Khaolo ea 1
Melaetsa e Tsoang Leholimong
HA E le hantle, Bibele eohle ke molaetsa o tsoang leholimong, o fanoeng ke Ntate oa rōna oa leholimo ho re ruta. Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000, lengeloi le “emang pel’a Molimo” le ile la tlisa melaetsa e ’meli e khethehileng. Lebitso la lona ke Gabriele. A re hlahlobeng maemo a maeto ana a mabeli a bohlokoa lefatšeng.
Ke selemo sa 3 B.C.E. Maralleng a Judea, mohlomong thōkoana le Jerusalema, ke moo ho lulang moprista oa Jehova ea bitsoang Zakaria. Eena hammoho le mosali oa hae Elizabetha ba se ba tsofetse. Ha ba na bana. Zakaria o tšebeletsong ea hae ea boprista tempeleng ea Molimo Jerusalema. Ka tšohanyetso Gabriele o hlaha ka lehlakoreng le letona la aletare ea libano.
Zakaria o tšohile haholo. Empa Gabriele o mo kokobetsa letsoalo, ’me o re: “Se tšabe, Zakaria, hobane thapelo ea hao e utloiloe, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo rea lebitso la Johanne.” Gabriele o tsoela pele ho bolela hore Johanne “o tla ba moholo pel’a Morena [Jehova],” le hore “o tla sokollela bana ba Iseraele ba bangata ho Morena [Jehova], Molimo oa bona.”
Leha ho le joalo, Zakaria ha a kholoe sena. Ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala hore lilemong tsa bona eena le Elizabetha ba ka ba le ngoana. Kahoo Gabriele oa ’molella: “U tla ba semumu, u sitoe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao litaba tseo li tla etsahala ka ’ona.”
Nakong ena, batho ka ntle ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Zakaria a nka nako e telele hakana ka tempeleng. Ha a qetella a tsoile ka tempeleng, ha a sa tseba ho bua empa o bua ka matsoho feela, ’me ba elelloa hore o bone ntho e ’ngoe eo e seng ea tlhaho.
Ka mor’a hore Zakaria a qete nako ea hae ea tšebeletso tempeleng, o khutlela hae. ’Me hang ka morao ho moo ho fela ho etsahala seo a se bolelletsoeng—Elizabetha oa emola! Ha Elizabetha a ntse a emetse hore ngoana a hlahe, o lula hae hōle le batho likhoeli tse hlano.
Hamorao Gabriele o boela a itlhahisa hape. O bua le mang? O bua le moroetsana ea e-s’o nyaloe ea bitsoang Maria oa motseng oa Nazaretha. Ke molaetsa ofe oo Gabriele a o tlisitseng lekhetlong lee? Mamela! Gabriele o bolella Maria: “U bone mohau ho Molimo. Bona, u tla emola, ’me u tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu.” Gabriele oa phaella: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; . . . O tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.”
Re ka kholiseha hore Gabriele o ikutloa a filoe tokelo e khōlō ka ho fetisa melaetsa ena. ’Me ha re bala haholoanyane ka Johanne le Jesu, re tla bona ka ho hlakileng haholoanyane hore na ke hobane’ng ha melaetsa ena e tsoang leholimong e le ea bohlokoa hakana. 2 Timothea 3:16; Luka 1:5-33.
▪ Ho tlisoa melaetsa efe e ’meli ea bohlokoa e tsoang leholimong?
▪ Ke mang ea tlisang melaetsa, hona e tlisetsoa bo-mang?
▪ Ke hobane’ng ha ho le thata ho kholoa melaetsa ee?