Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/10 maq. 22-23
  • Nate ea Macadamia Sejo se Monate sa Australia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nate ea Macadamia Sejo se Monate sa Australia
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nate e Thata
  • O Etela Polasi e Australia
  • Li Monate ’me li Molemo ’Meleng!
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2010
  • Na Ehlile ke Sefate?
    Tsoha!—2008
  • Na U Lokela ho Hlafuna Betel Nut?
    Tsoha!—2012
  • ’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
Tsoha!—2010
g 11/10 maq. 22-23

Nate ea Macadamia Sejo se Monate sa Australia

WALTER HILL eo e neng e le setsebi sa limela o ile a shebella mothusi oa hae a tšohile. Moshanyana eo o ne a qeta ho ja linate tsa sefate se sa tsoa sibolloa se melang merung e lulang e le metala e libakeng tse haufi le tropike ka boroa-bochabela ho Queensland, Australia. Hill o ne a utloile ho thoe linate tseo li chefo. Empa moshanyana eo ha aa ka a kula kapa hona ho shoa. Ho e-na le hoo, o ile a fumana hore linate tseo li monate. Kahoo Hill o ile a latsoa e le ’ngoe ’me a lumellana le eena. Nakoana ka mor’a moo, o ile a qala ho fa metsoalle le litsebi tse ling tsa limela sethopo sa lifate tsa macadamia.a

Hona joale, lilemo tse ka bang 150 hamorao, linate tsa macadamia li ntse li ratoa lefatšeng ka bophara—’me e le ka lebaka le utloahalang. Makasine e bitsoang Chronica Horticulturae e re: “Linate tsa macadamia li nkoa e le tse ling tsa linate tse hlabosehang ka ho fetisisa lefatšeng, ka lebaka la tatso ea tsona e ikhethang, e lutlisang mathe, tsela eo li romotsehang hamonate ka eona le ’mala oa tsona o motle.” Ha ho makatse hore ebe linate tsa macadamia ke semela sa Australia se atlehileng ka ho fetisisa!

Nate e Thata

Lifate tsa macadamia li lula li tlokoma lebōpong le ka bochabela la Australia le haufi le tropike. Mefuta e ’meli ho e robong ea lifate tsena e hlahisa linate tse ka jeoang, tse nang le karolo e ka ntle e likhoele; khetla e chitja e bosootho bo khanyang le karolo e ka hare e ka lekanang le bolo ea ’mabole.

Empa ho thata ho petsola khetla ena.b Maaborijene a ne a li petsola ka majoe. John Waldron ea qalileng ho lema lifate tsa litholoana o ne a sebelisa hamore le tšetlo. Ha e le hantle, ka lilemo tse fetang 50, o ile a sebelisa lintho tsena ho petsola linate tse ka bang limilione tse robeli. Na mechine e ne e ka sebetsa hantle le ho feta? Meetso ea pejana e ne e sa amohelehe, kaha e ne e senya karolo e ka hare ea nate. Empa ha nako e ntse e ea, ho ile ha etsoa mechine e ntlafalitsoeng.

Bothata bo bong e ne e le ba ho lema lifate tse ling. Ha linate tsa sefate se monate li lengoa li ne li atisa ho hlahisa linate tse mpe. Boiteko ba ho hlahisa mofuta o mong oa linate bo ile ba hlōleha. Ka lebaka la mathata ana, ho lengoa ha tsona ka morero oa khoebo ho ile ha emisoa—ho fihlela ha batho ba Hawaii ba rarolla bothata boo. Ba ile ba sibolla se neng se hlokahala e le hore ho be le khatelo-pele. Kahoo, ka mor’a nakoana ba ne ba se ba hlahisa karolo ea 90 lekholong ea linate tsa macadamia lefatšeng. Ha ho makatse hore ebe li ile tsa bitsoa linate tsa Hawaii.

Joale lilemong tsa bo-1960, balemi ba Australia “ba ile ba nka linate tsa macadamia ka ho teba e le tseo ba ka hoebang ka tsona,” ’me ba sebelisa seo ba ithutileng sona ho batho ba Hawaii. Ka lebaka leo, indasteri eo e ile ea atleha hoo hona joale Australia e hlahisang hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea linate tsa macadamia lefatšeng. Li boetse lia lengoa Afrika, Asia le Amerika Bohareng.

