Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/10 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše—“Likoluoa Tse Mpe ka ho Fetisisa”
  • Mosebetsi o Kotsi
  • Thepa e Theko e Tlaase e Tsoang Linaheng Tse Ling e Fokotsa Bosholu
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Litšisinyeho Tsa Lefatše, Boprofeta ba Bibele le Uena
    Tsoha!—2002
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na ke Pontšo ea Linako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 12/10 leq. 29

Tsa Mona le Mane

Lefapha la Serbia le Sebetsanang le Litaba Tse Amanang le Bolumeli le ile la amohela kōpo ea ho ngolisa ka molao mokhatlo o emelang Lipaki Tsa Jehova. Ho ea ka litlaleho tsa ’muso, Lipaki Tsa Jehova li qalile ho sebetsa sebakeng seo bonyane ho tloha ka 1930.

Ho hakanyetsoa hore karolo ea 95 lekholong ea ’mino o nkiloeng Inthaneteng ka 2009 lefatšeng lohle o kopilitsoe ntle ho molao.—TIME, U.S.A.

Litšisinyeho Tsa Lefatše—“Likoluoa Tse Mpe ka ho Fetisisa”

Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Leano la Machaba la ho Fokotsa Likoluoa o Geneva, Switzerland, o re “Litšisinyeho tsa lefatše li bakile likoluoa tse mpe ka ho fetisisa lilemong tse leshome tse fetileng.” Ho batho ba ileng ba bolaoa ke likoluoa lilemong tseo, ba etsang karolo ea 60 lekholong ba ile ba bolaoa ke litšisinyeho tsa lefatše. Batho ba bangata ba ntse ba le kotsing ea ‘koluoa ena ea tlhaho,’ kaha metse e 8 ho e 10 e meholo ka ho fetisisa lefatšeng e libakeng tse atisang ho ba le tšisinyeho ea lefatše. Lilemong tse leshome tse fetileng, batho ba fetang 780 000 ba ile ba shoa likoluoeng tse 3 852.

Mosebetsi o Kotsi

Mokhatlo oa Machaba oa Phatlalatso o Vienna, Austria, o re: “Ka 2009, baqolotsi ba litaba ba 110 ba ile ba bolaoa ka lebaka la mosebetsi oa bona, e leng se bolelang hore selemong seo ho shoele ba bangata ka ho fetisisa lilemong tse leshome.” Tlaleho eo e re lilemong tsa morao tjena, libakeng tse kang Afghanistan, Iraq, Pakistan le Somalia tseo ho loanoang ho tsona, ‘baqolotsi ba litaba ba ’nile ba hlaseloa ka boomo’. Sena se entse hore ho se ke ha phatlalatsoa lintho tse ngata tse etsahalang ’me “ho se ke ha utloisisoa hantle . . . lintho tse rarahaneng tse etsahalang libakeng tseo.” Lilemong tse leshome tse fetileng, Iraq e ne e le naha e kotsi ka ho fetisisa ho baqolotsi ba litaba ’me e lateloa ke Philippines, Colombia, Mexico le Russia.

Thepa e Theko e Tlaase e Tsoang Linaheng Tse Ling e Fokotsa Bosholu

Tlaleho ea litaba ea Reuters, London, e ile ea qotsa mantsoe a morupeli oa thuto e amanang le litaba tsa tlōlo ea molao, e leng James Treadwell, oa Univesithing ea Leicester, Engelane, a reng: “Ho eketseha ha lisebelisoa tsa theko e tlaase” ho ka ’na ha etsa hore masholu a Brithani a thuhang malapeng, a hloke mosebetsi. Ka mohlala, theko e tlaase ea mechine e bapalang li-DVD, e etsa hore motho a se ke a fumana letho ha a e rekisetsa batho ba bang. Treadwell o re, “hase lintho tseo motho a ka itšoenyang ho li utsoa.” Leha ho le joalo, ho theoha ha litheko ha hoa felisa tlōlo ea molao. Ho fapana le hoo, hona joale masholu a batla thepa e bitsang chelete e ngata le e rekoang haholo, ‘joaloka liselefouno le li-iPod, tseo batho ba tsamaeang ka tsona.’ Kahoo, masholu a neng a thuha malapeng a se a etsa litlōlo tse ling tsa molao, tse kang ho tšoara batho poho.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela