KAROLO EA BOHLANO
‘Ke Tla Lula Har’a Sechaba’—Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
NTLHA-KHOLO: Karolo ena e tl’o bua ka likarolo tsa pono ea tempele le hore na li re ruta’ng ka borapeli ba ’nete
Jehova o ile a etsa hore moprofeta Ezekiele le moapostola Johanne ba bone lipono tse nang le lintho tse tšoanang. Lintho tse hlahang liponong tseo li re ruta lintho tsa bohlokoa tse re thusang hore re rapele Jehova ka tsela eo a e amohelang hona joale ebile li re thusa hore re bone hore na bophelo bo tla ba joang Paradeiseng ha ’Muso oa Molimo o se o busa.