Mopapa le Tšenolo
AVERTING ARMAGEDDON ke sehlooho seo batlalehi ba babeli ba se fileng buka ea bona ea 1984 ka lipolotiki tsa morao-rao tjena tsa bopapa. Gordon Thomas le Max Morgan-Witts ba ’nile ba tlaleha ka mosebetsi oa mopapa ka lilemo tse fetang 17. Ke bohlale bofe boo re ka bo ruang ho bona mabapi le kameho e khōlō ea Kereke e K’hatholike ka tšenolo?
Ho latela batlalehi bana, Mobabatsehi Emery Kabongo, mongoli oa John Paul II, o itse: “Mopapa o tšoana le Mohlabani oa moea ea lekang ho boloka mebuso e meholo e arohane, o leka ho thibela Harmagedone ea nuclear.
Ho bonahala eka baetapele ba kereke ba amehile haholo-holo ka ho timetsoa hoa lefatše ke liketso tsa batho ho e-na le ka ho kenella hoa Mollmo o khethang litabeng tsa batho—phethahatso ea tšenolo eo Bibele e e boletseng e sa le pele. Kahoo, Averting Armageddon e re: “Har’a ba sebetsang le Kabango, ha ho pontšo e bonahalang ea boikitlaetso ea ho leka ho tlosa phethahatso ea tšenolo eo ba e lemohang. . . . Empa ho susumetsang tšebetso ena ke khatello eo ka ho toba e fetisitsoeng ke Lekhotla la machaba la Babishopo. Le ne le ile la etsa qeto e hlokolosi lengoloaneng le neng le bua ka tsela ea boipolao, le hanyetsa ‘leqhooko le kang la ntoa, pefo le bokhukhuni, ho hahoa hoa libetsa tse bolaeang haholo-holo lihlomo tsa nuclear, le khoebo e lihlong ea lihlomo tsohle tsa ntoa.”’ Le mopapa o-oa ameha. Thomas le Morgan-Witts ba tlaleha hore lirakeng tsa libuka kamoreng eo a ithutelang ho eona ho na le libuka tse kang International Defense Review, The Problems of Military Readiness, le Surprise Attack: Lessons for Defense Planning. Baa phaella:
“Ho haufi-ufi le mangolo a potolohang ke libuka tse sebetsanang le sehlooho se pentseng Mopapa: liketsahalo tsa ho qetela paleng ea lefatše, eleng ho ithuta lithuto tsa Bibele tse pheang khang ea hore Mollmo o tla qala ’Muso oa Oona lefatšeng ka letoto la ‘liketsahalo’ ho qetella mehla. John Paul o lumela ntle le tika-tiko . . . hore, mohlomong pele lekholo lena la lilemo le fela, ntho e ’ngoe ea ‘makhaola-khang’ e ka ’na ea fiela lefatše. Na e ka ba mafu a seoa, Lefu la bobeli le tšabehang? Kapa komello kapa tlala ka tekanyo e ke keng ea lekanngoa? Kapa ntoa ea nuclear? Khafetsa ho bonahala a tšaba nuclear; o tsejoa a ’nile a nahana hore mohlomong o beiloe boemong ba ho ba hlooho ea Kereke nakong eo e neng e ka ba leshome la ho qetela la lilemo la lefatše pele le ka ripitloa ke koluoa ea nuclear.”
Averting Armageddon e boetse e lebisa tlhokomelo ho “sesupa nako sa letsatsi la kahlolo” sa tšoantšetso seo kamehla se totobatsoang ho Bulletin of the Atomic Scientists. Ha “sesupa nako” sena se ne se phatlalatsoa ka lekhetlo la pele ka December 1947, se ne se beetsoe metsotso e supileng pele ho har’a khitla ho bontša “kamoo lefatše le neng le atametse Harmagedone ea nuclear ka teng.” Kamor’a tumellano ea phokotso ea libetsa (SALT) ka 1972, manaka a sesupa nako a ile a khutlisetsoa morao ho ea metsotsong e 12 pele ho khitla. Ka 1984 Thomas le Morgan-Witts ba ile ba ngola: “Sesupa nako joale se bala metsotso e meraro feela pele ho khitla. Ena ke nako e haufi-ufi ho feta le ha e le neng pele ho letsatsi la kahlolo ka lilemo tse mashome a mararo.”
Ho sa tsotellehe boiteko leha e le bofe ba mopapa ba “ho thibela Harmagedone ea nuclear,” ka Pulungoana 1985, manaka a ntse a bontšitse hore ho setse metsotso e meraro feela. Leha ho le joalo, a re se keng ra khelosoa ke ho ameha ka hore na lichaba Ii tla timetsa batho kapa che. Ho e-na le ho leka ho qoba phethahatso ea tšenolo, re tla be re le bohlale ha re batla tsela ea Molimo ea ho pholoha phethahatso ea tšenolo, hobane ka sebele ‘e tla hlahela lefatše kaofela.’—Tšenolo 3:10.