Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 8/15 maq. 5-7
  • Batho Bohle Baa Lekana—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho Bohle Baa Lekana—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lekana Sehlopheng se Kopaneng
  • Ho Lekana Ho Sebetsang Kajeno
  • Ho Phehella ho Lekana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ho ka Khoneha Hore ho be le Mokhatlo oa Batho ba sa Khethollaneng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tlokotsi e Teng Hona Joale ea ho se Leka-lekane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na Khethollo ea Merabe e Tla ke e Fele?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 8/15 maq. 5-7

Batho Bohle Baa Lekana—Joang?

NA HO BONOLO hore banna le basali ba lichaba tsohle ba talimane ba lekana—’me ba itšoare ka ho lekana hoa bona? E seng haeba ho uoa ka tsamaiso ea joale ea lefatše. Empa re ka tsoha molota hore ho tla etsahala. Hobane’ng? Hobane ho na le Bakreste ba limillione ba ho pakileng hore ho joalo.

Ho tsebahala hantle hore Bokreste ba ’nete bo ’nile ba amahanngoa le ho lekana. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ngotse: “Ha re sa le Bajode kapa Bagerike kapa makhoba kapa batho ba lokolohileng kapa le bona banna kapa basali feela, empa kaofela rea tšoana—re Bakreste.” (Ba-Galata 3:28, The Living Bible) Empa na puo ee e ne e le ea bosoasoi feela? E ile ea sebetsa joang ha e sebelisoa ho Bakreste ba pele ba neng ba phela lefatšeng le tletseng ho se lekane?

Ho hongata ho ngotsoe ka tšusumetso e khōlō eo Bakreste ba pele ba neng ba e entse lefatšeng la mehleng ea bona ha ba ntse ba haha boena bo rutiloeng ke Jesu Kreste. Eberhard Arnold bukeng ea hae The Early Christians After the Death of the Apostles o re:

“Tlhompho e lekanang eo ka eona Bakreste ba neng ba nka batho ba bang bohle e le bana babo bona, ba kopanela kahlolong e tšoanang le pitso e tšoanang le ea bona, e felletse ka ho lekana le botsoalle linthong tsohle. Tlhompho ena ea ho lekana e felletse ka tlotla e lekanang ho bohle, tlamo e lekanang bakeng sa ho sebetsa, le monyetla o lekanang bophelong bakeng sa bohle. . . . Tlhomphano eo ho eona Bakreste ba mehleng eo ba neng ba hlomphana ka eona e felletse ka bonngoe ba boahisani, bo neng bo theiloe leratong, motheong o felletseng oa ho lekana tsoalong.”

Ke bopaki bo babatsehang hakaakang bonngoeng bo fanoeng ke Molimo!

Ho Lekana Sehlopheng se Kopaneng

Batho phuthehong ea pele ea Bokreste ba ne ba e-na le matla le litekanyetso tsa tlhaho tse sa tšoaneng. Ba bang e ka ’na eaba ba ne ba le hloahloa ’minong, ha ba bang ba ne ba hopola hamolemo kapa ba e-na le matla ’meleng. Ka ntle le ho se tšoane ho joalo, moea o halalelang o ile oa fana ka limpho tse sa tšoaneng le matla, le hoja tsena li ne li thusana. Ke kahoo Pauluse a neng a ka ngola: “Hobane joale ka ha ’mele o le mong, ’me o e-na le litho tse ngata, ’me litho tsohle tsa ’mele o le mong, leha li le ngata, e le ’mele o le mong feela, Kreste le eena o joalo. Hobane rōna bohle re kolobelitsoe moeeng o le mong, hore re be ’mele o le mong, leha e le ba-Jode, leha e le ba-Gerike, leha e le ba ruiloeng, leha e le ba sa ruoang.” (1 Ba-Korinthe 12:11-13) Bohle e ne e le baboleli, le hoja ho ne ho e-na le ho fapana ho hoholo ka ‘lineo tsa batho,’ joalokaha ba neng ba lisa mohlape ba ne ba hlalosoa joalo ka boprofeta.—Ba-Efese 4:8; Pesaleme ea 68:18.

Balebeli ba ne ba hōlile moeeng, ’me ka Segerike ba ne ba bitsoa e·piʹsko·poi. W. E. Vine ha a ngola ka lereho le amanang le lena e·pi·sko·peʹo (ho lebela), o re: “Lentsoe ha le fane ka maikutlo a ho kena boikarabelong bo joalo, empa ho bo phethahatsa. Hase taba feela ea ho nka boemo, empa ea ho phetha litšoanelo.” Ba neng ba sebetsa le balebeli bana ba khethiloeng e ne e le di·aʹko·noi, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “basebeletsi,” “bahlanka ba sebeletsang,” kapa “badiakone.” W. E. Vine o bolela hore lentsoe lena “haholo-holo le ne le bolela mohlanka, e-bang ke ea etsang mosebetsi o tlaase, kapa e le mohlokomeli ea sebeletsang feela ho sa tsotellehe hore na mosebetsi ke oa mofuta ofe.” Bakeng sa litulo tsena ka bobeli, litokelo tsa tšebeletso e ne e le eona ntho e ka sehloohong. Boemo bo ne bo sa hatisoe, hobane joaloka barapeli ba Molimo ba ne ba lekana ’me e ne e le bahlanka ba oona kaofela.

Le hoja Jesu a khethile banna ba 12 ho ba baapostola ba hae, basali le bona ba ile ba thabela botsoalle le eena. Ba ne ba le mafolo-folo haholo, Maria Magdalena, Johanna, le Susanna e leng bao ba boleloang ka ho khetheha e le ba neng ba sebeletsa Jesu. Basali le bona, ba ile ba amohela limpho tsa moea o halalelang ka Pentekonta ea 33 C.E. Ka hona ba ne ba khona ho bua phatlalatsa ka maleme asele le ho pakela linnete tsa tumelo ea bona ea Bokreste. Leha ho le joalo, bo-khaitseli ba Bakreste, ba ne ba sa etelle pele ho ruteng ka liphuthehong, empa ba ne ba kopanela hammoho le baena ho boleleng phatlalatsa Lentsoe la Molimo.—Luka 8:1-3; Liketso 1:14; 2:17, 18; 18:26.

Hape ka tekanyo e batlang e le ea botho, Bakreste ba ile ba bea mohlala oa ho thusana. Ka mohlala, ha ba neng ba chaketse Jerusalema ba kopana le mosebetsi oa mohlolo oa baapostola ka nako ea Pentekonta ea 33 C.E., ba lula halelele ho feta kamoo ba neng ba rerile ’me ba felloa ke chelete le lijo. Empa tlaleho ea Mangolo e re: “Le hona ho ne ho se motho ea hlokang letho har’a bona; hobane bohle ba neng ba e-na le masimo, leha e le matlo, ba ne ba rekisa ka ’ona, ba tlisa theko ea tse rekiloeng” bakeng sa ho abjoa feela tlas’a tataiso ea baapostola. Ke moea o motle hakaakang, o senolang lerato le ho lekana hoa Bakreste bao ba pele ho ba ntho ea sebele e sebetsang! Ho ne ho ka thoe “lintho tsa e mong le e mong . . . ke tsa bona bohle.”—Liketso 4:32, 34, 35.

Ho Lekana Ho Sebetsang Kajeno

Har’a likarohano le libopeho tsa boahisani tsa lefatše kajeno, ho leka ho etsisa Bakreste bao ba pele ha ho bonolo. Empa ho etsa joalo kamehla e ’nile ea e-ba pakane ea Lipaki tsa Jehova. Hore li bile le katleho e ntle hoa bonahala. Encyclopedia Canadiana e hlokometse:

“Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosa le ho boela li hloma Bokreste ba khale-khale bo neng bo etsoa ke Jesu le barutuoa ba hae nakong ea lekholo la pele le la bobeli la lilemo la mehla ea rōna. . . . Bohle ke baena.”

Feela joalokaha ho etsahetse lilemong tse 1 900 tse fetileng, boena bona ba Bokreste kajeno bo fana ka thuso e sebetsang linakong tsa mathata. Ka Pulungoana 1980, ha libaka tse ling tsa Italy li ne li hlokotsoe ke ho sisinyeha hoa lefatše ho tšabehang, teraka ea pele e laetsoeng thepa e lokiselitsoeng ke Lipaki ea fihla sebakeng se otliloeng hona mantsiboeeng ao. Tlaleho ea molao e baleha tjena:

“Baena ba ile ba hlolloa ke kamoo thuso e hlokahalang e fihlileng ka potlako kateng. Kapele-pele ra hloma kichene ea rōna eo ho eona lijo tse phehiloeng ke bo-khaitseli li neng li abeloa baena letsatsi le leng le le leng. Baahi ba bang ba motse e ne e le hona ba tla fumana thuso ’me ba ne ba etsa hohle ho matleng a bona. Ha e le hantle, baena e ne e se baithati, ’me lijo li ne li arolelanoa le ba bangata bao e seng Lipaki.”

Kamor’a lefu la Morena oa Swaziland Sobhuza II ka Phato 1982, Lipaki tsa Jehova, ka hobane li ne li sa kopanele litšebeletsong tsa moetlo, li ile tsa hlorisoa. Brithani Lipaki tse peli, e mong e le e mosoeu e mong e le e motšo, tsa ikopanya ho ea itlhahisa ka pel’a Lenģosa la Swaziland sebakeng seo ho batla hore ho theoloe boemo. Hoba a mamele ka nakoana, moemeli oa Swaziland a retelehela ho Paki ea motho e motšo, motho ea rutehileng oa boikarabelo, ’me a e botsa: “Uena u beoa ke eng moo?” Karabelo ea re: “Hobane ke amehile ka bophelo ba baena ba ka ba Bakreste naheng ea heno.” Moemeli a ho fumana ho le thata ho utloisisa hore na motho ea tsoetseng pele hakaalo a ka itekanya le Maafrika a phelang naheng eo ho seng le mohla a kileng a e chakela.

Ke hobane’ng ha u sa ee sebokeng Holong ea ’Muso e sebakeng sa heno kapa kopanong e kholoanyane ’me u iponele ka bouena? U tla fumana mokhatlo oo u amohelehang ho oona, ba banyenyane kapa ba baholo, bafutsana kapa barui, hore na u bile le thuto ea koleche kapa ha ua kena sekolo. Bohle ba bitsoa baena kapa likhaitseli, ’me motho ha a lekanngoe ka morabe, semelo, kapa boemo ba bona ba bophelo. E mong le e mong o ananeloa ka botho ba hae ba Bokreste le litšoaneleho tsa hae tsa Bokreste.

Ka baholo le bahlanka ba sebeletsang ba khethiloeng, mohlala oa ho ruta o theiloe sebopehong sa phutheho ea pele ea Bokreste. ’Me liboka li bontša ho lekana, kapa kutloano, lefatšeng ka bophara. Moruti e mong oa kereke ea England o hlalositse:

“Seboka se seng le se seng, hore na se tloaelehile kapa ha sea tloaeleha, ke seboka sa thuto e matla. Litho li lebelletsoe ho lokisetsa bakeng sa liboka tsa tsona tsa Sontaha ka ho bala sehlooho sa Molula-Qhooa, li hlahloba litšupiso tsa Bibele le ho fumana likarabelo bakeng sa lipotso tseo li li tsebang esale pele. Libokeng ka botsona, phutheho e nka karolo ka mokhoa o motle. Li tšehelitsoe ke tsebo ea hore thuto e tšoanang e boleloa hohle lefatšeng ka nako e tšoanang.”

Haeba u nka tokollo ena ea Molula-Qhooa u ee phuthehong ea sebaka sa lōna ka matsatsi a thathamisitsoeng leqepheng la 2, u tla khona ho latela puisano ena.

Hangata lipuisano tse joalo li koahela tšepo ea bao ba ka phuthehong: bophelo lefatšeng la paradeise moo lintoa li tla khaotsa ho ba teng ’me batho ba tla sebelisa litalenta tsa bona mesebetsing e hahang, ka sebele ba thabela “mesebetsi ea matsoho a bona.” Batho bohle ba utloang ba tla phela tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Tlala e tla be e felile ha lijo li fanoa ka bongata li e-tsoa lefatšeng le beang. Mafu a seoa le oona a tla fela, baahi bohle ba lefatše ba thabela ka ho lekanang bohlokoa ba bophelo bo phethahetseng.—Esaia 2:4; 33:24; 65:22, 23; Zakaria 8:11, 12.

E, tšepo ena ea Bokreste ke ea sebele, joalokaha ho le joalo ka tsebo ea hore sebopeho se teng sa phutheho ea Bokreste se tla fetisetsoa lefatšeng la Paradeise. Motheo o tiileng o seng o ntse o raliloe bakeng sa ho tlosoa ho feletseng hoa mekoallo eohle ea lihlopha le ea bochaba o tla atolosoa. Re ka kholiseha joang? Hobane Bibele e profeta hore Bakreste “ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle,” ka nako eo ba tla ntšetsa pele borapeli ba bona ba ’nete ba Jehova Molimo. Ba tla ema ba lekana ka pel’a Hae. Uena le lelapa la hao le ka ba har’a bona.—Tšenolo 7:9, 10.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, u tla hlokomela ho lekana

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela