Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ll khao. 13 maq. 28-29
  • Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re Khahlise Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re Khahlise Molimo?
  • Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Metsoalle ea Molimo e Qoba Lintho Tse Mpe
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Mekhoa eo Molimo a e Hloileng
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Tlotlisa Jehova e le Eena Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Na Bolumeli ba Hao bo Hlile bo Khahlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
ll khao. 13 maq. 28-29

KAROLO 13

Re Lokela ho Etsa’ng e le Hore re Khahlise Molimo?

Qoba lintho tse mpe. 1 Bakorinthe 6:9, 10

Haeba re rata Jehova, re ke ke ra etsa lintho tseo a li hloileng.

Jehova ha a batle hore re utsoe, re tahoe kapa re sebelise lithethefatsi hampe.

Molimo o hloile ho bolaea, ho ntša mpa le ho kopanela liphate ha batho ba bong bo tšoanang. Ha a batle hore re be meharo kapa re loane le batho ba bang.

Ha rea lokela ho rapela melimo ea litšoantšo kapa hore re sebelisane le meea.

Lefatšeng la Paradeise le tlang, ha ho na ho ba le batho ba etsang lintho tse mpe.

  • Molimo o nka boselamose joang?​—Deuteronoma 18:10-12.

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho rapela melimo ea litšoantšo?—Esaia 44:15-20.

Etsa se nepahetseng. Matheu 7:12

E le hore re khahlise Molimo, re lokela ho leka hore re tšoane le eena.

Bontša batho ba bang hore ua ba rata ka hore u be mosa u be u fane ka seatla se bulehileng.

Tšepahala.

E-ba mohau u be u tšoarele batho ba bang.

Bolella batho ba bang ka Jehova le litsela tsa hae.—Esaia 43:10.

  • Etsisa Jehova.—1 Petrose 1:14-16.

  • Bontša lerato.—1 Johanne 4:7, 8, 11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela