko tse kang lemon grass, coriander, konofolo, khemere, galangal, cardamom, tamarind le kumine. Limmarakeng tsena, u tla fumana pelepele e bohale ka bongata hammoho le lime, e leng tsona tse sebelisoang haholo lijong tsa Thailand.
Ebang u batla ho etela Thailand kapa u lakatsa ho latsoa lijo tsa teng u ntse u le moo u lulang teng, ak’u leke tom yam goong, e leng sopho e bolila e tšetsoeng pelepele e bohale e entsoeng ka li-shrimp, e leng sejo se ikhethang sa Thailand. Lijo tse ling tse monate ke salate ea papaya e tšetsoeng linōko, li-noodle tse se nang ’mala tse kopantsoeng le nama ea khoho kapa ea letata, nama ea kolobe e khabetsoeng kapa tlhapi e ileng ea ineloa ka linōkong. Sejo se bitsoang Ma ho, e bolelang “lipere tse khemang,” ke motsoako oa nama ea kolobe, li-prawn, le makotomane, oa ntan’o tšeloa holim’a phaenapole ’me ka holimo ea khabisoa ka pelepele e khubelu le makhasi a coriander. Ho theosetsa hamonate, ja raese e khomarelang e tšetsoeng lebese la kokonate le li-mango.
Tsela e molemo ea ho ja lijo tsa Thailand ke efe? Karolong e ’ngoe ea naha ena, ho tloaelehile hore ho jeoe ka matsoho, ’me raese e khomarelang e bōptjoa libolonyana, ebe li qopetsoa ka morong, li ntan’o lahleloa ka hanong. Ha u ja li-noodle, u ka ’na ua khetha ho sebelisa lithutsoana tseo ho jeoang ka tsona. Empa haeba lithutsoana tseo li u sokolisa, u ntse u ka sebelisa fereko le khaba.
Na joale u ka rata ho utloa hore na lijo tsa Thailand li joang? Limenyemenye tsena tsa naha e ntle ea Asia li ka ’na tsa etsa hore u tsebe mefuta e meng ea tatso eo u neng u e-s’o ka u e utloa ea lijo tse lutlisang mathe tsa Linaheng Tsa Bochabela.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
1 Sopho ea tom yam goong
2 Salate ea li-noodle tse tsoakiloeng le nama ea kolobe e sitsoeng le li-shrimp
3 Salate ea papaya e tšetsoeng linōko
4 Ma ho
5 Raese e khomarelang e tšetsoeng lebese la kokonate le li-mango