O Etela Polasi e Australia

Mongoli oa Tsoha! o ile a etela Andrew, ea nang le polasi ea lifate tsa macadamia haufi le motse oa Lismore, New South Wales. Andrew o ile a re: “Re lema mefuta e sa tšoaneng ea lifate tsa macadamia meleng e atamelaneng e le hore peō e nyalane.” Mongoli oa Tsoha! o ile a bolelloa hore hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea lifate tse limilione tse lenngoeng Australia, ke mefuta e hlahlobiloeng le ho khethoa ke balemi ba Hawaii ba nyalanyang peō. Empa hona joale balemi ba Australia ba sebelisa liphatsa tsa lefutso tse nkiloeng lifateng tsa macadamia tse melang naheng e le hore ba hlahise mefuta e ntlafalitsoeng.

Ha re sheba lifateng, re ile ra bona linate tse likete li leketlile joaloka libolo tse nyenyane makaleng a teteaneng. Linate li butsoa ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ebe li oela fatše. Re ile ra hlokomela hore linate tse ling tse oetseng fatše li na le masoba. Andrew o ile a re: “Likhoto li ka nka metsotsoana e robeli feela ho phunya khetla. Likolobe tsa naha le tsona li rata linate tsa macadamia.” Ha re ntse re tsamaea, Andrew o ile a ema ’me a raha nate e batlang e koahetsoe ke mobu. O ile a bososela ’me a re: “Ke babaletse lisente tse tharo.” Lihoai tse ngata li kotula linate ka mechine e khethehileng e nang le moqomo le menoana e mekhutšoanyane ea polasetiki eo ka eona e thonakang linate tse oetseng fatše. Ka mor’a moo, ho tlosoa karolo e ka ntle ea linate li ntan’o khethoa li ntse li le moo polasing, ebe li isoa lifekthering hore li tlosoe khetla le ho aroloa ka mahlopho ’me li isoe ho bareki.

Li Monate ’me li Molemo ’Meleng!

Qetellong ea leeto la rōna, re ile ra ja linate tse seng kae—’me tatso ea tsona e monate ea re siea re ntse re itatsoa melomo. Empa na linate tsa macadamia li molemo? Tokomane ea ’muso e buang ka linate tsa macadamia e re oli e ka linateng tseo (eo boholo ba eona e leng monounsaturated, kapa oli e molemo) “ka tloaelo e feta 72%, e leng oli e ngata ka ho fetisisa e hlahisoang ke nate.” Ho latela liphuputso tse sa tsoa etsoa, ha e le hantle ho ja linate tseo ka tsela e itekanetseng ho ka fokotsa k’holeseterole e mpe le khatello ea mali.

Batho ba rata ho tšela linate tsa macadamia chokoleteng, likukung kapa ka holim’a ice cream. Ba bang ba rata ho li ja li halikiloe, li nōkiloe ka letsoai kapa li le joalo. Ho sa tsotelle hore na ba rata ho li ja li le joang, batho ba bangata ba batla tse ling hape.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lilemo pejana ho moo, bafuputsi Cunningham (1828) le Leichhardt (1843) ba ne ba ile ba bokella linate tsa macadamia, empa tsa behoa ka setorong eaba ha li hlalosoe. Ka 1857, mphato e mong oa Hill ea bitsoang Ferdinand von Mueller, eo e neng e le setsebi sa limela sa Melbourne, o ile a reha linate tseo Macadamia, a li rehella ka motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo, e leng Dr. John Macadam.

b Khetla ea nate ea macadamia e thata hoo e hohlang lintho hantle lik’hamphaning tse hlahisang thepa.

[Lebokose le leqepheng la 23]

LIKHETLA LI SEBELISETSOA HO FEHLA MOTLAKASE

Likhetla tse thata tsa nate ea macadamia li na le lik’halori tse kang tse mashaleng a masootho. Kahoo, k’hamphani ea Australia e fehlang motlakase, e sebelisa likhetla tsena ho fehla motlakase o sebelisoang ke fektheri ea linate le seteishene sa motlakase. K’hamphani ena ke eona ea pele Australia e fehlang motlakase ka lintho tse lokelang ho lahloa ’me e ka ’na ea eketsa tlhahiso ea eona haholo ha balemi ba eketsehileng ba ntse ba fana ka likhetla.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Balemi ba Australia ba lema lifate tse ncha tse likete selemo le selemo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 23]

All photos pages 22 and 23: Australian Macadamia Society

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela