Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 12/1 maq. 2-4
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na ke Pontšo ea Linako?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na ke Pontšo ea Linako?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Likoluoa tsa Tlhaho—Na Molimo oa Ikarabella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ntoa ea Batho Khahlanong le Likoluoa
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 12/1 maq. 2-4

Likoluoa tsa Tlhaho—Na ke Pontšo ea Linako?

“SECHABA se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo fela ea tlokotsi.” Ka mantsoe ana Jesu Kreste o ile a hlalosetsa barutuoa ba hae makholong a 19 a lilemo a fetileng hore liketsahalo tse joalo tsa koluoa, hammoho le keketseho ea ho hloka molao le ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng ka bophara, li ne li tla qalisa pontšo e entsoeng ka likarolo tse ngata e tšoaeang “ho fela ha lefatše.”—Mattheu 24:3-14.

Ka lebaka la se boletsoeng ka holimo, re tlameha ho botsa, Na re bona litšisinyeho tsa lefatše tse ngata tse bakang koluoa, maholiotsoana, meroallo, komello, le tlala ea sekoboto ho feta melokong e fetileng? ’Me ho sa tsotellehe khatelo-pele saenseng le theknolojing, na ka karolelano ke batho ba bangata ba hlokofatsoang ke maemo aa?

Ho ba bangata, karabo ke e. Ka mohlala, makasine oa New Scientist o lemosa hore “lefatše le ka lebella likoluoa tse ngata ka bo-1990 ho feta mashomeng a fetileng a lilemo.” Ka ho tšoanang, ho UN Chronicle ea June 1991, motsamaisi oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bolepi ba Boemo ba Leholimo o boletse hore: “Ho hlakile hore na lintho li habile hokae. Ho tloha ka bo-1960 ho ea ho bo-1980 . . . , ho bile le keketseho e imenneng hahlano makhetlong a likoluoa tse khōlō tsa tlhaho, le keketseho e imenneng hararo kakaretsong ea tahlehelo ea moruo.” Ha o fana ka pono e lerootho tabeng ena, World Health, makasine oa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo oa Machaba a Kopaneng, o hlokometse: “Mehlala ea likoluoa tsa tlhaho le liphello tsa tsona tsa tlokotsi e ka fumanoa ho theosa le histori. Leha ho le joalo, ha lekholo la bo21 la lilemo le atamela, re talimane le liphetoho maemong a sepenya sa baahi, a tikoloho le a theknoloji a etsang hore baahi ba bangata ba be kotsing ea likoluoa tsa tlhaho le tse bakoang ke batho.”

Mang kapa mang ea elang hloko liketsahalo tsa morao-rao ha a makatsoe ke lipolelo tse joalo. Ha ho mohla mehloli ea litaba e haelloang ke lipale tse sisinyang maikutlo, ebang ke ka ho foqoha ha seretse se chesang Philippines, tšisinyeho ea lefatše California, moroallo Bangladesh, tlala ea sekoboto Somalia, leholiotsoana Hawaii, kapa ho phahama ho sa tloaelehang ha metsi a leoatle a tlōlang mabōpo Nicaragua. Ke ka seoelo khoeli e fetang ho se tlaleho ea koluoa e bileng teng karolong e itseng lefatšeng.

Batho ba bang ba hlokomoloha sena ka hore ke ntho e sa reng letho. Ba pheha khang ea hore keketseho e bonahalang ea likoluoa mehleng ea rōna e mpa feela e le ka lebaka la ho tlaleha ho molemo haholoanyane kapa lebaka la poloko e molemo haholoanyane ea litlaleho. Ba tsoela pele ka hore batho ba bangata ba hlokofatsoa ke likoluoa hobane feela ho e-na le batho ba bangata kajeno. Na mabaka ana ke sohle se leng teng?

Hlokomela se builoeng ho New Scientist sehloohong se qotsitsoeng ka holimo. “Ho bile le likoluoa tse 523 tse tlalehiloeng ka bo-1960 le tse 767 ka bo-1970. Ka bo-1980 palo e ile ea fihla ho 1387.” E tsoela pele ho hlalosa hore “karolo ea ho phahama ho bonahalang leshomeng le fetileng la lilemo e ka hlalosoa ka ho tlaleha ho tobileng haholoanyane ha likoluoa tsa Chaena le Soviet Union.” ’Me ea phaella: “Leha ho le joalo, lenane la likoluoa lea phahama.” Ho phahama ho sekhahla lenaneng la likoluoa ho ke ke ha nyenyefatsoa ka hore e mpa e le feela ka lebaka la ho tlaleha kapa poloko e molemonyana ea litlaleho.

Ho ekelletsa moo, UN Chronicle ea March 1992 ea tlaleha: “Lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng, hoo e ka bang batho ba limilione tse tharo ba ile ba lahleheloa ke bophelo ba bona ’me ba bang ba limilione tse 800 ba ile ba angoa ke ‘tšenyo e akaretsang, maqakabetsi le mahlomola’ a tlisitsoeng ke koluoa ea tlhaho.” Sena se bolela hore hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba supileng ba phelang lefatšeng o kile a angoa ke mofuta o itseng oa koluoa kapa tlokotsi. Seo se tšosa e le kannete ’me ha ho pelaelo ea hore mehla ea rōna ke ea tsieleho le pherekano e khōlō.

Kaha Bibele e bolela esale pele nako e joalo ea tlokotsi, na see se bolela hore Molimo oa ikarabella bakeng sa likoluoa le mahlomola a tlisoang ke tsona? Batho ba bangata ba nahana joalo. Empa linnete li bontša eng? ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, ke’ng seo Bibele e se bontšang?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover: W. Faidley/Weatherstock

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

Middle photo: Mark Peters/Sipa Press

WHO/League of Red Cross

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela