Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/11 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba na le Metsoalle e Seng Mekae ea Sebele
  • Likepe Tse Borang Oli li Tsamaisa Lithethefatsi
  • Melemo ea ho ja le le Lelapa
  • Na Nako ea Lijo e ka Matlafatsa Lelapa Boitšoarong?
    Tsoha!—2010
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2012
  • Sek’hafothini se Fana ka Bopaki
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Kamoo Lithethefatsi Tse Seng Molaong li Amang Bophelo ba Hao Kateng
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 2/11 leq. 29

Tsa Mona le Mane

Ke batho ba ka tlaasenyana ho kotara ba Jeremane, ba lilemo tse ka tlaase ho 40, ba tšehetsang taba ea ho rapela kamehla le bana ba bona, ’me ho batho ba tsamaeang kereke, ke ba bane feela ho ba leshome ba nkang seo e le sa bohlokoa.—APOTHEKEN UMSCHAU, JEREMANE.

Motho e mong ea faneng ka peō ea botona ea nang le bothata liphatseng tsa lefutso bo tsamaisanang le lefu la pelo, o fetiselitse lefu leo baneng ba 9 ho ba 24 bao ho tsejoang hore ke ba hae. Baneng bao, e mong o ile a bolaoa ke lefu la pelo ha a le lilemo li peli.—JAMA, U.S.A.

“Batho ba fetang 50% ba Russia ba lumela hore bobolu bo ke ke ba qojoa ’me bo tla ’ne bo be teng.”—RIA NOVOSTI, RUSSIA.

Ba na le Metsoalle e Seng Mekae ea Sebele

Koranta ea London e bitsoang Daily Telegraph e re: “Ka karolelano, batho ba Brithani ba na le metsoalle e meraro feela ea sebele, eo ba ka e tšepang.” Ho ea ka phuputso e ’ngoe e entsoeng, har’a a mang a mabaka a etsang hore motho a sitoe ho buisana le “metsoalle e ka bang 36 ha lilemo li ntse li feta” ke “bophelo bo maphathaphathe,” ‘ho se hlole ba thahasella lintho tse tšoanang’ ’me ho ba etsang karolo ea 43 lekholong ke “ho qabana . . . ebe ba etsa qeto ea ho se hlole ba buisana.” Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bahlano o bolella mosebetsi-’moho le eena makunutu a hae, hobane “ho se na motho e mong eo a ka eang ho eena.” ’Muelli oa ba neng ba etsa phuputso eo o ile a re: “Motho o lokela hore a be le ntho e itseng e ikhethang e le hore batho ba mo tšepe le ho itšetleha ka eena.”

Likepe Tse Borang Oli li Tsamaisa Lithethefatsi

Batho ba Colombia ba mokolang k’hok’heine ba e isa Amerika Bohareng, Mexico le United States ba se ba sebelisa mekhoa e tsoetseng pele le ho feta. Ho tloha ka 1993, ba boholong Colombia ba ile ba fumana le ho tšoara bonyane likepe tse 42 tse borang oli tse neng li nkile lithethefatsi. Ho fumanoe le libaka tse ’maloa tseo ho etsoang likepe tseo ho tsona. Le hoja likepe tsena tse tsamaeang ka disele li sa khone ho tsamaea ka tlas’a metsi, ho thata ho li lemoha ka mechine ea radar. Tse ling li tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 3 200 li nkile k’hok’heine ea boima ba lithane tse tšeletseng ho isa ho tse leshome, ’me e ka ’na eaba ho sebelisitsoe liranta tse limilione tse supileng ho li etsa.

Melemo ea ho ja le le Lelapa

Bacha ba ka tlaase ho halofo ba Finland ba lilemo li 14 ho isa ho 16, bao ho buisanoeng le bona phuputsong e sa tsoa etsoa morao tjena ba ja le ba malapa abo bona. Phuputso eo e ile ea bontša hore malapeng a mangata, litho tsa lelapa ha li ngoatheloe lijo. Empa bacha ba labalabela hore kamehla ba qete nako ba e-na le ba malapa abo bona ba phutholohile. Koranta ea Helsingin Sanomat e tlaleha hore ha ba botsoa hore na ke’ng eo ba ka ratang hore batsoali ba bona ba ba etsetse eona, ba ile ba fana ka molaetsa o hlakileng, oa hore: “Ba batla ho ja lijo tse futhumetseng, ba ja hammoho e le lelapa ’me ba batla hore ho be le motho ea ka ba mamelang le ea nang le nako ea bona.” Ho ja lijo le le lelapa ho susumetsa kelello ea mocha haholo. Sehlooho seo se bontša hore “bacha ba jang le ba malapa abo bona ba atisa ho sebetsa hantle sekolong, ke ka seoelo ba tsubang, ba noang, kapa ba sebelisang lithethefatsi, ’me hase hangata ba tepellang maikutlo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela