Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/11 leq. 29
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khanya e Bolaeang Likokoana-hloko Tse Manganga
  • Ho Rema Lifate le Lefu la Malaria
  • Squid se Fofang
  • Lefu le Tsamaea ka Mapheo a Bobebe
    Tsoha!—1994
  • Seo u lokelang ho se tseba ka Malaria
    Tsoha!—2015
  • Ho Khutlela Linthong Tsa Motheo Tse Loantšang Malaria
    Tsoha!—1997
  • Pheko e Ncha ea Malaria
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 9/11 leq. 29

Tsa Mona le Mane

Phuputso e entsoeng ke Lekhotla la Khaso la Brithani ho batho ba 13 000, linaheng tse 26 e bontšitse hore “bothata boo ho buuoang ka bona haholo lefatšeng ke ba bobolu.” Leha ho le joalo, ho nkoa hore bothata bo ka sehloohong lefatšeng ke bofutsana.—BBC NEWS, BRITHANI.

“Likereke tse ngata United States li kentse mechine ea GPS litšoantšong tsa tsona tsa lesea Jesu. Lilemong tsa morao tjena, litšoantšo tseo li ’nile tsa utsuoa ka bongata naheng eo.”—THE WEEK, U.S.A.

“Komiti e eletsang Mokhatlo [oa United States] oa Tsamaiso ea Lijo le Lithethefatsi, e khothalletsa hore batho ba nang le mokhathala o sa feleng ba thibeloe ho fana ka mali, kaha e tšoenyehile ka hore e ka ’na eaba ho na le kokoana-hloko e itseng e tsamaisanang le boloetse boo.”—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.

Khanya e Bolaeang Likokoana-hloko Tse Manganga

Univesithi ea Strathclyde e Glasgow, Scotland, e qapile theknoloji e ncha ea ho bolaea likokoana-hloko tse manganga lipetlele, e sebelisa khanya e matla. Theknoloji ena e khona ho fokotsa likokoana-hloko ho feta ha ho sebelisoa metsoako e hloekisang le lik’hemik’hale. Moprofesa John Anderson, e leng setsebi sa baeloji ea lintho tse phelang tse nyenyane haholo o re, theknoloji ena “e sebelisa mahlaseli a ikhethang a khanya ho hlasimolla limolek’hule tse ka libaktherieng tseo.”

Ho Rema Lifate le Lefu la Malaria

Ho rengoa ha lifate merung e lulang e le metala ho amahanngoa le ho eketseha ha palo ea batho ba tšoaroang ke lefu la malaria, ka hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong. Seo ke se boletsoeng ke bafuputsi ba hlahlobileng boitsebiso bo nkiloeng litsing tse 54 tsa tlhokomelo ea bophelo, Brazil, hammoho le litšoantšo tsa sathalaete tse bontšang ho rengoa ha lifate. Monoang o bitsoang Anopheles darlingi ke oona o ka sehloohong o jalang lefu la malaria sebakeng seo ho entsoeng phuputso ho sona. Sarah Olson e leng mongoli ea ka sehloohong oa tlaleho eo o re: “Ho bonahala eka ho rengoa ha lifate ho etsa hore ho be le libaka tse ngata tse bulehileng le liqanthana tse sa chabeloeng ke letsatsi ka ho feletseng, ’me ho fa monoang ona sebaka se setle sa bolulo.” Ho fumanoe hore malaria a tšoara batho ba bangata libakeng tseo ho renngoeng lifate haholo ho tsona.

Squid se Fofang

Bopaki ba litšoantšo tse nkiloeng morao tjena, bo tiisitse hore mefuta e meng ea li-squid e fehla moea e le hore e fofe. Makasine ea Scientific American e re litsebi tsa baeloji ea liphoofolo tse phelang maoatleng, li hlokometse hore “squid se senyenyane sa lisenthimithara tse 20, se ka qhoma limithara tse peli ka holim’a metsi le ho fofa sebaka sa limithara tse leshome ka hore se uputse mapheoana le ho bilikisa manakana a sona.” Squid se hula metsi ebe se a ntša ka sekhahla, e leng se se thusang hore se qhomele holimo, leoatleng. Litšoantšo tseo li bontša hore li-squid li sebelisa mapheoana a tsona ha li fofa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela