Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 12/15 maq. 4-8
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ketekoa le Bochabela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ketekoa le Bochabela?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea ho Fana ka Limpho
  • Tšimoloho ea Keresemese
  • Leseli la Mangolo Mabapi le Keresemese
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 12/15 maq. 4-8

Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ketekoa le Bochabela?

HO NA le tumelo ea khale ea Bochabela e hopotsang motho ka Santa Claus oa Keresemese. Eo ke tumelo ea Korea ho e mong ea bitsoang Chowangshin, ’me ntho e ’ngoe e tšoanang le eo e ka fumanoa har’a Machaena le Majapane a mang.

Ho ne ho nkoa hore Chowangshin ke molimo ea hlokomelang kichene, molimo oa mollo ea neng a amana le borapeli ba mollo ba Korea ea boholo-holo. (Linakong tsa boholo-holo, Makorea a ne a okha mashala a hlenneng ka hloko, a etsa bonnete ba hore ha a time tseleng.) Ho ne ho lumeloa hore molimo enoa o qeta selemo a ntse a shebile boitšoaro ba litho tsa lelapa, ’me ka mor’a moo o nyolohela leholimong ka ho tsoa le chomeleng ea setofo sa kicheneng.

Ho ne ho lumeloa hore Chowangshin o itlaleha ho morena oa leholimo ka la 23 December. Ho ne ho lebeletsoe hore bofelong ba selemo a khutle ka ho kena le chomeleng ebe o tsoa le setofong, a tlisa meputso le likotlo ho latela boitšoaro ba motho ka mong. Letsatsing leo a khutlang ka lona, litho tsa lelapa li ne li lokela ho bonesa likerese ka kicheneng le libakeng tse ling ka tlung. Litšoantšo tsa molimo ona oa kichene li na le litšobotsi tse ling tse tšoanang le tsa Santa Claus—o ne a bontšoa a apere liaparo tse khubelu! E kile ea e-ba tloaelo hore ngoetsi e etse likausi tsa Korea tsa neano ’me ere ha letsatsi le kena tlung mariha a li nehe ’m’ae matsale. Seo se ne se etsetsoa ho tšoantšetsa takatso ea hae ea hore ’m’ae matsale a phele halelele, kaha matsatsi aa lelefala ka mor’a letsatsi leo.

Na ha u bone ho tšoana ho itseng lipakeng tsa lintlha tse ka holimo le Keresemese? Li na le lipale le litloaelo tse tšoanang: chomela, likerese, ho fana ka limpho, likausi, monna-moholo ea apereng liaparo tse khubelu le letsatsi la mokete. Ho ntse ho le joalo, ho tšoana ho joalo hase hona feela ho ikarabellang ka ho amoheloa habonolo ha Keresemese Korea. Batho ba ne ba se ba sa lumele ho Chowangshin ha Keresemese e qala ho ketekoa Korea. Ha e le hantle, kajeno Makorea a mangata ha a tsebe hore tumelo e joalo e kile ea e-ba teng.

Leha ho le joalo, sena se bontša kamoo litloaelo tse amanang le ho kena tlung ha letsatsi mariha le mafelo a selemo li ileng tsa jaleha hohle lefatšeng ka litsela tse sa tšoaneng. Lekholong la bone la lilemo C.E., kereke e nang le tšusumetso e matla ’Musong oa Roma e ile ea fetola lebitso la Saturnalia, e leng mokete oa Roma oa bohetene oa tsoalo ea molimo oa letsatsi, ’me ea e etsa karolo ea Keresemese. Ho ketekoa ha Keresemese ho ne ho tšoana le ho tsosolosa litloaelo tsa sebaka seo ka lebitso le leng. See se ile sa khoneha joang?

Karolo ea ho Fana ka Limpho

Ho fana ka limpho ke tloaelo e ’ngoe eo ho seng mohla e kileng ea fela. Ka nako e telele, Makorea a ’nile a fumana thabo e ngata ka ho fana le ho amohela limpho. Lena e bile lebaka le leng leo ka lona ho keteka Keresemese ho ileng ha tloaeleha Korea.

Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho masole a United States a neng a emisitse Korea a neng a batla ho matlafatsa likamano tsa ’ona le batho, likereke e ne e le libaka tsa ho kopana le bona le ho ba abela limpho le liphallelo. Sena se ne se etsahala haholo-holo ka Letsatsi la Keresemese. Bana ba bangata ba ne ba e-ea likerekeng ka lebaka la bohelehele, ’me ke moo ba ileng ba fuoa limpho tsa chokolete ka lekhetlo la pele. Joalokaha u ka utloisisa, boholo ba bona bo ne bo lebella Keresemese e latelang ka thabo.

Ho bana ba joalo, Santa Claus e ne e le lesole la Leamerika le roetseng baretlelafa e khubelu. Liproverbia 19:6 e re: “E mong le e mong ke motsoalle oa motho ea fanang.” E, ho fana ka limpho ho ile ha ipaka ho atleha haholo. Empa joalokaha u ka hlokomela temaneng eo, limpho tse joalo ha li tiise hore ho tla ba le setsoalle se tšoarellang. Esita le Korea, batho ba bangata ba ne ba ea kerekeng ha e sa le bana feela bakeng sa ho ea ja chokolete. Leha ho le joalo, Keresemese ha ea ka ea lebaloa. Ha moruo oa Korea o ntse o hōla ka potlako, khoebo e ile ea hōla, ’me ho fana ka limpho ka Keresemese e ne e le mokhoa feela oa ho etsa hore bareki ba reke haholo. Likhoebo li ne li sebelisa Keresemese hampe hore li eketse phaello.

Sena se etsa hore u be le leseli mabapi le Keresemese Bochabela kajeno. Hore batho ba ikakhele ka setotsoana ho rekeng lintho tsa Keresemese, ho etsoa thepa e ncha e rekisoang. Merero ea ho bapatsa thepa e rekisoang e qala bohareng ba lehlabula. Tekanyo ea thepa e rekisoang e fihla tlhōrōng bofelong ba selemo, e eketsoa ke hore batho ba reke limpho, likarete, le lik’hasete tsa ’mino tsa Keresemese. Ka sebele, lipapatso li ne li etsa hore mocha feela ea tloaelehileng a ikutloe a le malimabe haeba a lula lapeng ’me ho hang a sa fumane limpho Bosiung ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese!

Ha Letsatsi la Keresemese le ntse le atamela, mabenkele le litsi tsa mabenkele tsa Seoul lia phethesela ke batho ba leng moo bakeng sa ho reka limpho, ’me ho etsahala se tšoanang metseng e meng ea Bochabela. Sephethephethe sea tšoarelleha. Lihotele, litsi tsa khoebo, libaka tsa ho jela le libaka tsa boithabiso ba bosiu li tlala batho ba sebeletsoang. Ho utloahala meketjana e lerata le ’mino o lerata. Bosiung ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese, ho bonoa banna le basali ba tahiloeng ba tsamaea literateng tse tletseng lithōle.

Ke kamoo ho leng kateng. Bochabela Keresemese ha e sa le letsatsi la phomolo leo ho lona ba ipolelang hore ke Bakreste ba li hulang pele. Ho hlakile hore Korea joaloka libakeng tse ling, khoebo ke eona e bang ka botleng haholo letsatsing lena la phomolo la Bokreste-’mōtoana. Na joale khoebo ke eona feela e molato bakeng sa Keresemese e seng e sa lumellane le moea oa Kreste? Ho hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba fatisise taba e tebileng e amehang.

Tšimoloho ea Keresemese

Phoofolo e hlaha e koaletsoeng ka ntloaneng ea sebaka sa polokelo ea liphoofolo e sa ntse e le phoofolo. ’Me e ne e tla ba phoso e khōlō ho lumela hore e thapile feela hobane e bile ka ntloaneng eo ka nakoana ’me ho bonahala eka e thabile ’moho le malinyane a eona. E ka ’na eaba u utloile litlaleho tsa ho hlaseloa ha basebetsi ba libakeng tsa polokelo ea liphoofolo.

Ka litsela tse ling re ka bua se tšoanang ka ho keteka Keresemese. Qalong e ne e le “phoofolo” e lulang ka ntle ho Bokreste. Tlas’a sehloohoana se reng “Kamano ea Eona le Saturnalia ea Roma,” The Christian Encyclopedia (ea Sekorea)a e hlokomela sena mabapi le Keresemese:

“Saturnalia le Brumalia tsa bohetene li ne li keneletse ka ho teba mokhoeng o tloaelehileng hoo tšusumetso ea Bokreste e neng e ke ke ea o qhelela ka thōko. Ho amoheloa ha Sontaha (letsatsi la Phœbus le Mithras hammoho le Letsatsi la Morena) ke moemphera Constantine . . . e ka ’na eaba ho entse hore Bakreste ba lekholong la bone la lilemo ba be le boikutlo ba hore ho loketse ho etsa hore letsatsi la tsoalo ea Mora oa Molimo le lumellane le la tsoalo ea letsatsi la sebele. Mokete ona oa bohetene o ne o ratoa ka merusu ea oona le ho ithabisa hoo Bakreste ba neng ba thabetse mabaka a hore o tsoele pele ho ketekoa ka ho etsa phetoho e nyenyane mabapi le moea oa oona kapa mokhoa oa ho o keteka.”

Na u nahana hore phetoho e joalo e ne e ka etsahala ntle ho khanyetso leha e le efe? Eona encylopedia eo e re: “Baboleli ba Bakreste ba Bophirimela le ba Bochabela bo Haufinyane ba ile ba ipelaetsa ka tsela e eisehang eo tsoalo ea Kreste e neng e ketekoa ka eona, ha Bakreste ba Mesopotamia bona ba ne ba qosa balumeli-’moho le bona ba Bophirimela ka borapeli ba litšoantšo le borapeli ba letsatsi ka hore ba amohetse mokete ona oa bohetene e le oa Bokreste.” Ka sebele, ho ne ho e-na le ho phoso ho tloha qalong. Encyclopedia ena e re: “Empa mokete ona o ile oa amoheloa ka potlako ’me oa qetella o tiile hoo esita le phetohelo ea Boprostanta ea lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo e sa kang ea o felisa.”

E, mokete oa molimo oa letsatsi, oo e seng oa Bokreste, o ile oa amoheloa ke kereke e laolang. O ile oa fumana lebitso le leng—empa sebōpeho sa oona sa bohetene se ile sa sala. ’Me o ile oa thusa ho kenya bohetene likerekeng tsa Bokreste ka lebitso le ho senya bomoea ba batho. Histori e netefatsa hore ha Bokreste-’mōtoana bo ntse bo hōla, boikutlo ba pele ba ho “rata lira tsa hao” bo ile ba nkeloa sebaka ke ho hlepha ha boitšoaro le lintoa tse mabifi.

Ha nako e ntse e feta, ho ne ho hlakile hore ho sa tsotellehe lebitso la eona le qapiloeng, Keresemese, e ne e bonahatsa tšimoloho ea eona ea bohetene ka meketjana e lerata, ho noa ho tlōlisa, ho ithabisa, ho tantša, ho fana ka limpho le ho khabisa mahae ka lifate tse lulang li le tala. Bakeng sa ho finyella pakane e ka sehloohong ea khoebo—ho rekisa lintho tse eketsehileng—Keresemese e ’nile ea sebelisoa hampe ka litsela tsohle tse ka khonehang. Mecha ea litaba ea e rorisa; ha ho pelaelo hore e etsetsa sechaba ka kakaretso boithabiso. Setsing sa khoebo sa Seoul, lebenkele le rekisang liaparo tsa ka hare feela le ile la hlahella litabeng ka hore le behe sefate sa Keresemese se khabisitsoeng ka liaparo tsa ka hare feela fensetereng ea lona. Moea oa Keresemese o ne o bonahala, empa ho ne ho se na pontšo efe kapa efe ea ho thabela Kreste.

Leseli la Mangolo Mabapi le Keresemese

Re ithuta’ng boitsebisong bo joalo ba histori le liketsahalong? Haeba likonopo tsa hempe kapa tsa bolause li fapantsoe ho tloha qalong, tsela feela ea ho lokisa boemo boo ke ho qala qalong. Na seo hase ’nete? Ho sa tsotellehe ’nete eo, ba bang ba pheha khang ea hore le hoja Keresemese e simolohile borapeling ba letsatsi, Bokreste-’mōtoana bo e amohetse. Ka hona, ba na le boikutlo ba hore letsatsi lena la phomolo le halalelitsoe e le letsatsi la tsoalo ea Kreste ’me le filoe moelelo o mocha.

Re ka ithuta thuto ea bohlokoa ketsahalong ea histori e ileng ea etsahala Juda ea boholo-holo. Ka 612 B.C.E., Bajudea ba ile ba kenya borapeli ba bohetene ba letsatsi tšebetsong ka tempeleng e Jerusalema. Na borapeli bo joalo ba bohetene bo ne bo halalelitsoe ka ho ntšetsoa pele sebakeng se nehetsoeng borapeling bo hloekileng ba Jehova Molimo? Mongoli oa Bibele Ezekiele o ile a ngola tjena ka borapeli ba letsatsi bo neng bo etsoa tempeleng ea Jerusalema: “Bonang! monyakong oa tempele ea Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, ho ne ho e-na le banna ba ka bang mashome a mabeli a metso e mehlano . . . lifahleho tsa bona li lebile bochabela, ba ne ba iname ba lebile bochabela, ba lebile letsatsing. Eaba o tsoela pele ho re ho ’na: ‘Mor’a motho, na u bone see? Na ke ntho e bobebe hakaalo hore ba ntlo ea Juda ba etse lintho tse manyala tseo ba li entseng mona, hore ba tlatse naha ka pefo le hore ba ntšiteloe hape, ’me bona! ba otlollela lehlōmela nkong ea ka?’”—Ezekiele 8:16, 17, NW.

E, ho e-na le ho hloeka, sebōpeho seo sa borapeli ba bohetene se ile sa beha tempele eohle kotsing. Mekhoa e joalo e ile ea tlala hohle Juda ’me e ile ea tlatsetsa ho ateng ha pefo le ho hlepheng ha boitšoaro naheng eo. Hoa tšoana le Bokreste-’mōtoaneng, moo mekhoa e simolohileng borapeling ba letsatsi ba Saturnalia e hlahellang ka Keresemese. Hoa utloahala hore ebe lilemo tse seng kae ka mor’a hore Ezekiele a bone pono eo, Molimo o ile a ahlola Jerusalema—e ile ea timetsoa ke Bababylona.—2 Likronike 36:15-20.

E ka ’na eaba u ile ua utloa tlhaloso ea setsebi sa Korea ea Jesu e monyenyane, e sehloohong se etellang sena pele e qabola. Empa taba ke hore, boitšoaro bo joalo ba motho ea se nang tsebo e nepahetseng ka Kreste bo utloahala haholo. Bo ka ’na ba etsa hore batho ba ketekang Keresemese ba nahane ka ho teba. Hobane’ng? Hobane Keresemese e hlōloa ho emela Kreste ka nepo. Ha e le hantle, e pata seo a hlileng a leng sona hona joale. Jesu ha e sa le ngoana ea ka sejelong.

Khafetsa-khafetsa, Bibele e totobatsa hore hona joale Jesu ke Mesia, Morena ea matla oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 11:15) O itokiselitse ho felisa bofutsana le masisa-pelo tseo batho ba bang ba sa li lebaleng nakong ea Keresemese ha ba ntse ba thusa batho ba hlokang.

Ho bua ’nete, Keresemese ha ea ba molemo linaheng tsa Bokreste-’mōtoana le linaheng tse ling, ho akarelletsa le tsa Bochabela. Ho e-na le hoo, e tlositse tlhokomelo molaetseng oa ’nete oa Bokreste o buang ka ’Muso oa Molimo le bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo. (Matheu 24:14) Re u khothalletsa hore u botse Lipaki tsa Jehova hore na bofelo boo bo tla tla joang. ’Me ho tsona u ka ithuta ka litlhohonolofatso tse sa feleng tse tla latela lefatšeng ka nako eo, tlas’a tataiso ea ’Muso oa Molimo le Morena ea busang, Jesu Kreste.—Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E thehiloe ho The New Schaff-Herzog Encyclopedia of Religious Knowledge.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Keresemese e thusitse ho kenya bohetene likerekeng tsa Bokreste ka lebitso

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Bana ba bangata ba ne ba e-ea likerekeng ka lebaka la bohelehele ’me ba fumana limpho tsa chokolete. Joale ba ne ba lebella Keresemese e latelang ka thabo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bosiung ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese setsing sa khoebo sa Seoul, Korea

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Kreste ha e sa le ngoana empa ke Morena ea matla oa ’Muso oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela