Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Basamaria ba Bangata Baa Lumela
HA BA khutla Sikare ka lijo, barutuoa ba fumana Jesu a ntse a le selibeng sa Jakobo moo ba mo siileng teng. Empa joale o buisana le mosali oa Mosamaria. Mosali o-oa tsamaea ha barutuoa ba fihla, o siea nkho ea hae ea metsi, ’me o leba motseng.
A thahaselletse lintho tseo Jesu a ’molelletseng tsona ka ho teba, o bolella batho ba motse: “Tlong, le bone motho ea mpoleletseng tsohle tseo ke li entseng.” Joale, e le ka tsela ea ho tsosa khahleho, o-oa botsa: “Na e ke se be ke eena Kreste?” Potso ea phetha morero oa eona—batho ba ea ho ea iponela.
Ho sa le joalo, barutuoa ba khothaletsa Jesu hore a je lijo tseo ba tsoa li lata motseng. Empa o-oa arabela: “’Na ke na le sejo seo ke se jang, seo lōna le sa se tsebeng.”
Barutuoa ba botsana: “Hleka e mong o kile a mo tlisetsa lijo na?” Jesu o-oa hlalosa: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae. Ana ha le re, khoeli li sa le ’ne, ’me etlaba e se e le kotulo?” Empa ha a supa kotulo ea moea, Jesu o re: ‘Ea kotulang o se a ntse a amohela moputso, ’me o bokella litholoana tsa bophelo bo sa feleng.’
Mohlomong Jesu o ne a se a ntse a bona phello e khōlō ea ho paka hoa mosali oa Mosamaria—hore ba bangata ba ne ba lumela ho Jesu ka lebaka la bopaki ba hae. Ha batho ba Sikare ba e-tla ho eena selibeng, ba mo kōpa hore a lule le bona le ho buisana le bona ka ho eketsehileng. Jesu o amohela memo ’me o lula matsatsi a mabeli.
Ha Basamaria ba ntse ba mametse Jesu, ba bang ba bangata ba lumela. Joale ba re ho mosali: “Ha re sa lumela ka baka la polelo ea hao; hobane re ikutloetse, ’me rea tseba hobane enoa ke Kreste ruri, ’Moloki oa lefatše.” Ka sebele mosali oa Mosamaria o fana ka mohlala o motle oa kamoo re ka pakang ka Kreste ka ho tsosa khahleho e le hore bamameli ba ka fuputsa haholoanyane!
Hopola hore ke likhoeli tse ’nè pele ho kotulo—ho bonahala e le kotulo ea harese, e etsoang nakong ea selemo Palestina. Ka hona, hona joale mohlomong ke Mphalane kapa Tšitoe. Hona ho bolela hore kamor’a Paseka ea 30 C.E., Jesu le barutuoa ba hae ba qetile likhoeli tse robeli kapa ho feta Judea ba ruta le ho kolobetsa. Joale ba tloha ba ea naheng ea habo bona ea Galilea. Ke eng se ba emetseng moo? Johanne 4:27-42.
◆ Ke bopaki bofe bo etsoang ke mosali oa Mosamaria hona ka phello efe?
◆ Sejo sa Jesu se amana joang le kotulo?
◆ Re ka lekanyetsa bolelele ba tšebeletso ea Jesu Judea joang kamor’a Paseka ea 30 C.E.
[Setšoantšo se feletseng leqhepheng la 25]