Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 leq. 7
  • Mohloli oa ’Nete oa Tataiso le Tšepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohloli oa ’Nete oa Tataiso le Tšepo
  • Tsoha!—2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lumella Molimo Hore a U Tataisetse ‘Bophelong ba Sebele’
    Tsoha!—2007
  • Lefatše le se Nang Ntoa le Haufi
    Tsoha!—1996
  • Thabo ea ka ho sa Feleng—E Leholimong Kapa Lefatšeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lebaka Leo ka Lona re Hlokang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 2/11 leq. 7

Mohloli oa ’Nete oa Tataiso le Tšepo

HO FAPANA le bademona, Jehova Molimo o bohlale kahohle ebile o matla ’ohle. Hape ke mothofatso oa lerato. (1 Johanne 4:8) Kamehla o fana ka keletso e molemo, ha a re lefise ’me o batla ho re thusa e le kannete. Keletso ea hae e fapane hakaakang le ea ba buisanang le meea ea bafu le ea linohe! Molimo o re: “Helang, lōna bohle ba nyoriloeng [moeeng]! Tloong metsing. Le ba se nang chelete! Tloong, le reke ’me le je. E, tloong, le reke veine le lebese ntle ho chelete le ntle ho tefello. Ke hobane’ng ha le ntse le lefa chelete bakeng sa seo e seng bohobe, ’me ke hobane’ng ha ho sehla ha lōna ho sa felle ka ho khotsofala? ’Mameleng ka hloko, ’me le je se molemo, ’me meea ea lōna e fumane thabo e phethehileng mononong.”—Esaia 55:1, 2.

Kaha Bibele e bululetsoe ke ’Mōpi oa rōna ea lerato, e re fa tšepo, e re sireletsa moeeng, e fa morero bophelong le melao-motheo e molemo ka ho fetisisa eo re lokelang ho phela ka eona. Re u khothalletsa hore u ke u nahane ho se hokae ka lipotso tse latelang le litemana tsa Bibele tse qotsitsoeng.

[Lebokose le leqepheng la 7]

● Nka fumana khotso ea sebele ea kelello joang? Bibele e re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, Morekolli oa hao, Mohalaleli oa Iseraele: ‘’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona. Hoja u ka ela litaelo tsa ka hloko! Joale khotso ea hao e ne e tla tšoana le nōka, ’me ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.’”—Esaia 48:17, 18.

● Na bokhopo bo tla lula bo le teng? “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.” (Liproverbia 2:21, 22) Ka sebele, batho ba khopo hammoho le mangeloi a khopo ba tla felisoa ka ho sa feleng, joalokaha eka ke ka mollo.—Tšenolo 20:10, 14.

● Na ho kula le mahlomola ho tla fela? “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [mathata a mangata a kajeno] li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Ho fapana le bademona, ha ho mohla Molimo a buang leshano. Ha e le hantle, a ‘ke ke a bua leshano.’ (Tite 1:2) Ho feta moo, joalokaha ho tla bontšoa sehloohong se qetellang letotong lena, ’nete ea hae ea lokolla ebile e fana ka bophelo.—Johanne 8:32; 17:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela