Ke Hobane’ng ha Moea oa Keresemese o Ntse o Ipha Matla?
NA U lebeletse Keresemese ka thabo? Kapa na ua tšoha ha e atamela? Batho ba limilione baa ipotsa: ‘Ke tla fa bo-mang limpho? Ke tla ba rekela eng? Na ke tla li khona? Ke tla li lefella nako e kae?’
Ho sa tsotellehe lintho tsena tseo batho ba tšoenyehang ka tsona, Keresemese e ntse e ratoa haholo. Ha e le hantle, e se e bile e ketekoa le linaheng tseo e seng tsa Bokreste. Malapa a mangata a Japane ha a keteke Keresemese hobane e amana le bolumeli empa a e keteka hobane feela e le nako ea ho ithabisa. The Wall Street Journal e re Chaena, “ho manehoa litšoantšo tsa sefahleho se sefubelu se thabileng sa Santa Claus lifensetereng tsa mabenkele metseng e meholo,” ’me e phaella ka ho re: “Moea oa Keresemese o qala ho ipha matla bathong ba Chaena ba nang le lichelete ba phelang litoropong, ’me o ba fa lebaka la ho reka, ho ja le ho keteka.”
Likarolong tse ngata tsa lefatše, Keresemese e ntlafalitse khoebo haholo libakeng tseo. Koranta eo ea Journal e re seo se etsahala ka ho khetheha Chaena, eo hona joale “e romelang linaheng tse ling lifate tse ngata tsa polasetiki, mabenyane, mabone a panya-panyang le lintho tse ling tse khabisang ka Keresemese.”
Linaheng tsa Bomosleme le teng ho buelloa mekete e kang ea Keresemese le hoja e se hore ba hlile ba e keteka ka la 25 December. Ankara, Turkey le Beirut, Lebanone, ho tloaelehile ho bona ho khabisitsoe ka lintho tse phuthetsoeng ka pampiri e nang le lifate tse tala tse nang le mabenyane. Indonesia, lihotele le litsi tsa mabenkele li tšehetsa mekete eo, ’me bana ba ka ja le Santa kapa ba inka linepe le eena.
Royal Bank Letter ea Canada e re hona joale linaheng tsa Bophirimela, Keresemese ha e sa le taba e khōlō bolumeling empa ke taba e khōlō khoebong, ’me ho etsoa lipapatso tse ngata “tse tobisitsoeng baneng.” Ke ’nete hore batho ba bang ba ntse ba ea litšebeletsong tsa likereke ka Keresemese. Empa ke litsing tsa mabenkele moo ho utloahalang lipina tsa Keresemese, tseo e seng e le tsona litempele tse ncha. Ke eng e fetotseng boemo? Na ebe lebaka e ka ba qaleho ea Keresemese? E simolohile hokae?
Pele re araba lipotso tseo, ho ka ba molemo hore re bale tlaleho ea Bibele e buang ka Tsoalo ea Jesu, eo ho thoeng lipale tsa Keresemese li thehiloe ho eona.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]
SEO BANGOLI BA KOSEPELE BA SE BUANG
Moapostola Matheu: “Ka mor’a hore Jesu a tsoalloe Bethlehema ea Judea matsatsing a Morena Heroda, bonang! linohe tsa linaleli tse tsoang likarolong tse ka bochabela tsa tla Jerusalema, li re: ‘O kae ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda? Etsoe re ile ra bona naleli ea hae ha re ne re le ka bochabela, ’me re tlil’o mo inamela.’ Ha Morena Heroda a utloa sena a ferekana.” Kahoo Heroda o ile a botsa “baprista bohle ba ka sehloohong . . . hore na Kreste o ne a lokela ho tsoalloa hokae.” Ha Heroda a utloa hore ke “Bethlehema” o ile a re ho linohe tsa linaleli: “E-eang le batle ka hloko ngoana eo e monyenyane, ’me ha le mo fumane le khutle le ntlalehele.”
“Tsa tsamaea; ’me, bonang! naleli eo li neng li e bone ha li ne li le ka bochabela ea li etella pele, ho fihlela e ema holim’a moo ngoana eo e monyenyane a neng a le teng. . . . Ha li kena ka tlung tsa bona ngoana e monyenyane le ’m’ae Maria.” Ka mor’a hore li fe Jesu limpho, “li ile tsa fuoa temoso ea bomolimo torong hore li se ke tsa khutlela ho Heroda, [kahoo] tsa tloha tsa ea naheng ea habo tsona ka tsela e ’ngoe.”
“Ka mor’a hore li tlohe, bonang! lengeloi la Jehova la bonahala ho Josefa torong, le re: ‘Tsoha, u nke ngoana e monyenyane le ’m’ae u balehele Egepeta . . . ’ Kahoo a tsoha ’me a nka ngoana e monyenyane le ’m’ae bosiu ’me a tloha . . . Joale Heroda, ha a bona hore linohe tsa linaleli li mo sebelitse ka mano, a halefa haholo, eaba oa romeletsa ’me o etsa hore bashanyana bohle ba Bethlehema le literekeng tsohle tsa eona ba bolaoe, ho tloha ho ba lilemo tse peli le ka tlaase.”—Matheu 2:1-16.
Morutuoa Luka: Josefa “o ile a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a kena Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, . . . hore a ngolisoe le Maria . . . Ha ba ntse ba le moo, . . . a tsoala mora oa hae, letsibolo, eaba o mo thatela ka masela ’me o mo beha ka sejelong, kahobane ba ne ba se na sebaka ka kamoreng ea ho phomola.”
“Naheng eona eo ho ne ho boetse ho e-na le balisa ba phelang naheng ’me ba lebela mehlape ea bona bosiu. Ka tšohanyetso lengeloi la Jehova la ema haufi le bona, . . . ’me ba tšoha haholo. Empa lengeloi la re ho bona: ‘Le se ke la tšoha, etsoe, bonang! ke le bolella litaba tse molemo tsa thabo e khōlō eo batho bohle ba tla ba le eona, hobane kajeno le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena, motseng oa Davida.’” Ha ba utloa seo, balisa “ba tsamaea ka potlako ’me ba fumana Maria hammoho le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.”—Luka 2:4-16.