Maikutlo a Babali
Lintho Tse Ngata Tse Hlollang Tse Phelang Amazon e ka Holimo (April 2010) Sehloohong seo le itse Maawajune (Maaguaruna) a rapela melimo e mehlano. Ke Leawajune, ’me ha ke lumellane le seo. Ke nahana hore le fositse, hobane Maawajune a mangata a ipolela hore ke Bakreste ’me ha a rapele melimo e mehlano joalokaha makasine ea lōna e tlaleha. Kaha Maawajune a atisa ho bala limakasine tsa lōna, ke kōpa hore le lokise phoso eo.
T.P.T., Peru
Karabo ea “Tsoha!”: Mongoli o nkile boitsebiso mehloling e sa tšoaneng, ho akarelletsa bathong bao e kileng ea e-ba baahi ba metse ea Maaguaruna, bao a buisaneng le bona hammoho le likhatisong tse ’maloa. Mohloli o mong, e leng Khatiso ea 2004 ea “Atlas Regional del Perú,” o fana ka mabitso a melimo e mehlano ea Maaguaruna le ho e hlalosa. Empa joalokaha u boletse, baahi ba bang ba metse ea Maaguaruna ba sokolohetse Bokresteng. Re masoabi haeba re fane ka maikutlo a fosahetseng.
Kamoo U ka Sebetsanang le Bohoelea Kateng (May 2010) Kea leboha ka sehlooho sena. Le ’na ke lehoelea, ’me ke ne ke jeoa ke bolutu ka lebaka leo. Empa ka mor’a hore ke bale sehlooho sena, ke ile ka elelloa hore ha ke mong. Hona joale ke ikemiselitse ho loantša tšitiso ena, ’me joaloka Rafael, “ha ke sitoa ho bitsa lentsoe le itseng, kea tšeha” le ho soasoa ka taba eo.
Y. S., Japane
Bacha Baa Botsa . . . Nka Etsa’ng Hore ke Itšepe Haholoanyane? (May 2010) Ke lilemo li 12 ’me ke lula le ’mè oa ka ea kulang haholo ea bileng a nkhōlisang a le mong. Ha ke bala potso e reng, “Na u ikutloa eka ua ratoa?” ke ile ka araba ka botšepehi ka re, “Che.” Taba eo e ile ea nkutloisa bohloko. Kahoo ke ile ka buisana le Bakreste ba ’maloa ba hōlileng tsebong hammoho le ’Mè ka eona. Sehlooho sena se ile sa ntlhokomelisa hore ha ho na lebaka la hore ke ikhelle fatše. Ho na le batho ba bangata ba nthatang. Kea le leboha ka ho mpontša hore Jehova o tsotella bacha.
C. H., Fora
Sehlooho sena se nthusitse ho sebetsana le lintho tse bohloko tse nketsahaletseng nakong e fetileng le boikutlo ba ho ikhalala boo ke ntseng ke e-ba le bona ka linako tse ling. Ke tla lula ke hopola litsela tse tharo tseo nka ntlafatsang ho itšepa ka tsona tse tšohliloeng sehloohong sena, ’me ka ho khetheha papiso ea chelete e tabohileng hanyane! Kea le leboha ka sehlooho sena se babatsehang!
S. W., Korea Boroa