Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae
Lebaka la ho Tla ha Jesu Lefatšeng
JOALOKAHA re ithutile tokollong e ka pele ea makasine ona, mohla Jesu a neng a e-na le barutuoa ba hae ba bane Kapernauma, ba ne ba tšoarehile haholo. Pele, o ile a phekola monna ea neng a e-na le modemona synagogeng, joale lapeng ha Petrose a phekola mohoehali oa Petrose, ’me ho fihla mantsiboea batho ba Kapernauma ba ’na ba mo tlisetsa bohle ba kulang hore a ba phekole. Ho ne ho se nako ea ho ikhutsa.
Joale e se e le hoseng ka le latelang. Ho sa ntsane ho le lefitšoana, Jesu o-oa ema ’me o tsoela kantle a inotši. O ea sebakeng se thōko moo a ka rapelang Ntate oa hae a ikhutsitse. Empa boikhutso ba Jesu e-ba ba nakoana hobane ha Petrose le ba bang ba hlokomela hore ha a eo, ba tsoa ho ea mo batla.
Ha ba fumana Jesu, Petrose o re: “Bohle ba u batla.” Batho ba Kapernauma ba batla hore Jesu a lule le bona. Ba ananela seo a ba etselitseng sona! Empa na Jesu o tlile lefatšeng feela ka sepheo sa hore a phekole ka mohlolo? O re’ng?
Ho latela tlaleho e ’ngoe ea Bibele, Jesu o arabela barutuoa ba hae: “A re eeng metseng e re teetseng hare, ke tle ke rute le teng, hobane ke tletse hona.” Le hoja batho ba phehella Jesu hore a lule, o re ho bona: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.”
E, Jesu o tlile lefatšeng haholo-holo ho tla bolela ka ’Muso oa Molimo o tla tumisa lebitso la Ntate oa hae ’me o rarolle ka ho sa feleng maloetse ’ohle a batho. Leha ho le joalo, ho fana ka bopaki ba hore o rometsoe ke Molimo, Jesu o phekola ka mohlolo. Ka tsela e tšoanang, makholo a lilemo pele, Moshe o ile a etsa mehlolo ho paka hore ke mohlanka oa Molimo.
Joale ha Jesu a tloha Kapernauma ho ea bolela metseng e meng, barutuoa ba hae ba bane ba ea le eena. Bana ba bane ke Petrose le ngoan’abo Andrease, le Johanne le ngoan’abo Jakobo. U tla hopola hore, beke pele ho mona, ba ne ba ile ba mengoa hore e be bona ba pele ba sebetsang le Jesu ba tsamaea.
Leeto la Jesu la ho bolela Galilea le barutuoa ba hae ba bane ke katleho e tsotehang! Ha e le hantle, tlaleho e buang ka liketso tsa hae e tuma le ho ea fihla Syria. Matšoele a maholo a tsoang Galilea, Judea le ka mose ho Nōka ea Jordane a latela Jesu le barutuoa ba hae. Mareka 1:35-39; Luka 4:42, 43; Mattheu 4:23-25; Exoda 4:1-9, 30, 31.
◆ Ho etsahala joang hoseng ho latelang letsatsi leo Jesu a neng a tšoarehile ka lona Kapernauma?
◆ Jesu o rometsoe lefatšeng ka lebaka lefe, ’me mehlolo ea hae e sebelelitse morero ofe?
◆ Jesu o ile le bo-mang leetong la ho bolela Galilea, ’me karabelo e bile efe liketsong tsa Jesu?