KAROLO EA BORARO
“Ke Tla . . . le Bokella”—Jehova o Tšepisitse ho Tsosolosa Borapeli ba ’Nete
NTLHA-KHOLO: Boprofeta ba Ezekiele boa bontša hore na borapeli ba ’nete bo tla tsosolosoa joang
Baiseraele ba arohane ka lebaka la bokoenehi. Ba khola litholoana tsa liphoso tsa bona hobane ba ile ba tlohela borapeli ba ’nete le ho senya Molimo lebitso. Nakong eo ba feletsoeng ke tšepo, Jehova o fa Ezekiele boprofeta bo etsang hore ba be le tšepo. Jehova o khothatsa Baiseraele ba botlamuoeng le batho bohle ba lakatsang hore borapeli ba ’nete bo boele bo be teng ka ho sebelisa litšoantšiso tsa boprofeta le lipono.