Ho Lōka Pel’a Molimo—Joang?
“GOD ’e say ’im alrite.” Ke kamoo polelo “tōkafatso” e ileng ea ngoloa kateng phetolelong ea morao-rao ea “Testamente e Ncha” puong ea New Guinea Pidgin. Le hoja e ngoloa ka tsela e sa tloaelehang, e fana ka khopolo ea motheo ea polelo e fetoletsoeng e le “tōkafatso,” kapa “ho loka” Libibeleng tse ngata tsa Sesotho, ho Ba-Roma 5:16.
Empa batho ba bang ba re: ‘Ke iphelela hantle. Ke etsetsa ba bang molemo ha ho le matleng a ka. Ke itokiselitse ho teana le Moetsi oa ka.’ Ho bonahala ba nahana hore ho beoa ea lokileng ho bolela ho itokafatsa. Ho ea ka Bibele, thuto ea “ho beoa ea lokileng” e amana le tsela eo Molimo o re talimang ka eona le tsela eo o sebelisanang le rōna ka eona. Jehova ke “’Mopi.” (Esaia 40:28) Ke “Moahloli oa lefatše lohle.” (Genese 18:25) Ka baka leo ha ho letho le ka bang bohlokoa ho feta tsela eo o re talimang ka eona.
Lebaka Leo re TIamehang ho Etsoa ba Lokileng Pel’a Molimo
Bibele e re ka Jehova: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: Ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Jehova ke botho bo phethahetseng ba ho loka. Kaha ke eena ’Mopi le Monei oa Bophelo, o na le tokelo ea ho bea litekanyetso tse ahlolang ntho e lokileng le e fosahetseng. Ntho e lumellanang le tekanyetso ea Molimo e lokile.
Ka hona Molimo o beha letšoao leo libopuoa tsa oona tse bohlale li lokelang ho le finyella haeba li batla ho phela tumellanong le ’Mopi oa tsona. Ho hlōleha ho finyella letšoao leo, kapa tekanyetso, ho hlalosoa e le sebe lipolelong tsa pele tsa Bibele. Ka baka leo sebe ke ho se loke. Ke ho hlōleha ho lumellana le seo Molimo o se hlalosang e le se lokileng le se fosahetseng. Ka baka leo, sebe ke moferefere, ho hloka molao.—1 Johanne 5:17; 3:4.
Jehova “hase Molimo oa mefere-fere, empa e le oa khotso.” (1 Ba-Korinthe 14:33) Mathomong libopuoa tsohle tsa hae tse leholimong le tse lefatšeng li ne li phethahetse. Li ne li neuoe matla a ho ikhethela. (2 Ba-Korinthe 3:17) Li ne li ithabela “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo.” (Ba-Roma 8:21) Ha feela litekanyetso tsa oona tse lokileng li hlonephuoa, bokahohle-bohle bo ne bo tla tlala khotso le taolo. Mofere-fere o ile oa kena bokahohleng ha libopuoa tse ling li hlokomoloha molao oa Molimo, li hlokomoloha puso ea oona e loketseng holim’a tsona, pele ebile leholimong, ’me hamorao ea e-ba lefatšeng. Ba furalla tekanyetso ea Molimo ea se lokileng le se fosahetseng. Ba fosa letšoao ’me ba fetoha baetsalibe.
Ho bile joalo ka batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. (Genese 3:1-6) “Ka baka leo . . . sebe se kene lefatšeng . . . ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle.” (Ba-Roma 5:12) Ho tloha bofetoheling ba bona, sebe “se busitse ka lefu,” kahobane bana bohle ba Adama ‘ba sitiloe ’me ba haelloa’ ke tekanyetso e lokileng ea Molimo. (Ba-Roma 5:21; 3:23) Ka baka leo ho hlokahala hore re be ba lokileng pel’a Molimo.
Pono ea Katholike ka “Tōkafatso”
Likereke tsohle tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li hlokomela hore batho ba lokela ho boelanngoa le Molimo. Leha ho le joalo, thuto ea Katholike le ea Protestanta lia fapana tabeng ena ea ho beoa ea lokileng pel’a Molimo.
The Catholic Encyclopedia e bolela se latelang ka thuto ea Katholike: “Tōkafatso e bolela ho fetoha ha moea oa motho boemong ba sebe sa tšimolohong sa Adama, ’me a fetohela mohaung oa Molimo le ho ba ngoana oa Molimo ka Jesu Kreste, Adama oa bobeli.” A Catholic Dictionary e hlalosa sena: “Mona re bua ka batho ba baholo ba tlosoang lefung le sebeng le ho fetisetsoa mohaung le botsoalleng ba Molimo; ’me ha e le ka masea Kereke e ruta hore a etsoa a lokileng ha a kolobetsoa e seng ka mosebetsi oa oona.”
Ha ho akaretsoa litaba, Kereke e Katholike e ruta hore “tōkafatso” ke ketso ea Molimo eo ka eona motho ea kolobelitsoeng tumelong ea Katholike a etsoang ea lokileng le ho halaletsoa ka mpho ea “mohau” oa Molimo. ’Me ho lōkafatsoa ho joalo ho ka (1) eketsoa ka boiteko ba motho, kapa ka mesebetsi e molemo; (2) ho ka lahleha ka sebe le ka ho se lumele; (3) ho ka fumanoa hape ka ho ipolela sebe le ka tšoarelo. Motheong oa tokisetso ena, Mokatholike ea beoang ea lokileng a ka ipolela libe tsa hae pel’a moprista ’me a amohele tšoarelo. ‘Kotlo leha e le efe e setseng nameng’ kamor’a “tšoarelo” e ka phekoloa ka mesebetsi e molemo kapa e ka hlakoloa ka ho feletseng.a
Pono ea Boprotestanta
Ho rekisoa ha tšoarelo mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo ha khantša hlase ea ho Hlongoa ha Likereke tsa Protestanta. Momonke oa Katholike Martin Luther a hlasela ketso eo mangolong a hae a litlhahlobo a nang le lintlha tse 95 ao a ileng a a khokhothela monyakong oa kereke Wittenberg, Jeremane, ka 1517. Empa ho se lumellane ha Luther le thuto ena ea Katholike ho ile ha teba haholo. Ho ne ho akarelletsa thuto eohle ea kereke tabeng ea ho beoa ha motho ea lokileng. A Catholic Dictionary e tiisa sena ka hore: “Ho se tšoane ha tumelo tabeng ea kamoo baetsalibe ba beoang ba lokile pel’a Molimo ebile mohloli o moholo oa khohlano pakeng tsa Makatholike le Maprotestanta nakong eo ho neng ho Hlongoa Likereke tsa Boprotestanta. ‘Haeba thuto ena’ (ka mohlala thuto ea ho beoa ea lokileng ka tumelo feela) ‘e ne e ka oa, e ne e tla ba ho felile ka rōna,’” ho boletse Luther ho Table Talk.
Luther o ne a bolela eng ka ‘ho beoa ea lokileng ka tumelo feela’? Kaha Luther e ne e le Mokatholike o ne a ithutile hore ho beoa ha motho ea lokileng ho akarelletsa kolobetso, boiteko ba motho, mesebetsi e molemo, le ho tšoareloa ke moprista, ea mamelang boipolelo ba motho, le ho mo behela mesebetsi ea tefetso e akarelletsang boinyatso.
Ha Luther a ntse a leka ho fumana khotso le Molimo, a leka mekhoa eohle ea Roma ea ho lokafatsoa pel’a Molimo, e akarelletsang ho itima lijo, lithapelo le boitlhokofatso, empa tsohle e ne e le lefeela. A sa khotsofala, a bala ka makhetlo a iphetileng mangolo a Lipesaleme le a Pauluse, qetellong a fumana khotso ea kelello ka ho bolela hore Molimo ke oona o beang batho ba lokile, e seng ka baka la mesebetsi ea bona, kapa tšoarelo ea libe kamor’a boinyatso pel’a moprista, empa ka baka la tumelo ea bona e ’notši. A khahloa haholo ke mohopolo ona oa “ho beoa ea lokileng ka tumelo e ’notši” hoo a ileng a ekeletsa lentsoe “’notši” kamor’a lentsoe “tumelo” phetolelong ea hae ea Sejeremane ea Ba-Roma 3:28!b
Likereke tse ngata tsa Protestanta tsa amohela maikutlo a Luther a “ho beoa ea lokileng ka tumelo.” Mohopolo ona o ne o se o builoe ke Jacques Lefèvre d’Étaples, Moprotestanta oa pele oa Lefora. A Catholic Dictionary e akarelletsa maikutlo a tokafatso a Makatholike le Maprotestanta tjena: “Makatholike a talima tokafatso e le tsela eo motho a etsoang ea lokileng; athe Maprotestanta a talima tokafatso e le ho boleloa ha motho a lokile, ka baka la thuso ea e mong—Kreste.”
“Tōkafatso” ea Makatholike kapa ea Maprotestanta ha ea Nepahala
Thuto ea Katholike e eketsa se rutoang ke Bibele ha e bolela hore “motho o etsoa ea lokileng ka sebele” ka mpho ea mohau oa Molimo e amoheloang kolobetsong. Hase kolobetso e hlatsoang sebe sa mathomo, empa ke mali a tšolotsoeng a Kreste. (Ba-Roma 5:8, 9) Ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho etsoa ea lokileng ke Molimo le ho nkoa u lokile. (Ba-Roma 4:7, 8) Mokatholike leha e le ofe ea tšepahalang, ea loanang le sebe, o-oa tseba hore ha a e-s’o beoe ea lokileng ka sebele. (Ba-Roma 7:14-19) Haeba motho ka sebele a lokile, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore a ipolele libe pel’a moprista.
Ho feta moo, haeba thuto e Katholike e sebelisa Bibele, Mokatholike ea khathatsoang ke libe a ka li bolela pel’a Molimo, a kōpa tšoarelo ho oona ka Jesu Kreste. (1 Johanne 1:9–2:2) Ho kena lipakeng ha moprista “ho bea motho a lokile,” ha ho na motheo oa Bibele, joalokaha mesebetsi ea boitokafatso le tšoarelo ea kereke ea libe e se na motheo oa Bibele.—Ba-Heberu 7:26-28.
Khopolo ea Protestanta ea tōkafatso, e hlalosang hore Mokreste o beoa ea lokileng ka sehlabelo sa Kreste, ntle ho pelaelo e batla e iphaphatha le se rutoang ke Bibele. Leha ho le joalo, likereke tse ling tsa Protestanta li ruta hore “ho beoa ea lokileng ka tumelo e ’notši” ho qhelela thoko mabaka a mang a tobileng a fanoeng ke moapostola Pauluse le Jakobo, joalokaha re tla bona hamorao. Boikutlo ba kereke ba moea bo akarellelitsoe ke polelo ena, “hang feela ha motho a pholositsoe o lula boemong boo kamehla.” Maprotestanta a mang a lumela hore ho lekane ho lumela ho Jesu bakeng sa pholoso, ’me ka hona tokafatso e etella kolobetso pele.
Ho feta moo, likereke tse ling tsa Protestanta, le hoja li ruta hore motho o beoa ea lokileng ka tumelo, ke balateli ba thuto ea moprotestanta oa Fora John Calvin hore bophelo ba motho bo reruoe, ’me ka hona ba latola thuto ea Bibele ea hore motho o na le boikhethelo. (Deuteronoma 30:19, 20) Ka baka leo, ho ka boleloa hore khopolo ea Katholike le ea Protestanta tabeng ea tokafatso ha e lumellane ka ho feletseng le Bibele.
Bibele e Ruta Eng?
Bibele e ruta ka “tōkafatso,” kapa tsela eo batho ba ka neoang boemo bo lokileng pel’a Molimo. Pelenyana re bone lebaka le etsang hore re batle ho beoa ba lokileng pel’a Molimo, kahobane kaofela ha rōna ha rea tsoaloa re le bana ba Molimo, empa re le “bana ba bohale.” (Ba-Efese 2:1-3) Hore na e be bohale ba Molimo bo tla lula ho rōna kapa che ho tla itšetleha ka hore na re amohela kapa re hana tokisetso ea oona e mosa ea poelano le Molimo o halalelang, o lokileng. (Johanne 3:36) Tokisetso eo e lerato ke ‘topollo e lefiloeng ka Jesu Kreste.’—Ba-Roma 3:23, 24 bapisa NW.
Moapostola Pauluse o bontšitse hore sehlabelo sa topollo sa Kreste se bula menyetla e mebeli ea tšepo, o mong ke oa “lefatšeng” ha o mong e le oa “maholimong.” O ngotse: ‘Molimo o bone ho le molemo hore botlalo bohle bo lule ho eena [Kreste], ’me ka eena a boelanye hape ho oona lintho tsohle ka ho etsa khotso ka mali ao a a tšolotseng thupeng ea tlhokofatso, ho sa tsotellehe hore na ke lintho tse mona lefatšeng kapa ke lintho tse maholimong.’—Ba-Kolosse 1:19, 20, NW.
Hore motho a amohele e ’ngoe ea tšepo tsena, ho hlokahala hore e be ea lokileng pel’a Molimo, ’me sena se akarelletsa ho fetang feela “ho lumela ho Jesu.” Lihloohong tse peli tse latelang ho tla buisanoa ka hore na ke eng e hlokahalang ho Bakreste ba nang le tšepo ea leholimo le ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le entsoeng paradeise. Bala ho tsoela pele, ’me u se tsila-tsile ho botsa Lipaki tsa Jehova tse u neileng makasine ona hore li buisane le uena lihlooho tsena, le sebelisa le Bibele.
[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka thuto ea Katholike, sebe se akarelletsa molato le mefuta e ’meli ea kotlo—kotlo e sa feleng le kotlo e setseng nameng. Molato le kotlo e sa feleng li tšoareloa ka ho ipolela pel’a moprista le ho amohela tšoarelo. Kotlo e setseng nameng e ka phekoloa ka mesebetsi e metle le litšebeletso tsa tefetso, kapa molato o tla tšoareloa bophelong bo latelang mollong oa pelekatori. Tšoarelo e sa felang kapa e felletseng ea kotlo e setseng nameng e fumanoa ka melemo e fanoang ke Kreste, Maria, le “bahalaleli,” e bolokiloeng “Polokelong ea Matlotlo ea Kereke.” “Mesebetsi e molemo” ea tšoarelo e akarelletsa ho etela sebaka se halalelang kapa ho ntša monehelo oa chelete bakeng sa morero “o molemo.” Nakong e fetileng, ho ne ho bokelloa chelete bakeng sa Lintoa tsa Bolumeli le bakeng sa mehaho ea likereke le lipetlele.
b Luther o ile a belaela bonnete ba tlaleho ea lengolo la Jakobo, a phea khang ka hore khaolo Jas ea 2, e bolelang hore tumelo ba e se na mesebetsi e shoele, ha e lumellane le tlhaloso ea moapostola Pauluse hore motho e ka ba ea lokileng “ka ntle ho mesebetsi.” (Ba-Roma 4:6) O hlōlehile ho hlokomela hore moo Pauluse o ne a bua ka mesebetsi ea Molao oa Sejode.—Ba-Roma 3:19, 20, 28.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 5]
KEREKE E KATHOLIKE e ruta hore tokafatso e etsa hore motho e be ea lokileng ka sebele, empa tokafatso ena e ka lahlehela motho ka baka la sebe kapa e ka hōlisa mesebetsi ea botho
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 6]
MAPROTESTANTA A MANGATA a lumela tokafatsong kapa ho beoa ba lokileng ka tumelo e ’notši, le hore tumelo ho Jesu e tiisa poloko. A mang a lumela hore tokafatso e reriloe
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 7]
BIBELE e ruta hore motho o na le boikhethelo le hore sehlabelo sa topollo sa Kreste se phetlela batho menyetla e ’meli ea tšepo, o mong ke oa leholimo ha o mong e le oa lefatšeng. Menyetla ena e ’meli ea tšepo e akarelletsa ho beoa ea lokileng pel’a Molimo