Makhasi a Cassava—Lijo Tsa Letsatsi le Letsatsi Tsa ba Limilione
KA MONGOLLI OA TSOHA! CENTRAL AFRICAN REPUBLIC
HO QALEHILE hoo e ka bang ka selemo sa 1600, ha Mapotoketsi a ne a tlisa cassava, kapa manioc Afrika, e tsoa Amerika Boroa. Ho lumeloa hore cassava hantle-ntle e tsoa Brazil kaha lebitso “manioc” le hlahile merabeng ea Matupi ea Brazil Phuleng ea Amazon.
Methapo ea eona e ratoa haholo ke batho ba Afrika, empa ho thoe’ng ka makhasi a eona a botala bo lefifi? Ba bang ba a sebelisa e le moriana bakeng sa maqeba a ahlameng kapa ho phekola ’mokoana. Leha ho le joalo, ho ba limilione Central African Republic le linaheng tse ling tse ngata tsa Afrika, makhasi a eona ke lijo tsa letsatsi le letsatsi, kaha a ka apehoa hore e be lijo tse lutlisang mathe. Ha e le hantle, le leng la mantsoe a pele ao baromuoa ba bacha ba Watch Tower ba ithutang ’ona mona ke ngunza. Sena ke sechu se lutlisang mathe se entsoeng ka makhasi a cassava ’me ke lijo tsa sechaba Central African Republic—lijo tseo moeti ea tlang Afrika bohareng a tlamehang ho leka ka hohle ho li ja.
Batho ba bangata ba Europe ba phelang Afrika ho hang ba ke ke ba ja lijo tse entsoeng ka makhasi ana, kaha ba li talima e le lijo tsa matsoalloa a moo, e seng melata. Empa linnete ke life? Linaheng tse kang Central African Republic, Sierra Leone le Zaire, makhasi ana ke lijo tsa motheo tsa kamehla malapeng a mangata.
Ha u feta ka sefofane kapa u tsamaea fatše ho pholletsa le Central African Republic, u bona naha e tala e ntle—lifate, mefero, makhulo, ’me lipakeng tsa tsona, ke masimo a manyenyane a cassava a nang le makhasi a ikhethang a botala bo lefifi. Motse o mong le o mong o monyenyane o pota-potiloe ke lirapa tsa cassava. Batho ba e lema haufi le mahae a bona, esita le motse-moholong oa teng, Bangui, u tla fumana cassava likoatipeng tse nyenyane haholo tsa naha le lijareteng tse nyenyane pel’a motse oa toropo kapa ’mila o moholo. Ka sebele, ke sejo sa bohlokoa karolong ena ea lefatše.
Ak’u Leke Ngunza
Ha baromuoa ba bacha ba fihla, hang feela metsoalle ea bona e ba memela hore ba tl’o ja ngunza hanyenyane. Tsena ke lijo tse akarelletsang lijo tse entsoeng ka makhasi a manioc. Basali bao e leng matsoalloa a mona ba tseba ho e pheha ka mokhoa o lutlisang mathe. Ho bonahala eka mosali e mong le e mong o na le mokhoa oa hae oa ho e pheha. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo bananyana ba ithutang tsona ho bo-’m’a bona ka ho pheha ke mokhoa oa ho apeha ngunza.
Ba motlotlo ho hlalosa hore na ke’ng le hore na ba e pheha joang. Basali ba thaba haholo ha u bontša thahasello lijong tsena tsa habo bona. Taba ea pele, ba tla u bolella hore makhasi a cassava a fumaneha ka chelete e tlaase a bile a le mangata haholo le hore u ka khona ho a kha nakong ea lipula esita le nakong ea komello. Linakong tsa tlokotsi ea moruo le ho phahama ha theko ea lintho, makhasi a cassava a phetha karolo ea bohlokoa ho fepeng lelapa. ’Me hopola hore hangata malapa a Maafrika a maholo. Ho na le batho ba bangata ba lokelang ho feptjoa le limpa tse ngata tse lokelang ho khorisoa. Ho pheha ngunza ho nka lihora tse ngata. Makhasi a tlameha ho ntšoa tatso ea ’ona e babang pele a ka jeoa. A ntšoa chefo ka mokhoa oa ho pheha oa seholo-holo, o akarelletsang ho sila le ho belisa nako e telele.
Oli eo basali ba Maafrika ba ratang ho e sebelisa ha ba pheha ngunza ke oli ea palema. Ho sebelisoa oli e bofubelu bo lefifi e etsoang hona sebakeng seo. Ngunza e tšetsoeng hanyenyane feela ka sereleli sa makotomane mohlomong le eiee e seng kae le konofolo ke lijo tsa letsatsi le letsatsi tsa lelapa. Empa ho thoe’ng haeba u lebeletse baeti? Joale ngunza e tlameha ho ba ntho e ’ngoe e khethehileng, ntho eo ba ke keng ba e lebala. Kahoo ea amohelang baeti o tla ekelletsa ka motsoako oo a o ratang haholo—tlhapi e besitsoeng ka mosi kapa maqa a nama ea khomo a besitsoeng ka mosi—ho kopanyelletsa le konofolo e ngata le eiee hammoho le sereleli sa makotomane se sengata se iketselitsoeng hae. Hona hohle ho tšeloa ka pitseng e le ’ngoe e khōlō. Joale ho latelang ke mamello le ho belisa nako e telele.
Kajeno ’mè ea amohelang baeti o tla tšola ngunza le reise. Mohlohlo oa reise e tšetsoeng ka khaba e le ’ngoe e khōlō kapa tse peli tsa ngunza e ba thabo e khōlō ho Maafrika esita le ho melata e mengata ka ho tšoanang. Nōka ka pepere e seng kae e babang, ’me joale ua tseba hore na ngunza ke eng. Ho noa khalase ea veine e khubelu ha u ntse u e-ja, ho tla etsa hore u thabele tatso ea eona e le kannete.
Ho Thoe’ng ka Ngukassa Kapa Kanda?
Ha u tsamaea ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela naheng eo, u tla fumana hore batho ba pheha ngunza ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng. ’Me ho thoe’ng ka ngukassa? Letsatsing le batang ha ho e-na pula, ngukassa, e leng moro kapa sechu se phehiloeng ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lengoang serapeng kapa masimong, e ka ’na ea e-ba ntho e u loketseng. Oli ea palema, litholoana tse nang le setache, makotomane, lipatata, litlhaku (tsa poone), ka ho hlakileng le makhasi a seng makae a cassava li phehelloa hammoho kaofela, empa ha ho tšeloe letsoai—esita le thollo e le ’ngoe feela ea letsoai. Leo ke lona lekunutu! Liphello e ba lijo tse lutlisang mathe le tse matlafatsang. ’Me haeba u nka leeto le lelelele, nka mofao oa kanda. Ena e etsoa ka makhasi a cassava a kopantsoeng le tlhapi e besitsoeng ka mosi kapa nama. Kanda e phehoa ka hore motsoako ona o thateloe ka makhasi a cassava ebe o omosoa mosing oa mollo ka lihora tse ngata ho fihlela o omme o le thata. E lula e le joalo ka matsatsi a mangata ’me e ka jeoa ka sengoathoana sa bohobe. E loketse batsamai hantle.
Neng kapa neng ha u etela Afrika, ke hobane’ng ha u sa kōpe cassava? E leke, ’me u kopanele le ba limilione ba e thabelang!