Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/14 maq. 12-13
  • Lihoai Tse Fofang Tsa Merung e Mongobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lihoai Tse Fofang Tsa Merung e Mongobo
  • Tsoha!—2014
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hasa Peō
  • Bophelo ba Lelapa
  • ’Mankhane o Monyenyane ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Tsoha!—2010
  • Mapheo a Liphoofolo Tse Fofang
    Tsoha!—2009
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2010
  • Bofifi bo Aparetse Moru o Lulang o le Motala
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Tsoha!—2014
g 10/14 maq. 12-13
’Mankhane o ja litholoana sefateng

Lihoai Tse Fofang Tsa Merung e Mongobo

LIHOAI lia tseba hore e le hore li chaee hantle, li lokela ho jala peō sebakeng se loketseng le ka nako e nepahetseng. Leha ho le joalo, se makatsang ke hore nako e ntle ka ho fetisisa ea ho jala peō ke ha e le bosiu ’me e jaloa ke lihoai tse fofang. Lihoai tsena tse fofang ke bo-’mankhane ba jang litholoana—bao hape ba bitsoang liphokojoe tse fofang.a

Ho Hasa Peō

Bo-’mankhane ba bangata ba jang litholoana ba fofa bosiu ba ntse ba tsoma lifate tse nang le litholoana tse monate kapa lipalesa tse nang le lero le lengata. Ha ba ntse ba pota-pota ba ja litholoana, baa li sila ebe ha ba ntša mantle, a tsoa a e-na le litholoana le peō e sa silehang. Ho phaella moo, ba boetse ba hasa peō ea lipalesa, ha ba ntse ba ja lero la tsona le monate.

Kaha bo-’mankhane ba fofela libakeng tse hōle bosiu, ba khona ho koahela sebaka se seholo haholo ka peō. Hape, kaha mantle a tsoa a e-na le peō, ba boetse ba fana ka “manyolo” a etsang hore peō e hōle. Ha ho makatse hore ebe limela tse ngata tsa merung e lulang e le mongobo, li itšetlehile ka bo-’mankhane hore ba hasanye peō ea tsona.

Kaha bo-’mankhane ba jang litholoana ba fofela libakeng tse hōle haholo, ba lokela ho tseba tsela hantle le mahlo a bona a be nchocho. Ba khona ho bona hantle lefifing ho feta batho. Ba boetse ba khona ho arohanya mebala e fapaneng, ebile ba fofa motšehare le bosiu.

Bophelo ba Lelapa

’Mankhane

NA U NE U TSEBA? Ho fapana le bo-’mankhane ba bang ba khonang ho utloa ka molumo hore na liphofu tsa bona li hokae, bo-’mankhane ba jang litholoana bona ba khona ho bona le ho fofonela moo lijo tsa bona li leng teng. Mahlo a bona a maholo a etsa hore ba khone ho bona hantle bosiu

Bo-’mankhane ba tsejoang hape e le liphokojoe tse fofang tsa Samoa ba ba le molekane a le mong bophelo bohle. Mefuteng e meng, bo-’mankhane ba batšehali ba khona ho hlokomela malinyane a bona hantle ’me ba lula le ’ona libeke tse ’maloa ba ntse ba a anyesa ho fihlela a le maholo. Mefuteng e meng e ’meli ea bo-’mankhane ba jang litholoana, ba batšehali ba ka ’na ba ba le “bapepisi” ba ba behang setsoetse.

Ka masoabi, bo-’mankhane ba bangata ba jang litholoana ba kotsing ea ho fela, ka lebaka la ho felisoa ha meru eo ba lulang ho eona. Lihlekehlekeng tsa Pacific Boroa, ho felisoa ha bo-’mankhane ba jang litholoana ho ka ba kotsi haholo kaha mefuta e meng ea limela tse lihlekehlekeng tsena e hloka bo-’mankhane hore ba hase peō ea tsona. Ho hlakile hore mosebetsi oa lihoai tsena tse fofang ha oa lokela ho nkoa hasesaane.

a Bo-’mankhane ba jang litholoana ba fumaneha Afrika, Asia, Australia le lihlekehlekeng tse ling tsa Pacific.

HO SIRELETSA MERU

Sefate sa baobab

Lithunthung tsa sefate sa Baobab li nka lihora tse 24 feela li le teng. Empa nako eo e lekane bakeng sa bo-’mankhane ba jang litholoana hore ba fumane lithunthung tse khōlō tse nang le lero le lengata le ho isa peō lifateng tse ling tsa baobab

Ha ho renngoe lifate tsa merung e lulang e le mongobo, bo-’mankhane ba thusa haholo ho etsa hore lifate li boele li hōle hape sebakeng seo. ‘Mosebetsi oa tsona oa ho lema’ o ka etsa hore ba jale peō eo qetellong e ka bang lifate tse ncha. Buka ea Gary L. Graham, e bitsoang Bats of the World, e re: “E le hore batho ba be le bophelo bo botle ba hloka tikoloho e hloekileng ’me e le hore tikoloho e hloeke, re hloka bo-’mankhane.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela