Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/12 maq. 6-7
  • Lintho Tse Bakang Liketso Tse Mabifi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse Bakang Liketso Tse Mabifi
  • Tsoha!—2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Pefo
    Tsoha!—2015
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Litlōlo Tse Ngata Hakaale Tsa Molao?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 8/12 maq. 6-7

Lintho Tse Bakang Liketso Tse Mabifi

HO THATA ho utloisisa hore na liketso tse mabifi li bakoa ke eng. Hangata ha li bakoe ke ntho e le ’ngoe feela, e kang batho bao motho a tloaelanang le bona, boithabiso kapa tikoloho eo a hōletseng ho eona. Ho ameha lintho tse ngata, tse akarelletsang tse latelang:

Ho tsieleha le ho felloa ke tšepo. Ka linako tse ling lintho tse etsang hore batho ba qetelle ba etsa liketso tse mabifi ke ho ikutloa ba hateletsoe, ba tšoeroe ka leeme, ba khetholloa sechabeng, ba hloka chelete kapa ba ikutloa eka ha ba khone ho laola bophelo ba bona.

Mokhopi o hlokang taolo. Joalokaha re ee re bone hangata lipapaling, ha batho e le sehlopha kapa e le mokhopi ba sitoa ho ithiba hore ba se ke ba etsa lintho tse mpe. Hobane’ng? Buka e bitsoang Social Psychology e re ba “lahleheloa ke melao ea boitšoaro ’me baa halefa kapa ba teneha habonolo.” Buka e ’ngoe eona e re, batho ba joalo ba itumella ho laoloa ke ba bang, ’me ba felloa “ke boikarabelo.”

Lehloeo le mōna. Polao ea pele e tlalehiloeng historing ea batho e entsoe ke monna ea bitsoang Kaine. (Genese 4:1-8) A tletse mōna le lehloeo, Kaine o ile a bolaea moen’ae le hoja Molimo a ile a mo lemosa hore a laole maikutlo ’me a tšepisa hore o tla mo hlohonolofatsa haeba a ka mamela. Mantsoe ana a Bibele ke ’nete hakaakang: “Moo poulelo le ho rata likhang li leng teng, ke moo ho hloka taolo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e mpe li leng teng”!—Jakobo 3:16; sheba lebokose le reng “Liketso Tse Mabifi li Simoloha ka Hare.”

Tšebeliso e mpe ea joala le lithethefatsi. Ho sebelisa lithethefatsi hampe ha ho senye ’mele le kelello feela, empa ho boetse ho sitisa tsela eo boko bo sebetsang ka eona. Seo se fella ka hore motho ea tlas’a tšusumetso ea lithethefatsi, a be leqhoko le ho ba mabifi haholo ha a qholotsoa.

Tsamaiso ea molao e nyehlileng. Moeklesia 8:11 e re: “Kahobane kahlolo khahlanong le mosebetsi o mobe ha ea phethisoa ka potlako, ke ka lebaka leo lipelo tsa bara ba batho li ikemiselitseng ka botlalo ka ho bona ho etsa bobe.” Tsamaiso ea molao e nyehlileng, e sa sebetseng hantle kapa e bobolu, e etsa hore liketso tse mabifi li tsoele pele ebang ke ka ho toba kapa ka tsela e poteletseng.

Bolumeli ba bohata. Hangata bolumeli bo amahanngoa le liketso tse mabifi, tse akarelletsang ho loantšana ha lihlopha tsa bolumeli le bokhukhuni. Empa hase batho ba tsitlellang maikutlo a bona feela kapa ba chesehang ka ho feteletseng ba lokelang ho behoa molato. Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, litho tsa malumeli a tloaelehileng—“Bakreste” le batho bao eseng Bakreste—ba ile ba bolaeana, hangata ba hlohonolofatsoa ke baeta-pele ba bolumeli. Boitšoaro bo joalo bo halefisa Molimo.—Tite 1:16; Tšenolo 17:5, 6; 18:24.

Ka lebaka la lintho tse ngata tse susumetsang kapa tse tlotlisang liketso tse mabifi, na ho ka khoneha hore u be motho ea nang le khotso e le kannete lefatšeng la kajeno? E, u ka khona joalokaha re tla bona hona joale.

[Lebokose le leqepheng la 6]

LIKETSO TSE MABIFI LI SIMOLOHA KA HARE

Le hoja liketso tse mabifi li bakoa ke lintho tse ngata, li simoloha ka hare ho rōna. Ka tsela efe? Jesu Kreste, ea neng a utloisisa pelo ea motho ka ho feletseng o ile a re: “Ka lipelong tsa batho, ho hlaha menahano e kotsi: bohlola, bosholu, lipolao, bofebe, ho chacheha ka mohono, liketso tsa bokhopo, thetso, boitšoaro bo hlephileng, leihlo le mohono, nyefolo, boikhohomoso, ho se be le kahlolo e molemo.” (Mareka 7:21, 22) Re tsosa mekhoa eo e mebe ha re shebella, re mamela kapa re nahana ka lintho tse mpe khafetsa.—Jakobo 1:14, 15.

Ka lehlakoreng le leng, ha re kenya lintho tse hloekileng likelellong tsa rōna, tse kang tse boletsoeng sehloohong se leqepheng la borobeli, re tla be re thibela le ho ‘bolaea’ litakatso tse mpe ’me re hōlisa tse nepahetseng. (Bakolose 3:5; Bafilipi 4:8) Kahoo, Molimo o tla re thusa ‘hore re matlafatsoe mothong eo [rōna] re leng eena ka hare.’—Baefese 3:16.

[Lebokose le leqepheng la 7]

LITSEBI LI SITOA HO HLALOSA LIKETSO TSE MABIFI

Ke hobane’ng ha tlaleho ea lipolao linaheng tse ling e phahame ka makhetlo a 60 ho feta ea tse ling? Ke hobane’ng ha lintoa le mefuta e meng ea liketso tse mabifi e ’nile ea e-ba karolo ea histori ea batho? Lipotso tse qakang li ngata; likarabo tse khotsofatsang lia haella.

Bafuputsi ba bang ba lumela hore bofuma le ho se leka-lekane, ke tsona tse bakang liketso tse mabifi. Ho ea ka lipalo-palo tse entsoeng, hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea lipolao tse mabifi, tse akarelletsang ho ipolaea, li etsahetse linaheng tse sa ruang, hape tlōlo ea molao e ngata e etsahala linaheng tse futsanehileng. Empa na batho ba futsanehileng ba mabifi ho feta ba bang? Kapa na liketso tse ngata tse mabifi tse etsahalang linaheng tsa bona li bakoa ke hobane ba se na litšebeletso tsa sepolesa tsa boemo bo phahameng? Haeba ho joalo, ho na le libaka tse kang motse oa Calcutta o India, moo batho ba limilione ba kollang ntsi hanong. Empa Calcutta e na le palo e nyenyane ka ho fetisisa ea lipolao lefatšeng.

Ba bang ba bolela hore ho fumaneha ha lithunya habobebe ho etsa hore liketso tse mabifi li ate sechabeng. Ha e le hantle, lithunya li etsa hore batho ba ratang liketso tse mabifi ba be kotsi le ho feta. Empa ke hobane’ng ha lichaba tse ling li na le palo e holimo haholo ea batho ba mabifi? Le tabeng ena, litsebi li na le maikutlo a sa tšoaneng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela