KAROLO EA PELE
“Maholimo a Buleha”
NTLHA-KHOLO: Re tl’o ithuta ka sebaka seo Jehova a lulang ho sona
Ha ho na motho ea ka bonang Jehova Molimo ea matla ’ohle ’me a phela. (Ex. 33:20) Leha ho le joalo, Jehova o ile a bontša Ezekiele pono e hlalosang karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae. Pono eo e re siea re hloletsoe ebile e etsa hore re ananele tlotla ea hore re rapela Molimo a le mong feela oa ’nete.