Na U Lokile Pel’a Molimo?
BATHO ba bangata ha ba utloisise hore potso eo e botsoa ka lebaka lefe. Taba ea bohlokoa ho bona ke hore ba ikutloe ba lokile. Taba e seng e tloaelehile matsatsing ana ke ena, ‘Etsa ntho eo u e ratang.’ E ’ngoe ke ena, ‘U se ke ua ikutloa u le molato.’
Boikutlo bona ha se ba bacha ba seng bakae ba susumelitsoeng ke khopolo ea mehleng ena ea ho etelletsa lithahasello tsa motho ka pele. Ka mohlala, Fora, moo karolo ea 82 lekholong ea baahi e leng Makatholike a kolobelitsoeng, phuputso e entsoeng ka 1983 e senotse hore ke batho ba etsang karolo ea 4 lekholong feela ba amohelang khopolo ea sebe. Ho la United States, lilemo li se kae tse fetileng Ngaka Karl Menninger, ea hlalositsoeng e le “mothei oa thuto ea mafu a kelello Amerika,” a ngola buka sehloohong Whatever Became of Sin? Ho eona o ngotse: “Re le sechaba, re khaolitse ‘ho etsa sebe’ lilemong tse ka bang mashome a mabeli tse fetileng.” ’Me mantsoe a sekoahelo sa buka eo a re: “Lentsoe ‘sebe’ le se le batla le hlakotsoe mantsoeng ao re a sebelisang.”
Ka sebele, kajeno sebe ha se sa tsejoa ke batho ba bangata, hoo esita le ba ipolelang hore ke Bakreste, ba thatafalloang ho hlalosa seo sebe e leng sona.
Lipelaelo tsa Mehleng Ena
Empa ho sa tsotellehe ho nyenyefatsoa ho joalo ha sebe, liphetoho tsa lefatše li entse hore batho ba nahane. Phetoho e ’ngoe ke ho ntšuoa ho hoholo ha limpa linaheng tse ngata tse tsoetseng pele. Linaha tse ling, le hoja e le qhobosheane ea “Bokreste,” li na le melao e lumellang ho ntšuoa ha limpa. Ho bolaoa hona ha masea a mangata a ka popelong ho entse hore batho ba latolang sebe ba fumane ho le thata ho hlalosa sena.
Ka mohlala, ke ka baka la’ng ha basali ba lumelang ho ntšuoa limpa ba ikutloa ba le molato hamorao, esita le ho ikutloa ba kula kelellong? “Liphuputso li bontša hore basali ba bangata ba ntšitseng limpa ha ba phele hantle,” esita le naheng ea bokomonisi ea Yugoslavia. (The New Encyclopœdia Britannica) Moprofesara Henri Baruk, setho sa Lekala la Meriana la Fora, o hlalosa hore phetoho ena e bakoa ke ho hlokomolohuoa ha “molao oa motheo o ngoliloeng lipelong tsa batho bohle.” O ngoliloe ke mang?
Phetoho e ’ngoe ea morao e entseng hore batho ba qale ho nahana ke ho eketseha ha mafu a tšoaetsanang ka ho kopanela likobo. AIDS (Lefu le Amohetsoeng le Senyang Matla a ho Iphekola a ’Mele), ka baka la lipalo tse khōlō tsa ba bolaoang ke Iona, le jalile pelaelo le tšabo har’a batho ba bangata ba neng ba nahana hore ho kopanela likobo le motho e mong le e mong ho ba tlisetsa tokoloho mekhoeng ea khale le e tenang. Liphello tse bohloko tsa “tokoloho” ena ea kopano ea likobo li etsa hore ba bang ba ipotse haeba ba sa amohele ‘kotlo’ ea ketso eo. Ba otloa ke mang?
Likhopotso tsa mehleng ena tse bontšang hore motho a ke ke a hlokomoloha melao e lokileng ea boitšoaro ntle ho kotlo li etsa hore batho ba nang le kelello ba hlahlobe mohopolo oa bona ka sebe le ho ikarabela ha bona pel’a Molimo.
Likereke le Sebe
“Sebe sa lekholong lena la lilemo ke bohlanya.” Polelo eo e matla e boletsoe ke Mopapa Pius XII mathoasong a 1946. Ho hlakile hore lintho li senyehile haholo ho tloha nakong eo. Lengolong la morao la Mopapa John Paul II le buoang ka taba ea sebe le boipolelo, le bitsoang “Poelano le Tšoarelo,” o qotsitse mantsoe a mopapa ea neng a le ka pele ho eena le ho nyatsa ho fifala ha khopolo ea sebe mokhatlong oa kajeno.
Mopapa a hopotsa baprista ba Katholike, le Makatholike kaofela, hore taba ea ho ipolela libe ka sehlopha le ho kōpa tšoarelo, kamoo e etsoang kateng likerekeng tse ngata tsa Katholike kajeno, e fosahetse. O boletse hore ho ipolela ha motho ka mong libe tsa hae “ke tsela e le ’ngoe e loketseng” ea ho amohela tšoarelo ea moprista. Thuto ea Roma e Katholike ea tšoarelo e kopanngoa le mesebetsi e molemo e etsang hore moetsalibe a boelanngoe le Molimo.
Likereke tse ngata tsa Boprotestanta li latola taba ea hore motho a ipolele libe ka sephiring pel’a moprista. Li bolela hore ho ipolela ho Molimo ho lekane bakeng sa tšoarelo ea libe, empa litho tse ling li rata boipolelo le pako tse etsoang “tšebeletsong ea Selallo.” Maprotestanta a mangata a lumela hore tumelo e lekane hore motho e be ea lokileng pel’a Molimo.
Lithuto tsena tse sa lumellaneng tsa likereke tse ipitsang Bakreste mabapi le boipolelo, tšoarelo, le ho beoa ea lokileng pel’a Molimo, li siea batho ba bangata ba tsielehile. Ba ikutloa ba tlameha ho etsa ho itseng hore ba loke pel’a Molimo, empa ha ba tsebe hore na ba etse seo joang.
Sehlooho se latelang se hlalosa lebaka le re tlamang hore re batle ho ba ba lokileng pel’a Molimo, ’me se tla hlahloba maikutlo a Kereke e Katholike le Protestanta tabeng ea “tōkafatso.” Lihlooho tse latelang tse peli li tla hlalosa se rutoang ke Bibele tabeng ea ho lōka pel’a Molimo, le kamoo sena se U amang kateng.