Ke Phetse Bophelo bo Khotsofatsang ka ho Fetisisa
Joalokaha ho boletse Herawati Neuhardt
Ke hlahetse motseng oa Cirebon, Indonesia, o tummeng ka ho etsa masela a nang le mekhabiso e entsoeng ka letsoho, a dailoeng ka mebala e khanyang. Ka litsela tse itseng, bophelo ba ka ke le moromuoa bo ’nile ba tšoana le masela ao a mebala-bala—ke ’nile ka thabela ho kopana le batho ba litso tse sa tšoaneng ba Asia e Boroa-bochabela le ba Pacific Boroa. E re ke hlalose seo.
KA 1962, ha ke ne ke le lilemo li leshome, ’Mè o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ha nako e ntse e ea, Ntate le ’Mè, bao e leng Machaena a hlahetseng Indonesia, hammoho le bana ba bona ba bahlano, ho akarelletsa le ’na, e ile ea e-ba Lipaki.
Lapeng re ne re lula re amohela baromuoa le balebeli ba tsamaeang ha ba etetse phutheho ea habo rōna ho tla e khothatsa moeeng. Ke ile ka angoa ka ho teba ke mohlala oa bona le lintho tse hahang tseo ba neng ba bua ka tsona. Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka etsa qeto ea ho kena tšebeletsong ea nako e tletseng ea Bokreste. Hoo e ka bang selemo hamorao, ke ile ka nyaloa ke Josef Neuhardt, eo e neng e le moromuoa ea tsoang Jeremane ’me a fihlile Indonesia ka 1968. Ha re qeta ho chata re ile ra ea phomolong, ’me ka mor’a moo ra ea Sumatra, e leng sehlekehleke sa bobeli se seholo ka ho fetisisa Indonesia, e nang le lihlekehleke tse fetang 17 000. Ha ke le moo ke ile ka tsamaea le Josef ha a etsa mosebetsi oa molebeli ea tsamaeang, o akarelletsang ho etela liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova.
Ho Etsa Mosebetsi oa Boboleli Sumatra
Sebaka sa potoloho ea rōna, kapa seo re neng re se abetsoe, se ne se tloha motseng o chesang le o phetheselang oa Padang, o Sumatra Bophirimela, ho ea fihla Letšeng le letle la Toba, e leng letša le leholo le hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, lihlabeng tsa Sumatra Leboea. Ha nako e ntse e ea, re ile ra abeloa ho ea karolong e ka boroa ea sehlekehleke seo. Re ne re lula re le tseleng re tsamaea ka koloi ea rōna ea khale ea moetso oa Volkswagen Beetle, re tsamaea litseleng tse likoti, re feta marokhong a sa tieang a entsoeng ka lithupa tsa sefate sa kokonate ’me re feta pel’a lithaba tse telele tse hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang—tse ling tsa tsona li ntse li foqoha seretse se chesang, ha tse ling tsona li se li sa foqohe seretse. Bosiu re ne re robala fatše matlong a se nang motlakase, metsi kapa matloana a ka tlung. Re ne re hlapela matšeng le linōkeng. Re phela ka tsela e itekanetseng, ’me re rata batho ba moo. Ba ne ba re amohela ka mofuthu le ho re ngoathela, ’me ba bangata ba thahasella molaetsa oa Bibele.
Motseng oa Padang, Maminangkabau ao boholo ba ’ona e leng Mamosleme a ne a makala a bile a thaba ha re a bontša ka Bibeleng hore Molimo o mong—hase Boraro-bo-bong, joalokaha likereke tsa Bokreste-’mōtoana li bolela. (Deuteronoma 6:4) Batho ba bangata ba ne ba amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ba thabile, ’me ba bang ba neng ba thahasella ba ile ba hatela pele hantle moeeng. Letšeng la Toba, Mabatak ao boholo ba ’ona a ipolelang hore ke Bakreste, a ne a tseba lebitso la Molimo, e leng Jehova, kaha a ne a le bona ka Bibeleng ea Sebatak. (Pesaleme ea 83:18) Empa ho ne ho hlokahala hore a hlalosetsoe haholoanyane ka Molimo le ka seo a se reretseng moloko oa batho. A mangata a ile a amohela thuto ea Bibele ’me ea e-ba baevangeli ba chesehang ba Bakreste.
Re Pakela Majava
Ka 1973, ’na le Josef re ile ra abeloa ho ea Java, e leng sehlekehleke se lekanang le halofo ea Great Britain, se nang le baahi ba fetang limilione tse 80.a Re ile ra bolella Majava, Masundanese le Machaena litaba tse molemo.
Kaha ke Lechaena le hōletseng Indonesia, ke bua lipuo tse ’maloa tse akarelletsang Sejava, Sesundanese le Seindonesia hammoho le Senyesemane. Ka lebaka leo, ke ile ka thabela ho buisana le batho ba bangata ka Bibele ke bua ka puo ea bona.
Ha ke le motse-moholo oa Indonesia, e leng Jakarta o Java, ke ile ka bolella ngoanana e mong ea lilemo li 19 ea neng a bonahala a nyahame hore ho na le tšepo ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng. Ha ke ntse ke mo balla ka Bibeleng, o ile a bokolla. O ile a re: “Kea leboha Ausi, ka ho mpolella lintho tsena,” a bua ka tsela e bontšang kameho e lerato le tlhompho. A phaella ka ho re: “Hosane ho hlokahala hore ke ntše li-rupiah tse ling tse limilione tse 1,5 (R1 100) ho lefella chelete ea univesithi, ’me ke ne ke nahana ho rekisa boroetsana ba ka e le hore ke fumane chelete eo. Pele u fihla ke ne ke ntse ke rapela, ke kōpa tataiso. Joale ke fumane karabo. Ke ikemiselitse ho chechisa lithuto tsa ka le hore ke lule ke hloekile boitšoarong.” Ngoanana eo o ile a thabela ho fuoa thuso e eketsehileng ea moea.
Ho tloha ka nako eo, Majava a mangata ho akarelletsa Masundanese le Machaena, a fetotse bophelo ba ’ona hore a bo lumellanye le melao e phelisang e ka Lentsoeng la Molimo. Sena se a tliselitse khotso ea kelello le thabo ea sebele, feela joalokaha Molimo a tšepisitse.—Esaia 48:17, 18.
Kalimantan—Moo ho Lulang Madayak
Ha re tloha Java, ’na le Josef re ile ra ea profinseng ea Borneo e bitsoang Kalimantan, Indonesia, e leng sehlekehleke sa boraro se seholo ka ho fetisisa lefatšeng (sa pele ke Greenland ho latele New Guinea). Borneo ke sebaka se nang le meru e teteaneng, lithaba tse matsaranka le linōka tse khōlō, ’me ho lula Machaena, Mamosleme a Malaysia le Madayak—a mangata a ’ona a lula linōkeng ’me ka nako e ’ngoe a ne a khaola lira tsa ’ona lihlooho ebe a li boloka e le mohope.
E le hore re fihle metseng e ka thōko ea Madayak, re ne re tsamaea ka liketsoana linōkeng tse mathang merung e ntseng e le boemong ba eona ba tlhaho. Likoena tsa litonanahali li ne li ora letsatsi mabōpong, litšoene li re sheba li le holim’a lifate ’me linonyana li khaba ka masiba a tsona a mebala-bala. Ka sebele, ho ne ho khatholla ho etsa tšebeletso ea boromuoa moo!
Malapa a mangata a Madayak a ne a lula matlong a hahiloeng holim’a litšiea ka thepa e fumanehang moo. Matlo a mang a ne a le manyenyane; ha a mang a le malelele ’me ho ’ona ho lula malapa a ’maloa. Batho ba bangata ba moo ba ne ba e-s’o ka ba bona motho e mosoeu, kahoo ba batla ho bona Josef. Bana ba ne ba matha motseng ba hoelelitse ba re, “Ntate Moruti! Ntate Moruti!” Bohle ba ne ba khobokana ho tla mamela hore na moruti oa lekhooa o re’ng. Josef o ne a tolokeloa ke Lipaki tse buang puo ea moo, tseo ka mor’a moo li neng li lokisetsa ho khannela batho ba bangata ba thahasellang thuto ea Bibele.
Re ea Papua New Guinea
’Muso oa Indonesia o ile oa thibela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova ka December 1976, ka lebaka la khanyetso e ntseng e eketseha ea batho ba bolumeli. Kahoo, ’na le Josef re ile ra abeloa ho ea Papua New Guinea.
Ha re fihla motse-moholo Port Moresby, re ile ra qeta likhoeli tse peli re ithuta Sehiri Motu, e leng puo e sebelisoang litabeng tsa khoebo moo. Ra ntan’o ea sehlekehlekeng se senyenyane sa Daru se profinseng e hōle e ka bophirimela. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Eunice, mosali e mong ea ratehang oa seqhenqha eo meno a hae a neng a ntšofalitsoe ke hore o qetile lilemo a hlafuna betel nut. Ha Eunice a ithuta hore Molimo o batla hore bahlanka ba hae ba hloeke ’meleng, boitšoarong le moeeng, o ile a khaotsa temallo ea hae ’me ea e-ba Mokreste ea tšepahalang. (2 Bakorinthe 7:1) Nako le nako ha re bona batho ba joalo ba ikokobelitseng ba phela ka lithuto tsa ’nete ea Bibele, re ne re ananela le ho feta mantsoe a ho Pesaleme ea 34:8, a reng: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.”
Ha nako e ntse e ea, Josef o ile a boela a khethoa hore e be molebeli ea tsamaeang, ’me re ne re ea hoo e batlang e le libakeng tsohle tsa Papua New Guinea, moo ho buuoang lipuo tse ka bang 820. E le hore re khone ho bua le batho ba eketsehileng, re ile ra ithuta puo e ’ngoe hape—e leng Setok Pisin, se buuoang ke batho ba lipuo tse sa tšoaneng. Ha re ea metseng le metsaneng e meng, re ne re tsamaea ka maoto, ka koloi, ka seketsoana le ka sefofane se senyenyane ’me re mamella mocheso o ntšang koena bolibeng, ho longoa ke monoang re bile re tšoaroa ke malaria khafetsa.
Joale ka 1985, re ile ra amohela kabelo e ’ngoe ea boromuoa—ea ho ea Lihlekehlekeng Tsa Solomon, tse ka bochabela ho Papua New Guinea. Ha re le moo re ne re sebetsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova re bile re etela lihlekehlekeng tse ling tse haufi ho ea khothatsa liphutheho le ho ea likopanong tsa Bokreste. Re ile ra boela ra tlameha ho ithuta puo e ’ngoe—lekhetlong lena ra ithuta Sefanakalo se buuoang Lihlekehlekeng Tsa Solomon. Ruri ho ne ho thabisa ho bua le baahi bao ba Lihlekehlekeng Tsa Solomon ba ratang Bibele!
Leeto le Ileng la Nthatafalla ka ho Fetisisa
Ka 2001, ho ile ha tlosoa thibelo mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova, Indonesia, ’me ’na le Josef ra khutlela Jakarta. Nakoana ka mor’a moo, lingaka li ile tsa fumana hore monna oa ka eo ke mo ratang o na le kankere e kotsi ea letlalo. Re ile ra ea Jeremane habo Josef, ho ea batla phekolo teng. Empa ka masoabi, o ile a hlokahala ka 2005, ha re ne re qeta lilemo tse 33 re nyalane, ’me o emetse tsoho ea bafu lefatšeng le lecha la Paradeise. (Johanne 11:11-14) O ne a le lilemo li 62 ’me o ne a qetile lilemo tse 40 a le tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ke ntse ke le Jakarta, moo ke sebeletsang ke le moromuoa. Ke hloloheloa monna oa ka haholo. Empa ho ruta ba bang linnete tse babatsehang tse ka Lentsoeng la Molimo ho nthusa hore ke sebetsane le boemo boo, kaha tšebeletso ea tšimo e etsa hore ke ikutloe ke khotsofetse e le kannete ke bile ke e-na le morero bophelong. Ruri nka bolela ke sa qeaqee hore Jehova o ntlhohonolofalitse ka bophelo bo khotsofatsang ka ho fetisisa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kajeno baahi ba Java ba feta limilione tse 120.
[’Mapa o leqepheng la 25]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
INDONESIA
Java
JAKARTA
Cirebon
Sumatra
Padang
Letša la Toba
Borneo
PAPUA NEW GUINEA
PORT MORESBY
Daru
LIHLEKEHLEKE TSA SOLOMON
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Herawati le liithuti tsa Bibele, Lihlekehlekeng Tsa Solomon
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le Josef, Holland, nakoana pele a hlokahala ka 2005