Tšebeletso ea Bopula-maliboho e Susumelitse Bophelo ba ka
Joalokaha ho boletse Arthur Gustavsson
HOLIMO-LIMO Himalayas e roetseng tlokola ea lehloa, ’nete e fumanoang Lentsoeng la Molimo Bibele ea fihla ho batsoali ba ka, Fred le Amanda Gustavsson. E ne e le ka 1903, ’me ka nako eo ke ne ke le ka pōpelong ea ’mè. Batsoali ba ka ba ne ba etsa eng holimo moo, hōle hakaale le ha habo bona Sweden?
Ka selemo sa 1880 ba ne ba ile ba fallela United States ba e-tsoa Sweden. Ka bobeli ba ne ba lumela ho Molimo ka matla. Ba kopanela le Scandinavian Mission Alliance e Chicago. Kamor’a nako ea koetliso, ba ile ba romeloa e le baromuoa Baltistan, e ka leboea haholo ho Pakistan hona joale. Leha ho le joalo, ba ile ba fumana kapele hore ho thata haholo ho sokollela Masolomane lithutong tsa Bokreste-’mōtoana. Bona ka bo bona ba qala ho belaela hore ka sebele Molimo o ne o ka ba sehlōhō hakaalo hoo o ka ahlolelang batho bao ba mofuthu le ba amohelang baeti kotlong e sa feleng ea mollo oa lihele haeba ba sa sokolohe. Ha baa ka ba hlokomela le hanyenyane hore likelello tsa bona li ne li lokisetsoa ho hong ho molemonyana.
Ha nako e ntse e ja babeli ba amohela buka e tsoang ho motsoalle e mong United States e ileng ea fetola monahano oa bona ka ho feletseng. E ne e le The Divine Plan of the Ages, ea Charles T. Russell, eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower ka nako eo. Ba e bala, ’me ho bile joalokaha eka ho tloha lera mahlong a bona. Ba bona ka ho hlakileng hore moputso oa sebe ke lefu, e seng tlhokofatso ea ka ho sa feleng. (Ba-Roma 6:23) Joale ba ne ba e-na le molaetsa o molemo oa tšepo bakeng sa batho—hore ’Muso oa Molimo o tla fetolela lefatse paradeiseng.
Phetoho ea Thōmo
E ne e ka ba ka nako ena ha ke hlaha Shigar Baltistan. Hamoraonyana khaitseli ea ka Mirjam a hlaha lefatšeng. Batsoali ba ka ba ne ba entse qeto ea hore ba batla ho sebetsa tlas’a tsamaiso ea Mokhatlo oa Watch Tower ho bolela ’nete e ncha eo ba e fumaneng. Leha ho le joalo, maemo a ba qobella ho khutlela Sweden ka 1908. Moo Göteborg ba qala ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’Muso’ e le barekisi ba libuka, joalokaha basebeletsi ba nako e tletseng ba ne ba tsebahala joalo ka nako eo. (Mattheu 24:14) Ka lilemo tse leshome tsa pele, ba akaretsa motse ’ohle ka makhetlo a mararo tšebeletsong ea bona ea ntlo le ntlo. Batho ba bangata ba amohela ’nete.
Ke hopola mofumahali e mong ea bitsoang Hanna Gunnarsson ea ileng a halefa haholo ha ntate a bolela hore Bibele ha e rute hore motho o na le moea o sa shoeng. A re: “Haeba ha re na moea o sa shoeng, joale u ka hla ’na ua ea itihela makoliopong koana!” Ntate ka mosa a bososela feela ’me a mo fa bukana What Say the Scriptures About Hell? Hamorao a fetoha Paki, hammoho le barali ba hae. Ketsahalo eo ea nthuta hore le ka mohla ke se ke ka ferekanngoa—ho sa tsotellehe seo batho ba se buang.
Ha ke le lilemo li leshome, Moena Rutherford a tla Göteborg ho tla nehelana ka puo ea phatlalatsa “Bafu ba Kae?” Nakong ea puo ea hae a re a ka fana ka $1 000 (R2 500) ho mang kapa mang ho bamameli ea neng a ka paka hore motho o na le moea o sa shoeng. Ha ho ea ileng a amohela phephetso eo.
Moea oa Bopula-maliboho Lapeng
Ka baka la mohlala o motle oa batsoali ba ka, kapele ke ile ka susumetsoa ke moea oa bopula-maliboho. Ka qala ho kopanela tšebeletsong ke sa le tlaase lilemong. Ntate o ne a re ke fane ka limemo tse tsebahatsang lipuo tsa phatlalatsa. Ke ne ke thabela hona ’me ka ba le liphihlelo tse ling tse sa tloaelehang. Ka letsatsi le leng ka kena ha tichere ea ka ho ea e memela puo. A hana pampitšana eo ka bohale. Ke ile ka makala hoo ke ileng ka khoptjoa ’me ka theteha litepising. E ne e le thuto ho ’na—ho nthutile hore ke lekanye litaba hantle. Kamehla batho ha ba seo re neng re ka rata hore ba be sona.
Lehae la rōna la tšoana le lelapa la bopula-maliboho, e mong le e mong a phetha mosebetsi oa hae ka botlalo. ’Na le khaitseli ea ka Mirjam re ne re hlokomela bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela o neng o etsoa ke Ntate le ’Mè. Kahoo, ka borōna hangata re ne re ee re hloekise ntlo kaofela ha re khutla sekolong.
Ha ke le lilemo li 16 ka inehela ho etsa thato ea Jehova ’me ka kolobetsoa ka 1919 kopanong Örebro. Selemong se latelang ka memeloa ho ea sebetsa le sehlotšoana sa baena ba robeli ba neng ba tšoarehile ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Sweden. Lilemo tseo tsa tšebeletso ea lekala li ile tsa rala motheo bakeng sa bophelo bo laolehileng le bo mekhoa e metle tšebeletsong ea Jehova.
1914—Selemo se sa Lebaleheng
Ka lilemo tse ngata pele ho 1914, Liithuti tsa Bibele, kaha re ne re bitsoa joalo ka nako eo, li ne li ntse li lebelletse selemo seo e le ntho e ’ngoe e khethehileng. Kaha se ne se tšoailoe boprofeteng ba Bibele, re ile ra lebella liketsahalo tse sa tloaelehang. Ka ho hlakileng ke sa hopola Sontaha sa la 2 Phato, 1914. Ntate o ne a tsamaisa seboka Göteborg ha re utloa ka ntle moshanyana oa litaba a hoeletsa: “Khohlano ea lefatše e qalile!” Baena ka holong ba qala ho shebana. Tse ling tsa lintho tseo re neng re ntse re li bolela ka 1914 li ne li qala ho phethahala.
Selemo sa 1914 se boetse sa bolela ho hong ho Johan Severin Petersson. Pejana khaitseli ea hae Ida e ne e ile ea mo siela libuka tse tharo tsa Moena Russell. A nahana hore li kotsi, kahoo a li chesa. Ida a utloela, ’me ka ho phehella, a mo alima tse tharo hape. Lekhetlong lena a li notlella ka laeng.
Joale Ntoa e Khōlō ea 1914 ea qhoma. Johan o ne a ile a utloela hore libuka tseo li bua ka nako eo. Ka lebaka la tabatabelo, a li khoasolla moo a li patileng teng ’me a li bala. Mahlo a hae a ile a bulehela ’nete ea Bibele, ’me le eena a fetoha Seithuti sa Bibele. A kolobetsoa ka 1917, ’me morali oa hae Rosa a latela mohlala oa hae ka 1918. Ka 1928 ea e-ba mosali oa ka eo ke mo ratang le molekane oa ka bophelong bohle tšebeletsong ea Jehova.
Tseleng ka Litaba tse Molemo
Ha ke nyala, ka tloha ofising ea lekala, ’me ’na le Rosa ra qeta khoeli ea rōna ea pele kamor’a lechato re bula maliboho! Ka khoeli ea rōna ea pele ea bophelo ba lenyalo, ra tsamaisa likopi tse 4 000 tsa bukana Freedom for the Peoples.
Kamor’a likhoeli li se kae, ka kōptjoa hore na nka nahana ka ho tsamaea ke le motsamaisi oa tšebeletso ea libaka, ea tsejoang e le molebeli oa potoloho kajeno. Ho ne ho tla bolela ho etela liphutheho Sweden eohle ’me hamorao e be Norway. Mehleng eno ho ne ho se na litokisetso tsa ho tsamaea le mosali oa hao maetong ana. Ka nako e ’ngoe ke ne ke lokela ho ba sieo hae libeke tse tšeletseng kapa tse supileng, ka phomolo ea matsatsi a seng makae lipakeng tsa leeto ka leng. Ra ikemisetsa ho itela ’me ra tsoela pele joalo ka lilemo tse 14.
Rosa o ne a etsa eng nakong ee? O ne a bula maliboho le khaitseli ea ka Hälsingborg, Sweden. Ba ne ba tlameha ho palama libaesekele haholo mehleng eo hore ba koahele tšimo e nammeng. Empa e re a phete pale eo.
“Ho bula maliboho ka bo-1930 ho ne ho fapane haholo le ho sebeletsa kajeno. ’Na le Mirjam re ne re tloaetse ho hira kamore e nyenyane bakeng sa beke kapa tse peli ha re tloha motseng o mong ho ea ho o mong. Joale re ne re tsamaea ka thoto eohle ea rōna e bofiloe libaesekeleng tsa rōna—liphahlo, lipitsa le mabokose a libuka. E ne e hlile e le pono!
“Ho ne ho se bonolo kamehla ho fumana moo re robalang. Ka tsatsi le leng hoba re arohane, ’na le Mirjam ra kopana ho e ka bang ka hora ea borobeli bosiu.
“Ra tsoela pele ka libaesekele ho ea polasing e hlahlamang moo re ileng ra bona mabone. Eaba re tseba ntlo eo. Ra nyebella lipelo. Batho ba moo ba ne ba hanyetsa haholo ha re ne re ba etetse pele. Ka lekhonono, Mirjam a ea monyako ’me a kōpa boroko. Ho makaleng ha rōna le ho imoloheng ha rōna, mofumahali eo a re kōpa hore re kene ’me re lule fatše. Kamor’a nakoana ra isoa kamoreng e ntlehali, moo ho neng ho tekiloe tafole ka lijo tse ngata. Re ne re sitoa ho kholoa seo mahlo a rōna a se bonang! Hoba re je, ra bontšoa kamore ea boroko moo libethe li neng li alotsoe ka masela a line a matlehali. Re ne re hloletsoe ke boikutlo bona bo fetohileng.
“Hoseng ka le hlahlamang ra fuoa lijo tsa hoseng. Ha re batla ho lefa, ba hana chelete ea rōna. Ra ba botsa hore na re ka ba fa buka e bitsoang Deliverance e le mpho. Ba re, ‘E, re batla buka eno. Moahelani oa rōna o re boleletse hore le ile la mo fa e ’ngoe ha le ne le robetse ha hae. O re boleletse kamoo a e thabetseng kateng.’
“Phihlelo eo ea re ruta hore ha ho mohla u tla tseba hore na ke tholoana efe e tla beoa ke ho tsamaisoa ha buka e le ’ngoe ea Bibele.”
Ho Khomarela Tšebeletso ea Bopula-maliboho
Mosebetsi oa ho tsamaea o ile oa khaotsoa ka nakoana ka 1942, kahoo ’na le Rosa ra boetse ra khutlela bopula-malibohong hammoho hape. Hamorao ntate oa hae a kula, ’me ra tlohela tšebeletso ea rōna ea nako e tletseng ho ea mo hlokomela. Leha ho le joalo, hang ha maemo a re lumella, ra khutlela tšebeletsong ea rōna e ratehang—tšebeletso ea nako e tletseng. Ra ikutloa hore re khutletse sebakeng sa rōna se nepahetseng. Ha re khutlela hae kamor’a tšebeletso e boima ea letsatsi ea boboleli, hangata re ne re ee re re: “Tšebeletso ea bopula-maliboho e tšoanela mahlabelo ’ohle le boiteko bo tsamaeang le oona.”
Ka lilemo tse ngata joale re ’nile ra bula maliboho karolong e ka bophirimela ea Sweden, re sebetsa le Phutheho ea Svenljunga ea Lipaki tsa Jehova. Kaha joale re se re hōlile lilemong, ha re na matla a mehleng ea bocha ba rōna, empa re thabetse ho khona ho tsoela pele maemong a bopula-maliboho. Hona joale ke na le lilemo tse 55 tšebeletsong ea nako e tletseng ’me tsa mosali oa ka li 48. Leha ho le joalo, ha re phelele ho lohotha tsa khale feela, le hoja li re etsa hore re ikutloe re thabile. Ho sa tsotellehe hore na u tsofetse hakae, u tlameha ho talima pele kamehla. Ke takatso ea rōna ka sebele hore e se eka re ka tsamaea ka botšepehi le ka bokhabane le Molimo oa rōna, Jehova, ’me qetellong re bone mahlohonolo a babatsehang a ’Muso oa hae ao re boletseng ka oona tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata hakana.—Mikea 6:8.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
’Na le mosali oa ka re sebelitse hammoho tšebeletsong ea Jehova ka lilemo tse 58